Bolutu—Bohloko bo Siretseng
NA U ka ba khetholla ka har’a letšoele? Na boa bonahala lifahlehong tsa bona? Ha ba u lumelisa, na pososelo ea bona e tla bo koahela? Na u ka bolela ka tsela eo ba tsamaeang ka eona, tsela eo ba emang ka eona? Na u hlokomela monna-moholo ea lutseng a le mong setulong sa sebaka sa ho ikhatholla kapa moroetsana ea lutseng a le mong sebakeng seo ho fumanoang mesebetsi e entsoeng ka bokhabane—na ba hlokofatsoa ke bolutu? Sheba meloko e meraro e emeloang ke ’mè, morali, le setloholo ha ba tsamaea setsing sa mabenkele. Ba bonahala ba hlile ba thabile, empa na u ka kholiseha? Talima basebetsi-’moho le uena. U ka ’na ua ba tseba e le batho ba thabileng ba nang le malapa a tsotellang le ba nang le moputso o lekaneng ho ba phelisa hamonate. Empa, na kannete e mong oa bona a ka re, “Ke jeoa ke bolutu”? ’Me ho na le menyetla efe ea hore ebe mocha eane ea thabileng, ea mahlaha-hlaha o jeoa ke bolutu? Likarabo tsa lipotso tsena li ka u makatsa.
“Bolutu” bo hlalosoa ho Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e le “ho hlahisa boikutlo ba ho tepella maikutlong kapa ho sareloa.” Ke boikutlo ba ho haelloa ke ho hong, ba ho hloka ho itseng ka hare, ’me hase ka mehla bo bonahalang chebahalong ea motho. ’Matlisisi e mong o re: “Sechabeng sa rōna, bolutu ke lekunutu leo re le patang—ka linako tse ling ebile re ipatela lona. Bolutu bo na le sekhobo se tsamaisanang le bona. Ho na le mohopolo har’a batho oa hore ha u jeoa ke bolutu, e tlameha ebe ke molato oa hao. Ho seng joalo, ka sebele u ne u tla ba le metsoalle e mengata, na ha ho joalo?” Ka linako tse ling sena e ka ’na ea e-ba ’nete, haholo-holo haeba re lebeletse kapa re batla ho hongata haholo ho ba bang.
Basali ba Jeoang ke Bolutu
Ho bonahala litsebi li lumela hore basali ba lilemo tsohle—haholo-holo basali ba nyetsoeng—ba lebeletse ho hongata bophelong ho feta banna. Ka ho utloahalang, bahlolohali, basali ba hlaliloeng, le basali ba sa nyaloang ba hōlileng ka linako tse ling ba jeoa ke bolutu. Empa ho thoe’ng ka basali ba nyetsoeng ba nang le malapa bao ho bonahalang eka ba thabile? Ka mohlala, nahana ka sello sena sa tichere ea sekolo e lilemo li 40: “Ha ke na nako ea metsoalle; ke e hloloheloa haholo. Empa ha ke phutholohe le ho rialo. Nka belaela joang ka hore ke jeoa ke bolutu . . . ? Etsoe, ke na le lenyalo le thabileng, bana ba batle, lehae le letle, mosebetsi oo ke o thabelang. Ke motlōtlō ka seo ke se finyeletseng. Empa ho na le se haellang.”
Le hoja basali kannete ba ka rata banna ba bona ’me ba inehela ho bona ’me ba fumana tšoaro e joalo ho balekane ba bona, lerato le joalo ha le hlile ha le khotsofatse litlhoko tsohle tsa bona tsa botsoalle. Tichere ea sekolo e qotsitsoeng ka holimo ea hlalosa: “Le hoja monna oa ka e le motsoalle oa ka e moholo, hoo ha ho hlakole taba ea hore ke hloka metsoalle e molemo ea basali. Banna ba ka utloa, empa basali baa mamela. Monna oa ka ha a batle ho tseba kamoo ke sithabetseng ka teng. O batla ho etsa lintho ka potlako ’me a rarolle bothata. Empa metsoalle ea ka ea basali e tla ntumella hore ke bue ka bona. ’Me ka linako tse ling ke hloka feela ho bua.”
Ha mosali a lahleheloa ke eo a mo ratang ka lefu kapa ka tlhalo, maikutlo a hae a ho sareloa a ka baka kotsi. Bolutu bo ipha matla. Mohlolohali eo ea utloileng bohloko kapa mosali eo ea hlaliloeng o tlameha ho leba lapeng la habo le ho metsoalle bakeng sa tšehetso haesita le ho itšetleha ka matla a hae a ka hare bakeng sa ho ikamahanya le boemo boo bo bocha. Le hoja tahlehelo ea hae ka linako tsohle e tla mo ama, o tlameha ho hlokomela hore e ke ke ea lumelloa ho ba tšitiso ea hore a tsoele pele ka bophelo bo tloaelehileng. Litsebi li fumane hore ba nang le botho bo matlanyana hangata ba ka hlōla bolutu ba bona kapele ho feta ba bang.
Ho na le ho fapana ha maikutlo ka hore na ke mang ea utloang bohloko bo boholoanyane—mohlolohali kapa ea hlaliloeng. Makasine oa 50 Plus o ile oa tlaleha: “Ka linako tsohle ha re memela batho ba hlaliloeng lihlopheng tsa rōna tsa ho tšehetsa bahlolohali, lihlopha tseo ka bobeli li qetella li pheha khang ka hore na bohloko bo boholo ke ba bo-mang. Mohlolohali o re, ‘Hela, bonyane molekane oa hao o sa ntse a phela,’ ha motho ea hlaliloeng a tla re, ‘Hela, ha u e-s’o ka u lahloa ka tsela eo ke ileng ka lahloa ka eona. Ha u na boikutlo ba ho hlōleha.’”
Banna ba Jeoang ke Bolutu
Mabapi le bolutu, banna ba ke ke ba ithorisa ka hore ba matla ho feta basali. Anne Studner, eo e leng setsebi sa lenaneo la Tšebeletso ea Batho ba Bahlolohali ea AARP (American Association of Retired Persons [Mokhatlo oa Amerika oa Batho ba Pensheneng]) o ile a re: “Banna ba sebetsa lintho ka matla ho feta ho li sebetsa ka maikutlo. Basali ba tla bua mocha-o-chele ka taba e itseng, empa banna ba tla leka ho nyala basali ba bang ho e-na le ho sebetsana le bohloko.” Baeletsi ba banna ba ka qeta nako e telele le banna ba utloang bohloko pele butle-butle ba qala ho tšohla maikutlo a bona.
Litsebi li fumane hore, ho fapana le basali, banna ba batla botsoalle le mosali bakeng sa ho phetla lifuba ho feta ba monna. Dr. Ladd Wheeler, setsebi sa bolutu sa Univesithi ea Rochester, o senola hore banna ha ba phetlelane lifuba ka ho tebileng ho lekana hore ba ikutloe ba kopane maikutlong. “Tlhoko ea ho balehela maikutlo a ho arohana a sithabetsang ka mor’a ho lahleheloa ke mosali, le ho qoqa le motsoalle oa mosali ho latelang, ho ka boela ha thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha banna ka tloaelo ba nyala hape ka potlako haholoanyane ka mor’a ho ba bahlolohali kapa tlhalo ho feta basali.”—Makasine oa 50 Plus.
Bacha ba Jeoang ke Bolutu
Ho na le mabaka a mangata a hore na ke hobane’ng ha bana le bacha ba seng ba tiile ba jeoa ke bolutu—hangata e le a tšoanang le a amang batho ba hōlileng. Ho fallela sebakeng se secha le ho arohana le metsoalle; ho lahloa ke ba bang ka tlelaseng sekolong se secha; limelo tsa bolumeli le morabe; tlhalo ka lelapeng; boikutlo ba ho se ratoe ke batsoali; ho se ratoe ke ba bong bo fapaneng—lintho tse joalo li tlatsetsa tabeng ea ho jeoa ke bolutu.
Ba bacha haholo ba hloka motho eo ba ka bapalang le eena. Ba hloka tšehetso ea maikutlo le ho utloisisoa. Ba hloka kameho le tiiso ea hore ke ba bohlokoa. Ba tlameha ho tseba hore ba bang ba tla tšepahala. Ha ba ratoa, ba ikutloa ba sireletsehile ’me ba ithuta ho rata ba bang. Tšehetso ena ea botho e ka hlaha mehloling e fapaneng—lelapeng, ho lithaka, esita le ho liphoofolo tse ruiloeng.
Liithuti tsa ba batona le ba batšehali, ho tloha sehlopheng se tlaase sa sekolo sa mathomo ho isa kolecheng, hangata li jeoa ke bolutu ka tekanyo e tšoanang, hangata bo bakoa ke ho se amoheloe ke lithaka tsa bona. Ngoanana e mong eo e leng seithuti sekolong se phahameng o ile a bokolla: “Ha ke ikutloe hamonate hobane ke jeoa ke bolutu ’me ha ke bue. Ke mamela tichere feela, ke etse mosebetsi oa ka oa sekolo ebe ke phetho. Ha ho e-na le nako eo ke lokolohileng ka eona, kea itulela ebe ke etsa litšoantšo kapa ntho e ’ngoe. Ba bang bohle baa qoqa, empa ha ho ea buang le ’na. . . . Kea tseba nke ke ka lula ke sa bue ka linako tsohle. Hajoale, seo ke sona phetho seo ke se etsang.”
Leha ho le joalo, hase ka linako tsohle molato ka ho loketseng o ka behoang holim’a ho se tsotelle le boikhohomoso ba batho ba bang. Motho a ka ’na a ba le mathata a amanang le boitšoaro kapa a setsoalle, joaloka ho ba lihlong ho feta tekanyo, ea amehang maikutlo habonolo, le ho etsa lintho ka lepotla-potla ntle le ho inahana haesita le ho ba le bothata ba ho tsoella hantle le lithaka tsa hae. Kholofalo e ka boela ea phetha karolo e bohloko ea ho etsa hore bacha ba lilemo tsohle ba jeoe ke bolutu ntle le haeba bacha ba joalo ba le matla ’me ba le botsoalle.
Tlhoko ea ho Ithusa
Morupeli oa tsa bophelo Dolores Delcoma oa Cal State Fullerton o ile a totobatsa ’nete ea sehlooho ha a ne a bua ka boiteko ba motho ba ho loantša bolutu: “Boiteko bo lokela ho tsoa ka hare ho eena. Qetellong o lokela ho hlokomela bothata ba hae hobane ho sa tsotellehe hore na batho ba bang ba leka ho mo thusa hakae, motho feela ea ka mo thusang ho hlōla bothata ba hae ke eena ka boeena.”
Ba ithatafaletsang ho fetoha ba tsebahatsoa ke Dr. Warren Jones e le batho ba hlaseloang habobebe ke bolutu: “Batho bana ntle le ho hlokomela ba etsa lintho tse ba thibelang ho ikutloa ba atamelane le ba bang. Ba bang ha ba tsebe ho mamela, ’me ba bua ba le bang ha ho qoqoa. Ba ba le tšekamelo ea ho tšoaea liphoso tsa ba bang haesita le tsa bona ka bobona; ba botsa lipotso tse fokolang, ’me hangata ba senya setsoalle ka ho bua lintho tse khopo kapa tse khopisang.”
Ho phaella ho ba joalo, bao ha e le hantle ba hlokang boitlhompho, ho na le ba bang ba hlokang bohlale ba botsoalle bo hlokahalang bakeng sa ho sebetsana le ba bang. Mabapi le bao, setsebi sa phekolo ea mathata a kelello Evelyn Moschetta se re: “Batho ba jeoang ke bolutu ha ba ithabele hakaalo. Ka ho lebella ho lahloa ha ba iteke le ho atolosa botsoalle.”
Leha ho le joalo, ho fapana le bohlale bo amoheloang ka kakaretso, babatlisisi ba fumane hore basali le banna ba hōlileng ba jeoa ke bolutu hanyenyane ho feta batho ba bacha. Ha baa kholiseha hore na ke hobane’ng. Ba boetse ba fumane hore ha motho e moholo a jeoa ke bolutu, seo se bakoa haholo-holo ke ho haelloa ke metsoalle ho feta ho hloka beng. “Hase hore likamano tsa lelapa hase tsa bohlokoa ho batho ba hōlileng. Ba ea lelapeng bakeng sa thuso. Empa ba ka ba le lelapa le leholo bakeng sa ho ba thusa, ’me ba ’na ba jeoa ke bolutu haholo ha ba se na metsoalle.”
Tlhoko ea Metsoalle e Haufi
Ho batho ba lilemo tsohle, metsoalle e haufi ka linako tse ling e koala sekheo ho feta kamoo litho tsa lelapa kapa beng ka bona ba neng ba ka ba thusa ka teng. Batho ba hloka motsoalle, motsoalle ea haufi, eo ba ka mo phetlelang sefuba kapa ba itšenola ho eena ba sa tšoha hore ba tla utloa bohloko. Ha motsoalle ea joalo a le sieo, bolutu bo ka eketseha. Mongoli oa meqoqo oa Leamerika Ralph Waldo Emerson o ile a ngola ka motsoalle ea joalo: ‘Motsoalle ke eo ha a le teng nka buang menahano ea ka.’ Motsoalle ea joalo ke motho eo u ka mo phetlelang sefuba ka ho feletseng u sa tšoha hore u tla ekoa kapa u tšohile hore makunutu a hao a tla sebelisetsoa ho u nyenyefatsa kapa ho etsa hore ba bang ba u tšehe. Ba bang bao e ka ’nang eaba u ne u ba nka e le metsoalle e tšepahalang e ka ’na eaba ka linako tse ling ba ile ba soetsa tšepo ea hao, empa ho na le “motsoalle” ea ke keng a “phunya lekunutu la e mong,” eo e leng ea ‘khomarelang motho ho feta ngoan’abo motho.’—Liproverbia 18:24; 25:9.
Ho na le ba ratang ho itlhahisa eka ba thata ha ba hloke motho. Ba ipolela hore ba lokolohile ’me ba ka khona ho iketsetsa lintho. Leha ho le joalo, hangata ba kopana ka lihlopha tsa ba bitsoang ba thata. Bana ba na le mekhatlo, ba aha matloana a mekhatlo, ba theha likenke; bacha ba baholoanyane ba na le likenke tsa lithuthuthu; likebekoa li na le metsoalle e ke keng ea li eka; ba nang le mathata a ho noa ba kena mokhatlong oa Alcoholics Anonymous; ba nang le bothata ba botenya ba kenela Weight Watchers. Batho ba thabela botsoalle ba ba bang; ba bokellana ka lihlopha bakeng sa tšehetso. Esita leha ba e-na le mathata, ba laba-labela botsoalle ba batho ba bang ba nang le mathata a tšoanang. ’Me ka ntsoe leng ba hloile ho jeoa ke bolutu. Ho ka etsoa joang ka bona?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]
“Batho ba jeoang ke bolutu ha ba ithabele hakaalo”