Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 12/8 maq. 10-12
  • Lithethefatsi—Na ho na le Tšepo Leha e le Efe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithethefatsi—Na ho na le Tšepo Leha e le Efe?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa ea Tlhahiso ea Lithethefatsi e Hlōlehile
  • Na ho li Fokotsa ke Karabo?
  • Moo Tšepo e Leng Teng
  • Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
  • Lithethefatsi Mathata a Eketseha
    Tsoha!—1988
  • Ho Tšoasa Lefatše ka Lithethefatsi
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 12/8 maq. 10-12

Lithethefatsi—Na ho na le Tšepo Leha e le Efe?

KE HOBANE’NG ha boiteko bohle ba ho felisa leqhubu la tšebeliso eo e seng ea molao ea lithethefatsi bo hlōlehile? Ka lentsoe le le leng: CHELETE. Lithethefatsi ke khoebo e khōlō. Liphaello li baloa ka liranta tse limillione tse likete-kete.

Chelete e fumanoang ka selemo thekisong ea lithethefatsi United States feela e lekanyetsoa ho ba pakeng tsa liranta tse limillione tse 150 000 le tse 300 000. Ha ho ntšuoa liranta tse limillione tse 50 000 bakeng sa litšenyehelo, ho sala phaello ea liranta tse limillione tse 10 000 ho ea ho tse 250 000. “Khoebo ea lithethefatsi, e etsang liranta tse limillione tse [750 000] ka selemo, ke khoebo e khōlōhali ea lefatše,” ho bolela World Press Review.

Bahoebi ba lithethefatsi ba na le chelete e ngata hakana, ba sentse meharo ea motho ea lefutso le boikhabi ’me ba finyelletse matla a ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ho bonahalang ba batlang ho e etsa. “Ha ba sa bala chelete ea bona—ba e kala,” ho boletse mookameli e mong oa mapolesa. “Ba ka reka lipaki; ba ka reka leha e le mang eo ba mo batlang.” Ho tlalehiloe hore morekisi e mong oa lithethefatsi Bolivia o ithaopetse ho lefa molato oa naha oa liranta tse limillione tse 9 500 haeba balaoli ba ka khaotsa ho hatella melao e thibelang tšebeliso ea lithethefatsi.

Baetapele ba cocaine le matekoane ba Karolong e ka Bophirimela ea lefatše ba bile ba feta baetapele ba lumelletsoeng ka molao ba opium ba Asia ka ho hlahisa lithethefatsi. “Ba ntša tjotjo, ’me ha ho hlokahala ba sebelisa sethunya, baetapele ba rekisang lithethefatsi ba bakile tšenyo ho tloha Bolivia ho fihla Bahamas, ’me linaheng tse fetang e le ’ngoe ba ba tšosa hore ba tla liha ’muso o busang ’me ba o nkele sebaka,” ho tlaleha makasine oa Time. “Re khahlanong le mokhatlo o matla ho feta ’muso oa naha,” ho bolela mopresidente oa pele oa Colombia Belisario Betancur.

O buisoa ke ho tseba. Colombia, litho tse ntsoeleng tsa Medellím, e leng baetapele ba neng ba laola khoebo ea cocaine, li ile tsa futuhela bohle ba neng ba li nyatsa kapa ba batla ho li qosa khotla. Har’a ba bolailoeng e ne e le letona la toka, baahloli ba 21, mongoli oa likoranta, le baqolotsi ba litaba ba fetang 12, le lihlopha tsa masole le mapolesa. “Ha ho le ka mohla boiteko ba tlōlo ea molao bo tsebileng ho tšosa sechaba se seholo,” ho hlalosa Newsweek. “Baahloli ba Colombia ba tšaba ho ahlola; mapolesa a tšaba ho tšoara. Bangoli ba likoranta ba nyatsang tšebeliso ea lithethefatsi hangata ba ngola likoranta ba le hōle le hae, moo ba kopanang le baahi ba bangata ba Colombia ba balehileng ho pholosa bophelo ba bona.”

Ntoa ea Tlhahiso ea Lithethefatsi e Hlōlehile

Ka lebaka la chelete, ntoa ea ho felisa tlhahiso ea lithethefatsi e hlōlehile ka hohle. Borapolasi ba tsoela pele ho lema coca, matekoane, le opium, tse lefang haholoanyane ho feta moputso oo ba neng ba ka o fumana ka lijalo tse tloaelehileng. Ho bona baetapele ba lithethefatsi ke batšehetsi ba moruo. Baofisiri ba bangata ba sepolesa le ba ’muso ba tsoela pele ho iphapanya ha lithethefatsi li tšelisetsoa ka naheng e ’ngoe ka lenyele ’me ba fumana liranta tse 125 000 kapa ho feta nako le nako ha ba etsa joalo feela.

Barekisi ba lithethefatsi ba boetse ba susumelletsa bana ba lilemo tse robong kapa tse leshome tšebetso e ruisang ea lithethefatsi: e mong le e mong o fumana lisente tse 60 bakeng sa ho thonaka botlolo e le ’ngoe e senang letho seterateng, liranta tse 250 ka letsatsi bakeng sa ho ba lemosa ha mapolesa a e-tla, liranta tse 750 ka letsatsi ho sebeletsa e le ba tsamaisang lithethefatsi, ’me liranta tse ka bang 7 500 ka letsatsi ho rekisa lithethefatsi. Bacha bana ba eka ba kenang sekolo le bona ka ho ba khantšetsa ka leruo la bona la lijase tse boea bo botenya tseo ba li rekileng, liketane tsa gauda tse boima le likoloi tsa theko e phahameng.

Batšosi ba fumane mokhoa oa ho hōlisa chelete mosebetsing oa bona ka lithethefatsi. Le bona ka ho tšoanang ba thusa bahoebi ba lithethefatsi. Baetapele ba bang ba lipolotiki ba sebelisa lithethefatsi ho ithuisa le ho liha mebuso eo ba e hloileng. Ho tšoaroa le ho ahloleloa nako e telele chankaneng ha li ba thibele. Ho na le phaello e ngata eo ba e etsang hoo ha mosebeletsi e mong kapa mookameli e mobe a bolaoa, ho emang ba babeli ho nka sebaka sa hae.

“Ka bomalimabe ho hlahisoa le ho rekisoa ha lithethefatsi e lula e ntse e le khoebo e khōlō, ’me boemo ba tšebeliso e mpe ea lithethefatsi bo tsoela pele ho hōla lefatšeng lohle,” ho bolela tlaleho ea Lefapha la Naha la U.S. e phatlalalitsoeng ka Tlhakubele. “Bolotsana ba bahlanka ba ’muso le baofisiri, ho batla tjotjo, litšoso tsa barekisi le pefo, ke ’nete e felletseng ea hore lichaba li tšosoa ke barekisi ba lithethefatsi, ’me ba tsoela pele ho fokolisa boiteko ba lefatše ba ho felisa tlhahiso ea thekiso ea lithethefatsi.” Joale, tšepo e hokae?

Na ho li Fokotsa ke Karabo?

Ba bang ba nahana hore ho itšetlehile ka ho fokotsa tlhoko ea khoebo ea lithethefatsi. Joaloka likhoebo tse ling, khoebo ea machaba ea lithethefatsi e sebetsa ka tlhahiso le tlhoko. Ha e ne e se ka tlhoko ea kajeno e bonahalang e sa kholoe ea lithethefatsi, tlhahiso ea lithethefatsi e ne e tla fela. Leha ho joalo, ho sa tsotellehe litemoso, thuto e eketsehileng, liteko tse etsoang ke lingaka tsa lithethefatsi le liqeko tsa ‘ho nahanela lithethefatsi,’ tšebeliso ea lithethefatsi e tsoela pele e sa tsekisoe. Ho hobe ka ho fetisisa, e ea ata.

“Linaha tse ling ho potoloha lefatše lia tšoaseha,” ho hlokomela tlaleho ea Time. “Tloaelo ea ho sebelisa lithethefatsi ea Amerika e fetetse bacheng ba Europa le Asia. Le hoja ho le thata ho finyella lipalo-palo, tšebeliso ea lithethefatsi e bonahala e ata lefatšeng lohle, haholo linaheng tse romellang lithethefatsi U.S.” Ka mohlala, Bolivia, e bone keketseho e sekhahla ea bokhoba ba lithethefatsi. Le hoja coca e lengoa ka molao moo bakeng sa makhapetla a hlafunoang le tee, lenane le eketsehang la bacha le fetoha makhoba a mofuta o chefu le o tsujoang oa cocaine o bitsoang basuco. ’Me Vietnam e tlaleha keketseho e makatsang ea bokhoba ba opium le heroin har’a bacha karolong e ka boroa le e ka leboea ho naha. Hohle, ho tlalehoa hore ho na le basebelisi ba lithethefatsi ba sa lumelloang ke molao ba ka bang limillione tse 40 lefatšeng ka bophara.

Joale ho lumeloa hore bothata ba lithethefatsi bo phahametse matla a sechaba leha e le sefe hore a bo laole. Joale, e be lichaba tsohle li tla kopana hammoho ho thibela koluoa ea joale? Tšebelisano e joalo e felletseng ho bonahala e ke ke ea etsahala, ha ho nahanoa ka takatso ea meharo le phaello tse lulang li ntse li phahame khoebong e sa lumelloang ke molao ea lithethefatsi—ho sa boleloe liphapang tse ke keng tsa lokisoa tsa lipolotiki. Lichaba tse ngata lia ikhula bakeng sa likotlo-qobello khahlanong le mebuso ea Selekane ea lipolotiki le hoja e le eona litsi tsa khoebo ea lithethefatsi. Ntle ho moo, batho ba limillione ba itšetlehile limeleng tsa lithethefatsi bakeng sa bophelo ba bona. “Ho na le linaha tse neng li tla oa haeba khoebo ea lithethefatsi e ne e lokela ho felisoa hang-hang,” ho bolela World Press Review.

Moo Tšepo e Leng Teng

Bonyane, mebuso e tšepa ho fokotsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, ’me, hamorao, li e fokotse butle-butle tšebeliso ea joale e mpe ea lithethefatsi. Leha ho le joalo, pheliso e felletseng ea bothata ba lithethefatsi ke tšepo e tiileng. E fumaneha tšepisong ea Bibele: “’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.” (Esaia 11:9; Habakuke 2:14) ‘Ho se hlole ho etsoa hampe kapa ho senngoa’ ho kopanyelletsa mathata ’ohle a utloisang bohloko a bakoang ke tšebeliso e mpe ea lithethefatsi.

Empa hlokomela lebaka: Lefatše “le tla tlala tsebo ea Jehova.” Tšusumetso e matla ke ea bohlokoa mabapi le ho ikhula tšebelisong e mpe ea lithethefatsi. Lerato ho Jehova Molimo le takatso ea ho mo khahlisa, tse theiloeng tsebong ea ’nete ka eena le litsela tsa hae, li thusitse ba bangata ho itšoasolla tšusumetsong ea lithethefatsi. Nka mohlala oa Angelo.

Hona joale a le lilemo li 60, Angelo o na le histori e telele e le motho ea sebelisang lithethefatsi ho tloha ka 1964. A rutiloe lithethefatsi ke metsoalle ea hae e neng e bonahala e na le nako e monate, Angelo o qalisitse ka matekoane ’me a fetela pele ho cocaine, hashish, morphine, le “five-star acid” (LSD), ho bolela tse ’maloa feela. “Nako le nako ke ne ke lula ke le ‘plakeng,’” ho bolela Angelo. “Letsatsi le letsatsi ke ne ke lula ke le ‘plakeng’. Ke ne ke ikutloa hore nka busa lefatše. Hlooho ea ka e ne e tsekela. Nakong eo bo-rasepaka-paka ba neng ba e-ea khoeling, ’na ke ne ke batla ho ea holimo ho feta moo.”

Empa hape lithethefatsi li boetse tsa hlahisa lipontšo tse thetsang, ho feto-fetoha maikutlong, ho ikhula bathong, le ho batla ho ipolaea. “Ka Tlhakubele 1979, ke ile ka qala ho bala Bibele,” ho bolela Angelo. “Ke ne ke ’nile ka ba le lipono tse thetsang, le ho batla ho ipolaea. Empa ka nahana hore pele ke batle moo ke tla ea teng ha ke e-shoa. Lipaki tse ling li ile tsa nketela, ’me ka phehella hore li ntlhalosetse Bibele. Ha ke ntse ke ithuta Bibele, ka hlokomela hore ho sebelisa lithethefatsi ho khahlanong le melao ea Molimo—hore ’mele ea rōna ke ea Molimo, joaloka ha 2 Ba-Korinthe 7:1 e bolela hore re lokela ho e boloka e hloekile.’”

O ile a itšoasolla joang lithethefatsing? “Ka ho rapela, ka ho rapela ka botšepehi,” ho bolela Angelo, “hammoho le ho ithuta Bibele letsatsi le letsatsi. U tlameha ho ba le boikemisetso bo matla ba ho tela lithethefatsi. Ha ho bonolo ka tsela leha e le efe. Empa ke ile ka ikutloa hore Jehova o tseba pelo ea ka, joale ka ha Liproverbia 3:5, 6 e bontša, ke ne nka mo tšepa. Ke ile ka ikutloa hore Jehova ke eena ea lokelang ho ntsamaisa tseleng e lokileng, ka ho tseba takatso e matla eo ke neng ke e-na le eona.”

Joaloka Angelo, ba bang ba bangata ba elelletsoe hore ka ho ba le takatso e matla, tumelo ho Molimo, le ho itšetleha ka thuso ea hae, hammoho le thuso ea metsoalle e amehileng le e lerato, mokhoa o bolaeang oa ho sebelisa lithethefatsi o ka hlōloa. Empa “ba tla lumela joang ho eo ba sa kang ba utloa litaba tsa hae?” Ho botsa Bibele ho Ba-Roma 10:14. Bahatisi ba makasine ona ba tla thabela ho u thusa ho fumana ‘tsebo eo e nepahetseng’ ea Molimo le tšepo e tiileng ea ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha le se nang lithethefatsi.—Ba-Efese 1:17; Ba-Roma 15:4.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 11]

“Khoebo ea lithethefatsi, e etsang liranta tse limillione tse 750 ka selemo, ke khoebo e khōlōhali ea lefatše”

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 12]

Takatso e matla ke ea bohlokoa ho itšoasolla tšebelisong e mpe ea lithethefatsi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela