Liphoofolo Tse Hlaha Tsa Afrika Tse Felang—Na li Tla Lula li le Teng?
KE hoseng, tsohle li khutsitse masabasabeng a Afrika. Tlou e tona e ntse e tlarola har’a lihlahla. E ntse e tšephola mokali oa eona o otlolohileng limeleng tse nyenyane le litlama, e li fothola le metso, e li hlohlora lerōle, e li hlafuna ka khotsofalo; e tla ja lijo tsa eona tse boima ba lik’hilograma tse 136. Ha e tsebe, empa e bone lilemo tse 40 li feta e ntse e le masabasabeng ana a joang, meno a eona a maholo a bontša lilemo tsa eona. E ka ’na ea tsoala litlooana lilemong tse latelang tse leshome le ho phela tse ling tse leshome le ho feta moo.
Molumo oa sethunya oa utloahala, oa senya khutso ea hoseng.
Kulo e tsoa sethunyeng se matla; ea kenella hare-hare lephakong la tlou e tsofetseng. Ea bokolla ka mokhoa o sa tloaelehang, ea thekesela e ntse e ferekane joalo, ea leka ho tsamaea, empa likulo tse ling tse ngata tsa boela tsa fihla. Qetellong ea khumana ka mangole ’me ea oa. Ha fihla teraka e nyenyane, ’me sehlopha sa banna se qalisa mosebetsi ka thabo. Ba tlepola sefahleho sa tlou hampe ho fumana manaka a eona ho tloha metsong ea ’ona e lehateng ’me ba a ntša ka potlako. Ka ho panya ha leihlo litsomi tse tlōlang molao li se li ile. Ha boela ha khutsa masabasabeng. Tlou e tsofetseng e kileng ea ikhantša e boima ba lik’hilograma tse 6 300, e siiloe moo hore e bole.
Ho soabisang, ketsahalo ena hase e tšohang e entsoe. Ho lekanyetsoa hore litlou tse bolaoang selemo le selemo ke litsomi tse tlōlang molao li pakeng tsa 45 000 le 400 000. Liithuti tsa liphoofolo tse hlaha li bontša hore palo eohle ea litlou tsa Afrika e fokotsehile ho tloha ho limillione ho ea ho liphoofolo tse ka bang 900 000. Haeba mokhoa oo e seng oa molao o tsoela pele ka sekhahla se joalo, palo eo e tla fokotseha ka lehare nakong ea lilemo tse leshome tse tlang. Ha litlou tse tona le manaka a tsona li fela, ho thunngoa litlooana tse tona le tse tšehali.
Hobane’ng ha li bolaoa? Khoebo ea Afrika ea liranta tse limillione tse 100 ka selemo, e khemang le ho fumanoa habonolo ha lithunya, e entse hore litlou e be liphofu tsa litsōmi tse tlōlang molao.
Litšukulu tsa Afrika li kotsing ho feta leha e le neng pele. Ka ho tsongoa haholo hohle lekholong la lilemo le fetileng, palo ea tsona e theohetse ho ekabang likete tse lekholo. Kajeno, li lekanyelitsoa ho tse 11 000 feela. Pakeng tsa 1972 le 1978, litšukulu tse 2 580 li bolailoe selemo ka seng; liithuti tse ngata tsa tlhaho li re li tla be li felile ka selemo sa 2000.
Ke hobane’ng ha li bolaoa? Chelete ke lebaka le ka sehloohong: Lenaka la tšukulu le ka bitsa liranta tse fetang 22 000 k’hilogramo e le ’ngoe. Le rekisoa e le phofo Bochabela bo Hōle bakeng sa moriana oa hlooho le feberu, le hoja liteko li bontša hore ha e phekole mafu ao. Thekiso e khōlō ea lenaka la tšukulu e Yemen Leboea, moo banna ba bacha ba barui ba lakatsang hoba le thipa e nang le mofeng oa lenaka la tšukulu—le hoja lenaka la khomo le ne le ka etsa mosebetsi o tšoanang.
Holimo lithabeng tse thuntšang seretse se chesang tsa Rwanda le Zaire, esita le morung o haufi le Bwindi oa Uganda, ho phela li-gorilla tsa lithabeng. Palo ea tsona e fokotsehile haholo. Hona joale ho setse tse ka bang 400 feela morung. Hobane’ng? Li bolaoa ke litsomi tse tlōlang molao bakeng sa ho fumana botumo ba ho tsoma. Hlooho ea gorilla e ka rekisoa ’marakeng o sa lumelloang ka molao ka theko e fihlang ho liranta tse 2 400 bakeng sa ho khabisa lebota, letsoho la eona le ka rekisoa ka liranta tse 1 200 bakeng sa ho etsa sejana se tšelang molora oa sakarete!
Phoofolo e lebelo ka ho fetisisa lefatšeng cheetah, ho nahanoa hore le eona e se e tla fela. Ho setse feela tse ka bang 20 000 morung. Boramahlale ba tsoela pele ho hlokomelisa hore malinyane a tsona a hlaha ka thata, ’me a shoa ka potlako e khōlō. Kahoo, li kotsing haholoanyane ka lebaka la khatello ea bolulo bo fokotsehang.
Ha e le hantle, bolulo ba liphoofolo tse hlaha tsa Afrika bo fana ka mathata a maholo. Ka mohlala, ha tlou e ka fula polasing e nyenyane e ka ’na ea felisa lijo tseo molemi a neng a tšepile ho phela ka tsona. Hape, haeba litlou tse ngata li koalloa serapeng sa liphoofolo tse hlaha ho sireletsa masimo a rapolasi, li ka fetola meru ea serapa seo lehoatata ka lebaka la mekhoa ea tsona ea ho fula. Kaha litlou li thibetsoe hore li se fetele pele, meru ha e na monyetla oa ho hōla.
Liithuti tsa paballo ea tlhaho, bahlokomeli ba lirapa tsa liphoofolo tse hlaha, le boramahlale kaofela ba entse mosebetsi o babatsehang le ho sebetsana le mathata ana ’me ba atlehile boitekong ba bona. Ka mohlala, moraonyana tjena palo ea litšukulu tse tšoeu e ka ba lekholo feela Afrika Boroa. Mehato e matla e ile ea nkuoa ho li sireletsa, ’me hona joale palo ea tsona e ka ba 3 000.
’Me kotsi ha ea talimana feela le litšukulu tsa Afrika le liphoofolo tse hlaha tsa Afrika empa, le liphoofolo tsohle tse hlaha lefatšeng lohle. Bobeli litlou le litšukulu Asia li kotsing e khōlōanyane ea ho bolaoa kaofela ho feta tsa Afrika tseo ho buuoeng ka tsona mona. Ho tšoenyang haholo, liphuputso li bontša hore mofuta o le mong oa liphoofolo o shoa ka ho feletseng letsatsi le letsatsi. Tlaleho e ’ngoe e bontša hore mahareng a joale le bofelong ba lekholo lena la lilemo, liphoofolo li tla fela ka lebelo la phoofolo e le ’ngoe ka hora!
Na re ka mamella ho lahleheloa ho tjee? Na ’maraka oa litlhoko tsa sebele tsa batho, kapa tse inahaneloang, o ka lokafatsa tšenyo e joalo e sa khaotseng?