Bana ba se Nang Mahae—Na ho na le Tharollo?
BATHO bao ka sebele ba tsotellang batho hammoho le bona ha ba batle ho tela joaloka hoja ha ho letho le leng le ka etsetsoang bana ba se nang mahae. Ba hlokomela hore bana ba sollang literateng ba hloka ho fetang bolulo. Bana ba hōla hantle ha ba na le khotso ea kelello, mosebetsi o thabisang, bophelo bo botle, le boikutlo ba ho itšepa. Banna le basali ba inehela ka ho hloka boithati lithahasellong tsa bana ba se nang mahae, ’me seo ke se babatsehang haholo. Empa ho sa tsotellehe boiteko ba bona, bothata ba bana ba sollang literateng bo ntse bo tsoela pele.
Lebaka ke hore tsamaiso ea hona joale e hōlisang mathata a hlahisang bana ba se nang mahae e ke ke ea lokisoa. E tšoana le koloi e senyehileng hoo e ke keng ea lokisoa. Na ha rea lokela ho hlokomela hore boiteko ba motho a le mong bo ke ke ba tlisa mokhatlo oa batho o nang le toka?
Leha ho le joalo, ka thabo ho ka ba le phetoho—empa e seng ka matsoho a motho. Ke Molimo o Matla ’Ohle feela o nang le matla le bohlale ho felisa lintho tsohle tse utloisang bohloko lefatšeng. Lentsoe la ’ona, Bibele, le re bolella ka tsamaiso ea ’ona ea ’Muso oa leholimo le kamoo e tlang ho finyella takatso ea motho bakeng sa toka le maemo a lokileng mona lefatšeng.—Daniele 2:44.
Molimo oa Tsotella
Na u nahana hore Molimo o tla felisa tsamaiso ea joale ea lintho le ho tlisa tsela e ncha ea bophelo? Haeba ho joalo, hopola hore ha ho amehe feela pholoho ea motho, empa ka holim’a tsohle, ho ameha lebitso la Jehova Molimo. Joaloka ’Mōpi ea nang le mohlala o phahameng ka ho fetisisa oa tlhophiso le nako, o re tiisetsa hore ka nako e loketseng ka ’Muso oa hae o tla nka bohato. Ha e le hantle, ’Muso oo ha se ntho ea lefeela empa ke ’muso oa leholimo, o tsebang ho fana ka taolo le tataiso e tsoelang pele bakeng sa ho sebelisana le litlhoko tsa motheo tsa batho.—Esaia 48:17, 18.
Ngoana ea se nang lehae a ka nahana ka mantsoe a Davida ho Pesaleme ea 27:10: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.” Hape ke ho khathollang ho tseba hore bofutsana ha bo etse hore motho a se tšoanelehele ho ithuta thato ea Molimo. Liproverbia 22:2 ea bolela: “Morui le mofumanehi ba khahlana hammoho; ea ba entseng ba babeli ke Jehova.” E, batho ba malimabe, haeba ba tšepahala, ba ka kholiseha hore Jehova Molimo o ikemiselitse ho ba thusa.—Pesaleme ea 10:14, 17.
Jehova o thahasella boiketlo ba rōna ’me o tseba kamoo a ka khotsofatsang takatso ea rōna ka tsela e loketseng. Ka nako e ’ngoe o kile a botsa Baiseraele ka moprofeta Esaia: “Ho itima lijo hoo ke ho ratang, na hase . . . hore u abele ea lapileng bohobe ba hao, u amohele mofutsana ea toailang tlung ea hao na?” (Esaia 58:6, 7) Ena ke tokelo le toka tseo Molimo o tla li tlisa ka ’Muso oa ’ona. Ha ho motho ea tla hlokomolohuoa kapa a tšoaroe joaloka hoja a sa phele. Kahona, Pesaleme ea 145:19 (TLP) ea re bolella: “O phetha litakatso tsa ba mo tšabang, o utloa sello sa bona, ’me oa ba pholosa.” Lerato ho Molimo le motho e tla ba matla a susumetsang a tlamang lelapa la motho. Ka lebaka leo, bothata ba bana ba se nang mahae bo tla rarolloa. Ha ho motho ea tla tlohelloa feela!
Na ho se Phethahale ha Motho ho Tla Sitisa Morero oa Molimo?
Che, tšekamelo ea motho e mpe e ke ke ea lumelloa ho sitisa morero oa Jehova oa ho fetola lefatše hore ebe paradeise ea thabo. Ba nang le monyetla oa ho phela lefatšeng le lecha la Molimo, ebang ba pholoha ntoa ea Armageddone, joalokaha e hlalosoa ka Bibeleng, kapa ebang ba tsositsoe bafung ho tla phela hape lefatšeng, ba tla khothalletsoa ho etsa sohle se molemohali seo ba ka se khonang.—Johanne 5:28, 29; Tšenolo 16:14, 16.
Ha ho motho ea arabelang hantle ea tla fumana mosebetsi oa hae o se na litholoana. Mosebetsi oa hae e tla ba o putsang ka ho loketseng. Ka kōpo, hlokomela tšepiso ea Molimo: “Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tsoala bana ’me ba lahleheloa ke bona kapele; hobane e tla ba leloko le hlohonolofalitsoeng ke Jehova, ’me bana ba bona ba tla ’ne ba lule le bona.” (Esaia 65:22, 23) Na uena le lelapa la hao le tla bona ho phethahala ha mantsoe ao? Ke thabo e kaakang ho tseba hore nakong eo ha u sa tla fumana tlala, bofutsana, ho hloka mosebetsi, kapa bana ba se nang mahae!
Ntle ho pelaelo, batho ba sotloang ke mahlomola joaloka bana ba se nang mahae, ba tla thabela ka ho feletseng litlhohonolofatso tsa lelapa le thabileng la motho le lehae le thabisang. Ho joalokaha re bala ho Esaia 65:17: “Tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong.” Batho ba nang le monyetla oa ho phela nakong eo ba tla bona hore maemo a bohloko a felile ka ho sa feleng le hore batho ba lichaba tsohle, lipuo, le merabe ba tla be ba sebetsa hammoho ka boena bo lerato. Ntle ho pelaelo, malapa a tla pholoha nakong eo a tla tsoela pele ho tlotlisa Molimo. Pesaleme ea 37:11 e re ka lefatše leo la Paradeise: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”
U ka Itokisetsa Bokamoso Boo Joang?
Esita le hona joale, ho bonolo ho fumana tsebo e phelisang le ho hlaolela litšobotsi tse lakatsehang joaloka lerato le mosa. Joang? Jehova o rata lelapa la motho, ’me ka Mora oa hae, Jesu Kreste, O ‘tlisa batho ho Kreste’ ka ho ikopanya le Lentsoe la Hae le batho ba Hae. (Johanne 6:44) O boetse o na le mokhatlo o hlophisitsoeng lefatšeng o nang le lenaneo le rutang le ka u thusang ho etsa thato ea Molimo e le hore u ka lebella bokamoso bo thabileng le bophelo bo nang le morero ka ho sa feleng. Ke ka hona litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li bolelloang batho ba hlokang. (Mattheu 24:14) Lentsoe la Molimo le re: “Ea nyelisang oa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ea leng molemo ho mofutsana.” (Liproverbia 14:21) Ke ho futhumatsang pelo ho tseba hore esita le batho ba malimabe ba ka atamela Molimo haeba boikutlo ba bona bo nepahetse. Mopesaleme o ngotse: “Ha e le ’na, ke mofumanehi le mosenyi; Molimo, u mphakisetse! U thuso ea ka le mopholosi oa ka! Jehova, u se ke ua lieha!”—Pesaleme ea 70:5.
E, Lentsoe la Molimo le ka u neha tšepo ea sebele ea bokamoso. Leha ho le joalo, tšebeliso e tloaelehileng ea lentsoe “tšepo” ha se ka mehla e bolelang ntho e kholisehileng. Brazil hangata motho o utloa maele ana: “A esperança é a última que morre” (a tšoanang le maele a Senyesemane “Tšepo e hlōma ka mehla”). Moelelo oa polelo ena ke hore tšepo e lula e le teng le hoja ho bonahala ho se motheo. Empa ho fapana le hoo, Mangolo a fana ka mabaka a sebele a ho ba le tumelo e matla ho Molimo le ho tšepa litšepiso tsa hae. Rea bala ho Ba-Roma 10:11 (NW): “Ha ho motho ea theang tumelo ea hae ho oona ea tla soabisoa.” Tšepo e joalo e theiloeng Bibeleng e ke ke ea lebisa pherekanong. Joalokaha lintho tse hlollang tsa lefatše la rōna e le tsa sebele, li tiisa bohlale ba Jehova le lerato, kahoo ho phethahala boprofeta ba Bibele bo u lumellang ho ba le pono e ntle, pono ea sebele ka bokamoso.—Ba-Roma 15:13.
’Muso oa Molimo ke tharollo ea sebele bakeng sa bana ba se nang mahae, e, ho bohle ba ratang se nepahetseng. Tsebo e nepahetseng ea Bibele e tla u nolofalletsa ho thabela khotso le bophelo bo sa feleng lefatšeng la Molimo le lecha. Tebello ea litšepiso tsena ha se toro. Ho joalokaha Liproverbia 11:19 e bolela: “Ho loka ha sebele ho isa bophelong.”
[Lebokose le leqepheng la 11]
Na ke Tharollo ea Nakoana?
Letsoho le otlolotsoeng la ngoana oa mokopa-kopa ea se nang lehae le ka ama pelo habohloko. Empa batho ba amehileng ha ba tsebe kamoo ba ka thusang ngoana ea se nang lehae. Hore ba ikutloe ba se na molato haholo, batho ba bang ba akhela licheletana li se kae letsohong la ngoana ebe ba tsamaea ka potlako. Leha ho le joalo, ho na le menyetla e fokolang ea hore chelete ea thuso e tla sebelisetsoa ho reka lijo kapa bolulo. Ho e-na le hoo, e ka qetella e rekile lithethefatsi kapa joala. Ka lebaka leo, batho ba baholo ba thahasellang boiketlo ba sechaba ba fana ka tlhokomelo ea bona esita le chelete mananeong a mekhatlo e tšehetsoang ke ’muso eo ba ikutloang hore e tla thusa bana ba se nang mahae. Batho ba bang ba lumela hore mokhoa o sebetsang haholo ke ho lebisa ngoana ea se nang lehae mokhatlong o nepahetseng bakeng sa thuso. Ka tsela ena, baahi ba amehileng ba ikutloa hore ba leka ho etsa sechaba sa bona e be se nang le botho haholoanyane.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
‘Ba ke ke ba hloma merara, osele a ja litholoana tsa eona.’—Esaia 65:22
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto ea FAO
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
“Hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate.”—Esaia 65:22