“Hase ’Nete!”
“MOTŠEANONG la 31, 1982, e ne le letsatsi le letle. Le sele le le bohoeng ba ntja, leholimo le le letala, ’me ka nahana hore e ka ba monyetla o motle haholo oa ho hloekisa jarete. Haufinyana re sa tsoa khaola lifate tsa khale le lipalesa, ’me ho ne saletse lithutsoana le makala mohloeng. Joale ka hopola hore motsoalle oa rōna George o na le mochine o hasang moriana o thibelang lehola ’me o ne o tla bebofatsa mosebetsi oa rōna, ka hona, ka mo letsetsa mohala.
“George e ne e le mokhanni oa lifofane ea nang le phihlelo. Kahoo, ha hoa ka ha ’makatsa ha a mpolella hore o tl’o palamisa metsoalle ea hae ’me a botsa haeba nka rata ho fofa le bona. ’Na le mosali oa ka Dianne ra qeta ka hore hona e tla ba khefu e monate kamor’a ho hloekisa jarete. Ra nka morali oa rōna ea lilemo li tharo. Maria, ngoana ea ratehang, le ea bohlale ea mahlo a masootho le moriri o mosootho, o ne a thabile haholo.
“Ha re fihla boema-fofaneng, motsoalle e mong o ne a emetse nako ea ho palama, kahoo, ra kena kaofela ka sefofaneng se lulisang batho ba bane. Ra fofa ka holim’a letša ’me re ea re lebile lithabeng. Ho ne ho le hotle. Ra sheba kantle ’me ra bona libaka tse tloaelehileng tsa naha. Batho ba bang ba ne ba entse pikiniki leralleng. Maria o ne a hlasimolohile. Ha re ea re lebile tlhoro ea leralla, sefofane sa tšoasoa moeeng o matla o se hulelang fatše. Enjine ea tima, ’me sefofane sa oa!
“Seo ke neng ke se nahana e ne e le ho kena pakeng tsa mosali oa ka, ea neng a sikile Maria, ’me a lutse setulong se ka pele. Empa ka hlōleha—sefofane sa thula lehlakore la thaba.
“Ke ile ka leka ho ema, empa ke ne ke sa tsebe le ho sisinyeha. Ke ne ke utloa Dianne a hoa bakeng sa thuso, empa ke ne ke hlōleha ho thusa. Seo ke neng nka se etsa e ne e le ho hoeletsa bakeng sa thuso.
“Qetellong, ha fihla lihlopha tsa batho ba sepetlele ba fanang ka thuso ea tšohanyetso ea meriana, ba re ntša thabeng. Leha re ne re pholohile kotsi ea ho oa ha sefofane, George le motsoalle oa hae ba ne ba shoele.
Kaofela ha rōna re ne re tsoile likotsi tse tšabehang. Maria o ne a tsoile maqeba hloohong le ka hare. Ratsale o ne a imeloa ke bohloko ha a tla betheng ea ka sepetlele ho tla mpolella hore o shoele—e bile tsenene pelong ea ka. ‘Hobane’ng eena? Hobane’ng e se ’na? Hase hantle hore ngoana ea joalo ka eena a shoe,’ ka bua ka pelo. Haeba feela ke sa ka ka lumela ho tsamaea . . .
“Dianne o ne a le bohlokong bo tebileng ka mokokotlo o robehileng. Libeke tse tharo kamor’a kotsi ena, le eena a shoa. Ngoana le mosali oa ka ba hlothotsoe matsohong a ka ke lefu. Ke nahana hore ke lahlehetsoe ke tsohle. Ke ne ke tl’o sala ke phela joang?”—Joalokaha ho boletse Jess Romero, New Mexico, U.S.A.
“Mora oa ka Jonathan o ne a ea Long Island, a etela metsoalle ea hae. Mosali oa ka, Valentina, o ne a sa rate ha a ea moo. O ne a khathatseha kamehla ha a nahana ka sephethephethe sa moo. Empa Jonathan o ne a rata thuto ea motlakase ea electronic, ’me metsoalle ea hae e ne e e-na le sebaka sa ho lokisa mechine moo a neng a tla fumana phihlelo. Ke ne ke le hae Manhattan. Mosali oa ka a etetse habo Puerto Rico.
“Ke ne ke otsela ka pel’a TV. ‘Jonathan o tla tloha a fihla.’ Tšepe ea monyako ea lla. ‘E lokela hore e be ke eena.’ Empa e ne e se eena. E ne e le maponesa le bathusi ba lingaka.
“ ‘Na u tseba lengolo lena la ho khanna?’ ha botsa leponesa. ‘E, ke la mora oa ka Jonathan.’ ‘Re u tšoaretse litaba tse bohloko. Ho bile le kotsi ea ’mileng, ’me . . . mora oa hao, . . . mora oa hao o shoele.’ Karabelo ea ka ea pele e bile, ‘No puede ser! No puede ser!’—hase ’nete!
“Ketsahalo ena e bohloko e ile ea phunya maqeba lipelong tsa rōna ao e leng hona a ntseng a fola, lilemo tse ka bang tse peli hamorao.”—Joalokaha ho boletse Agustín Caraballoso, New York, U.S.A.
“Nako e fetileng Spain ka bo1960, re ne re le lelapa le thabileng—ho sa tsotellehe mahloriso a bolumeli ka hobane re le Lipaki. E ne e le mosali oa ka Maria, le bana ba rōna ba bararo, David, Paquito, le Isabel, ba lilemo li 13, 11, le 9 ka ho latellana.
“Ka letsatsi le leng ka Tlhakubele 1963, Paquito a fihla hae ho tsoa sekolong, a lla ka hlooho e bohloko. Re ne re tsielehile hore na lebaka e ka ba lefe—empa e seng ka nako e telele. Lihora tse tharo hamorao a shoa. Bophelo ba hae ba felisoa ke mali a qhatselihileng bokong.
“Lefu la Paquito le etsahetse lilemo tse 24 tse fetileng. Leha ho le joalo, bohloko bo tebileng ba ho lahleheloa ke eena bo ntse bo le teng ho rōna le kajeno. Ha ho tsela ea hore batsoali ba shoetsoeng ke ngoana ba se ikutloe hore ba lahlehetsoe ke ho hong—ho sa tsotellehe hore na ho fetile nako e telele hakae kapa hore na ke bana ba bakae ba setseng.”—Joalokaha ho boletse Ramón Serrano, Barcèlona, Spain.
Tsena ke tse seng kae tsa liketsahalo tse bohloko ho tse ngata haholo tse hlahelang malapa lefatšeng ka bophara. Joalokaha batsoali ba bangata ba utloileng bohloko ba ka ho pakela, ha lefu le nka ngoana oa hao, ruri ke sera sa ’nete.—1 Ba-Korinthe 15:25, 26.
Empa ke joang batho bana ba utloileng bohloko ba qotsitsoeng ka holimo ba tsebileng ho bo jara? Na bophelo bo tloaelehileng bo tla ba teng kamor’a tahlehelo e joalo? Na ho na le tšepo ea hore re tla bona baratuoa ba rōna ba shoeleng hape? Ha ho le joalo, neng hona joang? Lihlooho tse latelang li tla bua ka lipotso tsena le tse ling tse amanang le tsona.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 3]
The Daily Herald, Provo, Utah