Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 11/8 maq. 3-4
  • Ke Mang ea Fumanang Ngoana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Fumanang Ngoana?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa ea Batsoali!
  • Toka ka Lekhotleng la Linyeoe?
  • Tokelo ea Molao ea ho Hlokomela Ngoana Pono e Leka-lekaneng
    Tsoha!—1997
  • Ho Sebeletsa Lithahasello Tse Molemohali Tsa Ngoana oa Hao
    Tsoha!—1988
  • Tokelo ea Molao ea ho Hlokomela Ngoana Bolumeli le Molao
    Tsoha!—1997
  • Ke’ng se Molemong oa Ngoana?
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 11/8 maq. 3-4

Ke Mang ea Fumanang Ngoana?

HA Paul a ntse a emetse nako ea hae ea ho kena ka lekhotleng le chesang la linyeoe, New Hampshire, U.S.A., mala a hae a hatsela. Libeke pelenyana, mosali oa hae o ne a nkile ka mahahapa bana ba sisang pelo hae. Paul o ne a sa ikemisetsa ho tela bana ba hae ba lilemo tse 7 le 13 a sa loana.

Qetellong, ntoa ea hae lekhotleng la linyeoe e ne e se e le haufi le ho fela. “Kaofela ke ho hloka toka,” ho nahana Paul ha moahloli a ntse a etsa qeto nyeoeng e ’ngoe kamor’a e ’ngoe. “Moahloli enoa, motho osele, o etsa qeto ka hore na bana ba ka ba tla lula kae.”

Paul le mosali oa hae ba ne ba le har’a banyalani ba 1 187 000 ba hlalaneng ka 1985 U.S. Ena e ne e le palo e imenneng ka makhetlo a mararo ho ea 1960. Leqhubu le phahamang la litlhalo ha lea lekanyetsoa United States feela empa le lefatšeng lohle. Hoo e ka bang ho tloha ka karolo ea 15 ho ea ho 20 lekholong ea litlhalo e kopanyelletsa ho loanela tokelo ea molao ea ho nka ngoana lekhotleng la linyeoe. Tabeng ea Paul, o ne a hlaha a sa tsoa hlaha lekhotleng la linyeoe. Bora ba hōla. “Ka letsatsi le leng ka lekhotleng la linyeoe ha ke ntse ke nahana ka taba tsena, ke ikutloile eka ke tla hlanya ’me ke qale ho hulanya batho. Ke ne ke nyahame haholo,” ho hlalositse Paul.

Ka lehlohonolo, Paul o ile a laola maikutlo a hae. Leha ho le joalo, lihlooho tsa litaba li bolela ka polao le ho holofatsoa tse entsoeng ka lebaka la ntoa ea tokelo ea molao ea ho nka ngoana. Ke ka lebaka la’ng ha linyeoe tsena hangata li fetoha likhohlano tse bohale hakaale?

Ntoa ea Batsoali!

Melao e mabapi le ho neoa tokelo ea ho nka bana e fapana ho ea ka libaka lefatšeng lohle. Linaheng tse ngata tsa Bophirimela ’mè le ntate ba na le litokelo tse lekanang ka pel’a lekhotla la linyeoe. Lekhotla la linyeoe lilemong tse leshome tsa haufinyana, ha le etsa qeto hore na ke mang ea fumanang ngoana, le hatelletse “lithahasello tse molemohali tsa ngoana.” Sena se lumella motsoali ka mong ho khotsofalla hore ke eena ea tšoanelehang hamolemo bakeng sa ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana.

Leha batsoali ba bang ba loanela lithahasello tsa bana, ba bang ba susumetsoa ke khalefo le lehloeo ho molekane oa pele. Ngoana o fetoha “sesebelisoa sa ho qetela se bohloko” seo ka sona motsoali a ntšetsang khalefo kapa ho nyahama ho sona. Joaloka ha moahloli e mong a boletse, bana ba ka fetoha “libolo tsa maoto ho khotsofatsa boikutlo ba ‘Ke tla u bontša’ boo hangata bo tletseng ka ho banyalani ba nang le lehloeo.”

Batsoali ba bang ba bile ba inkela molao matsohong. Taba ea hore motsoali a nke ngoana ka mahahapa e fetohile bothata ba machaba. Ho ea ka litekanyetso, ho na le linyeoe tse joalo tse likete tse lekholo United States selemo se seng le se seng! Lekhotla le leng le fumane hore palo ea linyeoe tsena e imenne habeli lilemong tse hlano pele ho 1983. Hangata bana ba utloa bohloko maikutlong. Bukeng ea hae Children in the Crossfire, Sally Abrahms oa bolela: “Ho utsoa bana ke bohloko ba Lilemo tsena tsa Bo-mashome a Robeli.”

Toka ka Lekhotleng la Linyeoe?

Ho tloha mehleng ea boholo-holo, batsoali ba ipilelitse ’musong ho kenella litsekisanong tse joalo tsa ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana. Morena ea bohlale Salomone o hopoloa ka qeto ea hae e tsebahalang haholo ea ha a ne a lokisa tsekisano ea tokelo ea molao ea ho nka ngoana pakeng tsa bo-’mè ba babeli. (1 Marena 3:16-28) Empa ho sebelisa “sabole ea Salomone” ka katleho ha ho bonolo ho baahloli kajeno.

Ha lelapa le senngoa ke tlhalo ’me batsoali ba batla ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana, lekhotla la linyeoe le lokela ho etsa qeto. Baahloli ba nahanela lintho tse kang matla a ho nahana a motsoali ka mong, litakatso tsa ngoana, boleng ba botsoalle pakeng tsa motsoali ka mong le ngoana, le matla a bona ka bomong a ho fana ka tikoloho e sireletsehileng.

Leha ho le joalo, mabakeng a mangata ngoana o batla ’me o hloka botsoalle bo mofuthu ba batsoali ka bobeli. Ka lebaka leo, sepheo sa makhotla a mangata a linyeoe ke “ho tiisetsa bana ba nyenyane ka kamano e haufi-ufi le e tsoelang pele le batsoali ka bobeli.” Nyeoeng e boletsoeng pelenyana, moahloli o ile a hlokomela hore “bophelo ba Paul bo theiloe baneng ba hae,” ha mosali oa hae eena a rata ho “qeta nako ea hae lebenkeleng la lijo a bua le ’m’ae le metsoalle.” Paul o ile a fuoa tokelo ea molao ea ho nka bana. Ho ntse ho le joalo, hore bana ba hloka ’m’a bona ho ile ha hlokomeloa ka hore a fuoe “tokelo e lokolohileng ea ho eta.”

Leha ho joalo, morao tjena ho na le tšekamelo e mpe e hlahileng. Ho hlōla nyeoe, baahloli ba bang ba fetoletse litsekisano tsa tokelo ea molao tsa ho nka ngoana litsekong tsa bolumeli. Ketso ena e sa lumellaneng le litekanyetso tsa boitšoaro e fapositse makhotla a mang a linyeoe tšebetsong ea ’ona ea ’nete ea ho lebisa tlhokomelo lithahasellong tse molemohali tsa ngoana. Ho e-na le hoo, baahloli ba ikentse bothateng ba ho etsa kahlolo motheong oa bolumeli e leng taba e hōle le lekhotla la linyeoe. Empa liphello ke life?

Barati ba bang ba litokoloho tsa sechaba ba lumela hore ho kenella ha litaba tsa bolumeli litsekisanong tsa ho neoa tokelo ea molao ea ho nka ngoana ho bea litokelo tsa ngoana e mong le e mong le tsa motsoali kotsing. Kaha malapa a mangata a tla senngoa ke tlhalo kapa karohano lilemong tse tlang, bophelo ba hao bo ka ameha.

[Lebokose le leqepheng la 4]

United States, malapa ’ohle a nang le bana a etsang karolo ea 40 lekholong a ka angoa ke tlhalo kapa karohano lilemong tse leshome tse tlang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela