Basali ba Shapuoang—Ho Hlahloba se Etsahalang Lekunutung
HO SHAPA basali ke ketsahalo e tloaelehileng ka ho makatsang. Makasine Psychology Today e tlaleha hore “mosali a le mong ho ba 10 o tla hlaseloa ha bohloko (a shapuoe, a rahuoe, a longoe kapa ho feta moo) ke monna oa hae neng-neng nakong ea lenyalo.” Selemo hamorao makasine Family Relations o bontšitse hore bothata bo ne bo ntse bo eketseha, o bolela hore “mosali a le mong ho ba babeli United States o tla latsoa pefo ea lapeng.” Canada, ho ea ka tlaleho ea 1987, mosali a le mong ho ba leshome o tla shapuoa. Linaheng tse ling litekanyetso li batla li tšoana.
Ramolao e mong oa setereke sa New York o fana ka bopaki bo eketsehileng bothateng bona bo hōlang ba ho shapuoa ha basali. “Pefo e etsoang ho basali e eketseha ka sekhahla bathong ba Amerika. FBI e lekanyelitse hore mosali a le mong oa shapuoa metsotsoaneng e meng le e meng e 18, le hore basali ba ka bang limillione tse 6 ba shapuoa selemo le selemo.” Ho fumanoe hore “ho shapuoa ha basali ho ba ntša likotsi tse ngata ho feta basali ba batlang phekolo ka baka la mefuta eohle ea ho betoa, litlhaselo le likotsi tsa makoloi ha li kopane.” Basali ba ka bang 4 000 ba bolaoa selemo le selemo.
Haeba ho shapuoa ha mosali e le lekunutu la lelapa le hlokometsoeng hantle, batho ba leng haufi-ufi le monna ea shapang mosali joaloka, metsoalle ea hae ea hloho-ea-khomo, basebetsi ’moho, kapa litho tsa lelapa tse sa luleng lapeng, li ke ke tsa ’melaella e le monna ea shapang mosali. A ka ’na a sebetsa hantle mosebetsing oa hae le har’a batho, ’me hangata lithaka tsa hae li mo talima e le mohlala o motle. Banna ba bangata ba shapang basali baa itsamaela ha ho loanoa bareng, seterateng, kapa mosebetsing. Ba bangata ba ka ba ba thusa motho e mong ea hlokang.
Leha ho le joalo, ho balekane ba bona ba lenyalo, ntho e nyenyane feela e ka etsa hore ba phasolohe ka bohale—lijo tse sa phehoang ka nako, mofuta o fosahetseng oa lijo, moaparo oa mosali oo a sa o rateng, ho shebella ha mosali ntho e ’ngoe thelevisheneng ha eena a batla ho shebella ho hong. Phuputso ea Brithani ea basali ba shapuoeng ke banna e senola hore karolong ea 77 lekholong ea ba hlasetsoeng, ba loanne pele ba pheha khang. Litlaleho li bontša hore maemong a mangata ho shapuoa ha basali ho bakoa ke “ntho e fokolang e kang ha mosali a pshatlile mothoebe oa lehe kapa a entse moriri joaloka mohatla oa pere.”
Monna e mong ea neng a shapa mosali oa hae o lumetse hore “o ile a halefa hobane mosali oa hae o ne a apere liaparo tsa ho robala.” Ho ‘halefa ha hae’ ho ile ha etsa hore a mo rahe ho tsoa betheng le ho otlanya hlooho ea hae haholo fatše hoo a ileng a tsoa kotsi ea ho sisinyeha boko. Mosali e mong ea ileng a tšoaroa hampe ea ileng a mamella ho shapuoa ka lilemo tse ngata o re: “Boemo bo joalo bo ka bakoa ke ho lebala [ha ka] ho beha ntho e ’ngoe e itseng tafoleng nakong ea lijo tsa motšehare.”
Mosali e mong ea nang le lilemo tse tharo le halofo a le lenyalong o lekanyetsa hore o shapuoe ka makhetlo a 60 lenyalong la hae. O re, “Monna oa ka o ne a sa rate metsoalle ea ka. Butle-butle ka khaotsa ho e bona.” Qetellong mosali a khaotsa ho bona ba habo hobane monna a ne a sa ba rate. Oa hlalosa, “ha ke ne ke leka ho ba letsetsa mohala, ho ne ho lekane hore ebe lebaka la ho nkotla.” Mosali e mong ea tšoeroeng hampe o itse: “Qetellong ke ile ka mo botsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke lokela ho e etsa—seo ke lokelang ho se pheha bakeng sa lijo tsa motšehare, le tsela eo ke lokelang ho beha thepa ea ntlo ka eona.”
Liphuputso li bontša hore ho shapuoa ha basali ho ka ’na ha etsahala ka phirimana, bosiu, kapa ka mafelo-beke. Ka lebaka leo, basebetsi ba sepetlele ba lefapha la likotsi mohlomong ba ka kopana le mosali hoba a otloe haholo ho feta ngaka ea hae. Hangata maqeba ao basali ba shapuoeng hampe ba batlang phekolo ho ’ona a kopanyelletsa ho tsoa mali, haholo-holo maqeba a hlooho le sefahleho. Likotsi tsa ka hare li tloaelehile—likotsi tsa boko, meropa ea tsebe e nang le masoba, haholo-holo haeba mosali e le moimana o tsoa likotsi mpeng. Hangata molaleng ho bonahala mengoapo e hlakileng ea ho khangoa. Maemong a mangata, masapo a pshatlehileng a lokela ho lokisoa—mehlahare, matsoho, maoto, likhopo, le masapo a sephaka. Bahlaseluoa ba bang ba ka ’na ba romeloa litsing tsa batho ba cheleng bakeng sa ho phekoloa maqeba a ho chesoa ka metsi a belang kapa asiti.
Mongoli e mong ha a bua ka banna ba shapang basali o itse: “Banna bana ba sehlōhō e le kannete. Ba notlella basali ka likamoreng tsa bona, ba ba roba masapo, ba ba holofatsa. Ba ba seha ka lithipa, ba etsa liteko tsa lithethefatsi ka bona, ba ba otla ka litebele sefahlehong, mpeng, le sefubeng. Ba ba supa ka lithunya—’me ba ba bolaea.” Ho na le litlaleho tsa basali ba tlamelloang ka liketane libetheng tsa bona, ho ntšuoa lithapo tsa motlakase koloing hore e se ke ea luma, litšoso tsa ho bolaea mosali le bana haeba a leka ho baleha. Masisa-pelo ana ha a fele.
Ho phaella ho hlokofatsoa ’meleng, e leng ho ka etsahalang hangata, ho na le litšoso le liqoso, mabitso a somang, ho tepella maikutlong, ho phofa, le ho hlobaela.
Ke monna oa mofuta ofe ea ka hlokofatsang molekane oa hae oa lenyalo hakana—mosali eo hangata a bolelang hore oa mo rata ’me a ke ke a etsa letho ntle ho eena? Nahana ka boitsebiso ba hae sehloohong se latelang.
[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 25]
Bothata ba ho shapuoa ha basali bo tšela meeli eohle, ea thuto, kahisano, le moruo. Har’a batho ba merabe eohle, ba lichaba tsohle, ba bolumeli boo e seng ba Bokreste esita le ba “Bokreste” ho na le batho ba shapang basali. Ke lingaka, babuelli ba molao, bo-rakhoebo, baahloli, mapolesa, le batho feela. Ba kopanyelletsa banna ba amohelang chelete e ngata le ba iketlang.