Ha Pefo e Hlasela Lelapa
“Pefo e etsoang ke batho—ho sa tsotellehe hore na ke tlelapa kapa ho sutumetsana, ho hlabana ka lithipa kapa ho thunyana—e etsahala hangata tikolohong ea lelapa ho feta kae le kae sechabeng sa rōna.”—Behind Closed Doors.
TSAMAEA ho theosa le seterata sefe kapa sefe sa Amerika. Lelapeng le le leng ho a mang le a mang a mabeli, ho tla ba le pefo ea mofuta o itseng e etsahalang bonyane hang selemong sena. ’Me lelapeng le le leng ho a mang le a mang a mane, pefo e tla etsahala khafetsa. Ka puo e sa tobang, ba bangata ba tšabang ho tsamaea literateng bosiu ba kotsing e khōloanyane lapeng.
Empa pefo ea lelapa ha e etsahale Amerika feela. E etsahala lefatšeng lohle. Ka mohlala, Denmark lipolao tse peli ho tse tharo li etsahala ka lapeng. Lipatlisiso tse etsoang Afrika li bontša hore karolo ea 22 ho isa ho ea 63 lekholong ea lipolao tsohle tse etsahalang li etsahala ka lapeng, ho latela naha ka ’ngoe. ’Me Latin America batho ba bangata, haholo-holo basali, baa nyelisoa, baa shapuoa, kapa hona ho bolaoa ke linatla tsa banna.
Canada basali ba ka bang lekholo ba bolaoa ke banna ba bona kapa balekane bao ba lulang le bona bao molao oa sebaka seo o ba nkang e le banna ba bona. United States, moo palo ea baahi e menang ea Canada haleshome, selemo le selemo basali ba ka bang 4 000 ba bolaoa ke banna ba bona ba ba hlekefetsang kapa linyatsi. Ho feta moo, selemo se seng le se seng bana ba ka bang 2 000 ba bolaoa ke batsoali ba bona, ’me batsoali bao palo ea bona e lekanang le eona eo ba bolaoa ke bana ba bona.
Kahoo, lefatšeng lohle, banna ba shapa basali ba bona, basali ba shapa banna ba bona, batsoali ba shapa bana ba bona, bana ba hlasela batsoali, ’me bana baa befelana. Buka When Families Fight ea tiisa: “Ho halefa le pefo e ngata ka ho fetisisa eo batho ba baholo ba tobanang le eona bophelong ba bona e tsoa ho motho eo ba amanang ka mali kapa e lebisoa ho eena, ’me khalefo eo e matla haholo ho feta eo ba tobanang le eona kamanong leha e le efe e ’ngoe.”
Litho tsa Lelapa Lia Loana
Tlhekefetso ea molekane: Ke hangata haholo banna ba talimang lengolo la tumello ea ho nyala joaloka tumello ea ho shapa basali ba bona. Le hoja basali ba shapa banna, hase hangata kotsi e bang khōlō joaloka e etsoang ke banna ha ba shapa balekane ba bona. Makasine oa Parents oa tlaleha: “Karolo e ka holimo ho 95 lekholong ea liketsahalo tsa tlhekefetso e [mabifi] ea balekane e amana le ho shapuoa ha mosali ke monna.”
’Muelli oa molao oa seterekeng sa New York oa bontša: “Pefo khahlanong le basali ke seoa sechabeng sa Amerika. FBI e hakantse hore . . . basali ba ka bang limillione tse 6 baa shapuoa selemo le selemo.” Le hoja lenane la liketsahalo tsena le fapana naheng ka ’ngoe, litlaleho li bontša hore ho shapuoa ha batho ba batšehali ke ba batona ke seoa linaheng tse ngata haeba e se ho tse eketsehileng.
Ho hakanngoa hore United States “mosali a le mong ho ba 10 o tla hlaseloa (a otloe, a rahuoe, a shapuoe kapa a hlaseloe ka tsela e mpe ho feta moo) ke monna oa hae ka matla neng-neng nakong ea lenyalo la hae.” Ha maemo a sa tebang hakaalo a kenella, makasine oa Family Relations o bontša hore “mosali a le mong ho ba babeli United States o tobana le pefo ea lelapa.”
Ha e le hantle, ’muelli oa molao oa seterekeng sa New York o bolela hore ho fumanoe hore “ho shapuoa ha basali ho ba ntša likotsi tse ngata tse batlang phekolo ho feta tseo ba li bakeloang ke liketsahalo tsohle tsa ho betoa, litlhaselo le likotsi tsa makoloi li kopane.”
Dr. Lois G. Livezey oa bontša: “Ho hlakile hore pefo e etsoang khahlanong le basali le pefo e ka har’a malapa ke ntho e tloaelehileng, le hore baetsi ba eona . . . ke batho feela ba tloaelehileng. . . . Ke bothata bo tebileng har’a mefuta le merabe eohle ea batho.”
Ka linako tse ling bahlaseluoa ba ipeha molato bakeng sa tlhekefetso, ho fellang ka hore ba ikhalale. Makasine oa Parents oa hlalosa: “Mosali ea sa itšepeng ’me a ikhalala o ipepesetsa tlhekefetso. . . . Mosali ea hlekefetsoang o tšaba ho rera le ho etsa lintho ka tsela e tla mo tsoela molemo.”
Pefo ea lenyalo le eona e na le liphello tse kotsi ho bana. Ba ithuta hore pefo e ka sebelisoa bakeng sa ho tlatlapa batho ba bang e le hore ba ka finyella morero o itseng. Bo-’mè ba bang ba bile ba tlaleha hore bana ba bona ba sebelisa litšoso khahlanong le bona, tse kang, “Ke tla susumetsa Ntate hore a u shape,” e le hore ba ka fumana seo ba se batlang.
Tlhekefetso ea bana: Selemo le selemo bana ba limillione ba tobana le khalemelo e ka ba ntšang likotsi tse tebileng, ea ba holofatsa kapa ea ba bolaea. Ho hakanngoa hore tlhekefetsong e ’ngoe le e ’ngoe e tlalehiloeng, tse 200 ha lia tlalehoa. Buka Sociology of Marriage and the Family ea bolela: “Ho bana, hangata lelapa ke sebaka se kotsi ka ho fetisisa hore motho a ka ba ho sona.”
Moprofesa oa univesithi John E. Bates o bolela hore tlhekefetso ke tšusumetso e matla ka ho fetisisa ea lelapa e amanang le hore na ngoana o itšoara joang hamorao bophelong. Dr. Susan Forward o re: “Ke fumane hore ha ho ketsahalo e ’ngoe ea bophelo e sokelang boitlhompho ba batho kapa e etsang hore ba sekamele ho beng le mathata a maholo a maikutlo nakong eo ka eona e bang batho ba baholo.” Matšoao a ho itšoara ka tsela e mabifi maemong a thata a ka hlokomeloa esita le ho bana ba lipakeng tsa lilemo tse ’nè le tse hlano. Ha ba ntse ba hōla, bana ba joalo ba kenella haholoanyane tšebelisong e mpe ea lithethefatsi, bokhobeng ba tahi, tlōlong ea molao, ho ferekana kelellong le ho lieha ho hōla.
Hoa utloahala hore bana ba bangata ba hlekefetsoang ba koetlela motsoali ea ba hlekefetsang bohale, empa hangata ba halefela le motsoali ea sa ba hlekefetseng ka baka la ho lumella pefo hore e tsoele pele. Ka kelellong ea ngoana, motsoali ea bonang hore baa hlekefetsoa empa a sa etse letho ho thibela sena a ka ’na a talingoa e le ea sebelisanang le ea mo hlekefetsang.
Tlhekefetso ea batho ba hōlileng: Ho hakanngoa hore karolo ea 15 lekholong ea batho ba hōlileng ba Canada ba hlekefetsoa ’meleng le kelellong ke bana ba bona ba baholo. Ngaka e ’ngoe e ile ea bolela esale pele hore “boemo bona bo ka mpefala ha baahi ba bangata ba hōla, ’me meroalo ea bana ba bona ea litšenyehelo tsa chelete le ea maikutlo e hōla.” Tšabo e tšoanang e teng lefatšeng lohle.
Hangata, batho ba hōlileng ba lesisitheho ho tlaleha tlhekefetso. Mohlomong ba phelisoa ke motho ea ba hlekefetsang ka hona ba khetha ho tsoela pele ba phela tlas’a maemo a tšosang. “Nakong e tlang” ke karabo eo mosali e mong ea hōlileng a neng a fana ka eona ka linako tsohle ha a botsoa hore na o tla tlaleha mora oa hae le ngoetsi ea hae ho ba boholong neng. Ba ne ba mo shapile haholo hoo a ileng a qeta khoeli sepetlele.
Ho hlekefetsana ha bana ba motho: Ona ke mofuta o leng teng oa pefo ea lelapa. Ba bang ba etsa hore e be ntho e tloaelehileng ha ba re: “Ena ke tsela e tloaelehileng eo batho ba batona ba itšoarang ka eona.” Leha ho le joalo, phuputso e ’ngoe e senotse hore palo e ka holimo ho halofo ea bana ba motho e entse lintho tse tebileng ka ho lekaneng hore motho ea li entseng a ka ahloloa joaloka motlōli oa molao haeba lintho tse joalo li ne li entsoe ho motho e mong ea ka ntle ho lelapa.
Ba bangata ba na le maikutlo a hore ho hlekefetsana ha bana ba motho ho ba ruta tsela eo lintho li etsoang ka eona ho fihlela e e-ba batho ba baholo. Ho ba bang ho ka etsahala hore e be tšusumetso e khōlō bophelong ba bona ba nako e tlang lenyalong ho feta pefo eo ba kileng ba e hlokomela pakeng tsa batsoali ba bona.
Lebala la Ntoa le Kotsi
Mofuputsi litabeng tsa molao o kile a hakanya hore mapolesa a bitsetsoa ho sebetsana le liphapang tsa malapa hangata ho feta liketsahalo tsohle tsa tlōlo ea molao li kopane. Hape o ile a bolela hore mapolesa a mangata a ile a bolaoa ha a ne a arabela likōpo tsa ho ea lokisa bothata bo itseng ka lapeng ho feta ha a arabela kōpo ea mofuta ofe le ofe. Lepolesa le leng le itse: “Bonyane tabeng ea masholu a hlometseng, ua tseba hore u lokela ho lebella eng. Empa ha u kena ka tlung ea motho e mong . . . Ha u tsebe se ka tlohang sa etsahala.”
Ka mor’a phuputso e pharaletseng ea pefo ea lelapa, sehlopha se seng sa bafuputsi sa Amerika se ile sa etsa qeto ea hore, ka ntle ho masole nakong ea ntoa, lelapa ke karolo ea sechaba e mabifi ka ho fetisisa e leng teng.
Ke’ng se bakang pefo ea lelapa? Na e tla ke e fele? Na le ka mohla e ka lokafatsoa? Sehlooho se latelang se tla hlahloba lipotso tsena ka ho teba.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
“Pefo khahlanong le basali ke seoa Sechabeng sa Amerika.”—’Muelli oa molao oa setereke
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
“Ho bana, lapeng ke sebaka se kotsi ka ho fetisisa seo motho a ka bang ho sona.”—Sociology of Marriage and the Family