Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/11 maq. 7-8
  • Kamoo U ka Sebelisang Chelete Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo U ka Sebelisang Chelete Kateng
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Etseng le le Lelapa
  • Ho Thabisang le ho Feta
  • Nka Hlokomela Chelete ea ka Joang?
    Tsoha!—1989
  • Tsela ea ho Tsoa Sekolotong
    Tsoha!—1997
  • Nka Etsa’ng ho Sebelisa Chelete Hantle?
    Tsoha!—2006
  • Ho Felloa ke Mosebetsi—Ho na le Litharollo Life?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 9/11 maq. 7-8

Kamoo U ka Sebelisang Chelete Kateng

HA E le hantle, ho na le litsela tse tharo tseo u ka sebelisang chelete ka tsona: (1) U ka reka ka eona, (2) ua e beha, kapa (3) ua fana ka eona. A re qale ka ho tšohla kamoo u ka sebelisang chelete ka bohlale kateng.

Ho putlama ha moruo ho totobalitse bohlokoa ba hore batho ba latele moralo o motle oa tšebeliso ea chelete. Moralo oa tšebeliso ea chelete ke eng? Ka mantsoe a bonolo feela, ke khakanyo ea kamoo chelete e kenang e tlang ho sebelisoa kateng, ebang ke batho ka bomong, lelapa, khoebo kapa ’muso.

O Etseng le le Lelapa

Le ka etsa moralo oa tšebeliso ea chelete joang? Buka ea Budgeting, e ngotsoeng ke Denise Chambers, e re: “Bohle ka lapeng ba lokela ho kenyelletsoa ha ho etsoa moralo oa lelapa oa tšebeliso ea chelete e le hore ba tle ba o khomarele.” Nako le nako, bohle ba lokela ho kopana e le hore ba shebisane hore na moralo oo o ntse o tsamaea joang. Ho ba le moralo o atlehang oa tšebeliso ea chelete ho ruisa lelapa molemo, kaha e mong le e mong o iphumanela litsela tseo a ka sebelisang chelete ka tsona ho latela boemo ba lelapa ba lichelete.

Batho ba bang ba etsa moralo oa tšebeliso ea chelete ka k’homphieutha. Ba bang ba seha mola pampiring ka pentšele. Ka lehlakoreng le leng ba ngola chelete e kenang, ka ho le leng ba ngola litšenyehelo. Hape ke habohlokoa hore moralong oa tšebeliso ea chelete ho kenyelletsoe litšenyehelo tse lefelloang hang ka selemo, tse kang lekhetho la basebetsi ’me mohlomong le chelete ea ho ea phomolong.

Mokhoa oa ho etsa moralo oa tšebeliso ea chelete o atlehileng ka nako e telele ke oa ho sebelisa lienfelopo kapa lifaele tse ngotsoeng “Lijo,” “Rente,” “Lipalangoang,” “Motlakase,” “Litšenyehelo Tsa Ngakeng” le lintho tse ling tse joalo. Nakong e fetileng, batho ba ne ba kenya chelete ea ho lefella litšenyehelo tseo ka lienfelopong. Hona joale, batho ba bangata ba nka hore ho batla ho sireletsehile ho bile ho le bonolo hore ba kenye chelete ak’haonteng ea banka ebe ba e ntša ha ho hlokahala.

Jonathan le Anne ba lulang Afrika Boroa le barali ba bona ba babeli, ba atisa ho sebelisa lifaele ha ba etsa moralo oa tšebeliso ea chelete. Jonathan o re: “Haeba moputso oa hao o kenngoa ak’haonteng ea banka, u lokela ho tiisa hore u arola chelete eo ka mahlopho. Ka mohlala, haeba chelete eo u neng u rerile ho reka nama ka eona e haella, ha ua lokela ho nka eo u rerileng ho e boloka ebe u reka nama ka eona.”

Jonathan o ne a e-na le khoebo, empa hona joale eena le ba lelapa la hae ba khethile ho ba baithaopi ’me ba thusa ho haha libaka tsa borapeli. Kaha ba ananela ho fana ka tsela ena, ke habohlokoa haholo hore ba latele moralo oa tšebeliso ea chelete. Eena le ba lelapa la hae, ba lula ba buisana ka hore na moralo oa bona oa tšebeliso ea chelete o tsamaea joang ’me ba etsa liphetoho moo ho hlokahalang teng.

Ho Thabisang le ho Feta

Liphuputso li bontša hore ho fa ba bang matlotlo, a akarelletsang nako le matla hammoho le chelete e itseng, ho tlisa thabo e khōlō. Ho itšetlehile ka hore na matla a hao a u lumella hakae, ena e ka ba khetho e molemo ka ho fetisisa ho tse tharo tse boletsoeng qalong.

Bukeng ea hae e bitsoang The New Frugality, Chris Farrell o re, ho beha chelete “ho u thusa hore u tle u reke.” O khothalletsa sena: “Tsela e molemo ka ho fetisisa le ntho e utloahalang eo u ka e etsang ka chelete ke hore u fane ka eona.”a Farrell o phaella ka ho re: “Hangata ha u nahana ka lintho tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa, u tla elelloa hore ke ho ba le kamano e ntle le batho, lintho tse u etsahaletseng le ho ba le boikutlo ba hore u kentse letsoho ho ntlafatseng maemo a itseng, eseng ho ba le chelete le matlotlo.”

Michael Wagner eo e leng setsebi sa moruo, o lumellana le taba ena. Bukeng ea hae e reng Your Money, Day One, e reretsoeng ho khothalletsa bacha hore ba behe chelete, o re: “Haeba u ithaopela ho thusa bahloki, mosa oo u o bontšang le ho fana ha hao ka seatla se bulehileng ho tla u tlisetsa khotsofalo ka litsela tse sa tšoaneng, empa ntho e tla u khotsofatsa le ho feta ke ho tseba hore u thusitse batho ba bang.”

Bibele e tiisa hore ho fana ho tlisa thabo. Joalokaha ho hlalositsoe pejana, Bibele e na le lipolelo tse ka u thusang hore u sebelise matlotlo a hao ka bohlale. Joale, a re hlahlobe tse ling tse supileng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a U ka fana ka chelete ka hore u fe ba bang limpho kapa u amohele batho ka mofuthu, joaloka ho lokisetsa metsoalle le ba lelapa lijo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela