Bach Baa Botsa . . .
Nka Leleka Bolutu ba ka Joang?
NA U khathatsehile ha u tšoaroa ke sefuba? Mohlomong ha ho joalo. Ua tseba hore se tla fola. Empa ho thoe’ng haeba matšoao a sefuba sa hao a sa khaotse? Joale mohlomong u tšoeroe ke ntho e tebileng ho feta sefuba se tlang ho fola, ’me ke hantle ha u amehile.
Ho joalo haeba u ikutloa u le bolutu. Hangata litlhaselo tsa bolutu ke tsa nakoana.a Empa ka linako tse ling bohloko ba bolutu ha bo khaotse. Ho bonahala ho se tsela ea ho bo hlōla.
Ronny, seithuti sa sekolo se phahameng, oa bolela: “E se e le lilemo tse robeli joale ke kena sekolo seterekeng sena, empa nakong ena eohle ha ke e-s’o etse motsoalle lea mong! . . . Ha ho motho ea tsebang kamoo ke ikutloang kateng ’me ha ho motho ea ntsotellang. Ka linako tse ling ke nahana hore nke ke ka hlola ke mamella boemo bona!”—Preparing for Adolescence.
Joaloka Ronny, bacha ba bangata ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ba le seo hangata se bitsoang bolutu ba nako e telele. Mohlomong le uena u utloa bohloko bona bo tepeletsang. Haeba ho joalo, u se felloe ke tšepo. Ke ’nete, bolutu ba nako e telele ha se bohloko bo tloaelehileng. Ke bohloko bo tebileng haholo ho feta bolutu ba nakoana. Ha e le hantle, bafuputsi ba re mefuta ena e ’meli ea bolutu e “fapane joaleka sefuba se tloaelehileng le letsoejana.” Empa joalokaha letsoejana le ka phekoloa, bolutu ba nako e telele le bona bo ka hlōloa. Empa joang?
Haeba ho ba bolutu ke ntho ea ka mehla kapa tsela e bosula ho uena, bohato ba pele ba ho fumana pheko ke ho utloisisa ntho e bo bakang. Morena Salomone oa boholo-holo o ile a hlokomela: “Ea hlalefileng le eena o tla ithuela masene.”—Liproverbia 1:5.
Rhonda ea lilemo li 16 o bontša lebaka le tloaelehileng la bolutu ba nako e telele ka hore: “Ke nahana lebaka la hore ke ikutloe ke le bolutu haholo ke hobane—ha e le hantle u ke ke ua ba le metsoalle ha u itenehela e le uena. ’Me ke nahana hore ha ke ithate haholo.”—Lonely in America.
Bolutu ba Rhonda bo bakoa ke eena. Boikutlo ba hae ba ho ikhalala bo mo sitisa ho bulehela ho etsa botsoalle. Na le na le maikutlo a tšoanang? Mofuputsi e mong o re: “Mehopolo e kang ‘Ha ke motle,’ ‘Ha ke thahasellise,’ ‘Ha ke oa bohlokoa,’ ke lipuo tse tloaelehileng har’a ba nang le bolutu ba nako e telele.”
Hamorao, boikutlo ba ho ikhalala bo ka qetella ka ho tšaba ho lahloa. Steven o sa hopola: “Ke ne ke rata ho bua ka maikutlo a ka a bolutu, empa ke ne ke sa tsebe mantsoe a ho hlalosa sena. Ke ne ke tšaba hore batho ba tla ntšeha kapa ba nkuke ke le motho ea ikhohomosang. Ho ne ho le thata ho ba ea bulehileng.” Kahona, bacha ba bang ba itholela, ebe ba bolaoa ke ho thola. Sena se ka lokisoa joang?
Haha Boikutlo ba Hao ba ho Itlhompha
Senotlolo sa ho hlōla bolutu se itšetlehile ka ho haha boikutlo ba ho itlhompha. Moapostola Pauluse o ngotse: “Ka baka la nèo ea mohau eo ke e neiloeng, ke bolella e mong le e mong oa lōna hore a se ke a ikhōpōla ho feta tekanyo, a mpe a inahane ka mokhoa o lekaneng, ho ea kamoo Molimo a lekanyelitseng e mong le e mong tumelo ea hae kateng.” (Ba-Roma 12:3, TLP; bapisa Mattheu 19:19) Sena se bontša hore mohato oa ho itlhompha ke oa bohlokoa. Ka lebaka leo, Bibele ha e khalemele feela ho ikhopola ka ho fetelletseng empa e boetse e khalemela ho inahana ka ho fokolang.
Jehova o nehile motho litšobotsi tsa bomolimo. (Genese 1:26) Ho isa tekanyong e itseng u na le litšobotsi tsena tse ipiletsang ka hare ho uena. Na u motho ea bonolo, ea ikokobelitseng, le ea lumeloang ho rutoa? Kapa na u motho ea fanang, ea mohau, ea mosa? U se ke ua iphoufalletsa lintho tsena tsa bohlokoa. Mohlomong u ka hōlisa tsebo e ’ngoe le mesebetsi e meng ea bohlokoa. Ke ’nete, ho ka ’na ha ba le lintho tseo u sa li rateng, joaloka ponahalo ea hao. Empa ke hobane’ng ha u itšoenya ka ntho eo u ke keng oa e fetola? Ho e-na le hoo, sebeletsa litšobotsing tse sa lakatseheng tseo u ka li fetolang, joaloka ho hloka mamello, ho halefa, kapa boithati. Nka nako ho hōlisa seo Bibele e se bitsang “botho bo bocha,” bo tšoauoang ka mosa, mohau, le boikokobetso. (Ba-Kolosse 3:9-12, NW) Boikutlo ba hao ba ho itlhompha bo tla hōla!
Ho feta moo, ha u ntse u ithuta ho ithata, ba bang ba tla huloa ke litšobotsi tsa hao tse ipiletsang. Empa joalokaha u bona mebala e felletseng ea palesa ka mor’a hore e bulehe, kahoo ba bang le bona ba ka ananela ka ho feletseng litšobotsi tsa hao haeba feela u ba bulehela. U ka ’na ua botsa, ‘Empa nka etsa seo joang?’
‘Atolohela’ ho ba Bang
‘Keletso e molemo haholo ho motho ea tšoeroeng ke bolutu ke hore a kopane le batho ba bang,’ ho bolela buka ea haufinyana ea Sepetlele sa Sechaba sa Mafu a Hlooho sa U.S. Keletso ena e lumellana le keletso ea Bibele ea ho “atoloha” le ho bontša ho ‘utloelana bohloko’ kapa qenehelo. (2 Ba-Korinthe 6:11-13, NW; 1 Petrose 3:8, TLP) E hlile ea sebetsa. Phuputso e ’ngoe, e hatisitsoeng koranteng ea Adolescence, e senola hore ‘bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba bontšang kameho ka boiketlo ba ba bang ha ba bolutu joaloka bacha ba sa etseng joalo.’ Hobane’ng? Ho tsotella batho ba bang ha ho tlose bolutu feela empa ho susumeletsa ba bang ho bontša thahasello ho uena. Hangata batho ba tla arabela ka ho bontša mosa. (Liproverbia 11:25) Joale, u ka qalisa joang?
Ho Qala ho Nka Mohato
Natalie ea lilemo li 19 o ile a etsa qeto ea hore a ke ke a hlola a itulela feela ’me a emele batho ho mo lumelisa. ‘Le ’na ke lokela ho bontša botsoalle, ho seng joalo batho ba tla nahana hore ke ea ikhopola,’ ho bolela Natalie. Kahoo qalisa ka ho bososela. Motho e mong a ka ’na a bososela le uena.
Mohato o latelang o boima haholoanyane ke ho qalisa moqoqo. Lillian ea lilemo li 15 oa lumela: “Qalong ke ne ke tšaba ho ea ho batho bao ke sa ba tsebeng. Ke ne ke tšaba hore ba ke ke ba nkamohela.” Lillian o qalisa moqoqo joang? O re: “Ke botsa lipotso tse bonolo tse kang, ‘U tsoa kae?’ ‘Na u tseba ’nyeo?’ Mohlomong re tseba motho eo ka bobeli ebe re qalisa ho qoqa.” Ho abelana liphihlelo ho ka boela ha qalisa moqoqo. Anne ea lilemo li 18 oa phaella: “Ha ke qale feela ka ho bua ka ntho eo batho ba tloaelaneng le eona hobane motho e mong a ka tsieleha kapa a tšaba ’me o tla nqoba.” E, ha ho bohlale ho kenella moqoqo li sa tloha feela.
Ho thoe’ng ka linako tse ling ha ho se letho leo u ka le buang? Ka mehla ho na le lintho tseo u ka li etsang. Bibele e bua ka mosali e mong ea bitsoang Dorkase ea neng “a tletse ka mesebetsi e metle” bakeng sa bahlolohali ba hlokang. Ha a shoa, bahlolohali ba ile ba lla ka masoabi. (Liketso 9:36-39) Mesebetsi ea Dorkase e mosa e ile ea mo etsa ea ratehang ho bona. Ka ho tšoanang, liketso tse mosa le moea oa ho fana li tla u thusa ho haha botsoalle ba bohlokoa.
Empa amohela boemo kamoo bo leng kateng. Ithute ho amohela hore batho ba bang ba ke ke ba arabela ha u bososela kapa ha u ba lumelisa ka botsoalle. Boemong bo joalo, batho bao ke bona ba nang le bothata—e seng uena.
Ho Hlōla Mathata
Ho ntse ho le joalo, bacha ba bangata ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ka linako tse ling ba bolaoa ke bolutu. Hopola hore e ka ba ba nakoana ’me bo bakoa ke maemo a fetang matla a hao. Hangata ha nako e ntse e feta u tla a hlōla. Bolutu bo tla fela.
Leha ho le joalo, bolutu ba nako e telele bo hlaha ka hare ’me e ka ’na e-ba bo bakoa ke ho ikhalala. Boemong bo joalo, nka bohato! ‘Fetola monahano oa hao’ ’me u ‘apare botho bo bocha,’ ho bolela Lentsoe la Molimo. (Ba-Roma 12:2, NW; Ba-Efese 4:23, 24, NW) E, haha boikutlo ba ho itlhompha ka ho eketsa litšoaneleho tsena tse ipiletsang tseo u nang le tsona. Etsetsa batho ba bang lintho, ’me hangata ba tla u arabela hantle.
Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na batho ba arabela joang, u ka ba le motsoalle eo le ka mohla a ke keng a u soabisa. Motsoalle eo ke mang? Jesu Kreste o ile a bolella barutuoa ba hae: “Empa ha ke ’notši; hobane Ntate o na le ’na.” (Johanne 16:32) Kamano ena e haufi le Jehova e ile ea matlafatsa Jesu nakong ea boinotši. Le uena Jehova e ka ba motsoalle oa hao ea haufi-ufi. Tseba botho ba hae ka ho bala Bibele le ho hlokomela pōpo ea hae. Matlafatsa botsoalle ba hao le eena ka thapelo. Qetellong u tla hlokomela hore botsoalle le Jehova Molimo ke pheko e molemohali ea bolutu.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Bacha ba Botsa . . . ‘Ke’ng se Etsang Hore ke Ikutloe ke le Bolutu?’” tokollong ea Tsoha! ea July 8, 1987.
[Litšoantšo tse leqepheng la 21]
Ponahalo ea hao e ka ama kamoo ba bang ba ikutloang ka uena