Pono ea Bibele
Na ho Rapela Baholo-holo ha Shoeleng ho Loketse Bakreste?
BATHO ba bangata baa tseba hore ho rapela baholo-holo ba shoeleng ho phetha karolo e khōlō bophelong ba batho ba limillione, haholo-holo ho balateli ba Confucius, Buddha, le Shinto. Empa na u se u hlokometse hore ho rapela baholo-holo ba shoeleng ho boetse ho kenelletse bophelong ba Maafrika? ’Nete ke hore, litšobotsi tsa ho rapela baholo-holo ba shoeleng li ka bonoa hoo e ka bang malumeling ’ohle, mohlomong le ho ba hao. Ke “ketsahalo e tsebahalang hohle,” ho bolela moprofesa oa Nigeria oa lithuto tsa bolumeli.
Ho rapela baholo-holo ba shoeleng ke eng? Mohlomong kutloisiso ea hao ka sena e lumellana le tlhaloso ena: “Tšebeletso ea ho khotsofatsa le ho kōpa thuso ho beng ka uena ba shoeleng, e theiloeng tumelong ea hore meea [ea bafu] e susumetsa qetello ea bophelo ba motho.”—The Concise Columbia Encyclopedia.
Ka mohlala, ka tlung ea morapeli ea inehetseng tumelong ea baholo-holo ba shoeleng—Mobuddha ea lulang Asia Boroa-bochabela—u ka bona aletare e nyenyane eo holim’a eona ho beiloeng setšoantšo se bonahalang sa mong ka eena ea shoeleng. Mona hape u ka boela ua fofonela ho chesoa ha libano kapa ua utloa merethetho ea lithapelo le ho opuoa ha matsoho. Khafetsa, morapeli oa baholo-holo ba shoeleng o beha lijo kapa o lokisa lipalesa holim’a aletare molemong oa mong ka bona ea shoeleng.
E-ea kontinenteng e ’ngoe, ’me u tla fumana hore batho ba bangata Afrika ba “phela le bafu ba bona.” Linaheng tsa Afrika tse ka tlase ho Sahara tumelo e akarelletsang ke ea hore ho arolelana lintho le puisano ke ntho e ka etsahalang pakeng tsa ba phelang le ba shoeleng. “Rōna Maafrika kaofela re na le boikutlo ba hore batsoali ba rōna ba shoeleng hammoho le baholo-holo ba bang ba shoeleng ba haufi le rōna,” ho bolela moruti e moholo oa Protestanta Afrika.
Ho ba bangata Afrika, baholo-holo ba shoeleng ba ntse ba nkuoa e le lihlooho tsa malapa kapa batho bao motho a phelang le bona. Ba lula e ntse e le “baokameli ba meea ba litaba tsa lelapa,” ho bolela Moprofesa E. Bọlaji Idowu, bukeng ea hae African Traditional Religion—A Definition. Ha ho etsoe letho ho sa bitsoa moea oa baholo-holo ba shoeleng ka morero oa ho neha motho ho hong kapa ho mo qobisa ho hong. Ka hona, baholo-holo ba shoeleng ba nkuoa e le “bahokahanyi mokhatlong oa batho ba Afrika,” ’me ho ea ka The New Encyclopaedia Britannica, ho ba sebeletsa ho hōlisa “bonngoe ba lelapa.”
Linaheng tsa Bophirimela—joaloka Fora kapa Canada—likereke, matlo a thapelo kapa libaka tse halalelang li nehetsoe bahalaleli, ba ka bitsoang baholo-holo ba linatla. Lithapelo tse tsoang melomong ea ba inehetseng li etsoa ka pel’a liemahale tse khutsitseng. Kapa ka mangole a kobuoeng le matsoho a otlollotsoeng, barapeli ba inehetseng ba fana ka limpho ho litšoantšo tse manehiloeng ka gauda. Ke ’nete, ba sebelisanang le malumeli a Bokreste-’mōtoana ba ne ba tla hana hore boinehelo ba bona ke ba ho rapela baholo-holo ba shoeleng; empa Mobuddha, Moshinto, kapa motho ea inehetseng tšebeletsong ea baholo-holo oa Afrika oa ba tšeha. Oa tseba hore tlhompho e bontšoang ke “Bakreste” bana ha ea fapana haholo le liketso tsa hae tsa borapeli.
Ho Rapela Baholo-holo ha Shoeleng ho Theiloe ho Eng?
Motso oa ho rapela baholo-holo ba shoeleng ke tumelo ea hore bafu ba tsoela pele ba phela ka ho hong ho pholohang ho motho. Ke tumelo ea “ho se shoe ha moea,” ho ea ka mongoli oa K’hatholike ea Uganda Damian Lwasa. Motheo oa tumelo e joalo o tiile hakae? Moruti oa Sierra Leone Harry Sawyerr o lumela hore batho ba Afrika ba bolelang hore “baholo-holo ba bona ba shoeleng baa phela ka sebōpeho sa moea ba etsa joalo ntle ho bopaki leha e le bofe bo tiileng.”
Ha e le hantle, ho ea ka Bibele, ha ho karolo ea moea oa motho e pholohang lefu la ’mele. ’Mōpi ka boeena o re: “Bonang, meea eohle ke ea ka; moea oa ngoana le moea oa ntat’ae ke ea ka hammoho; moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Bahlalefi le lingaka tsa meriana ha ba e-s’o fumane bopaki ba karolo leha e le efe e ikutloang, e phelang ea batho e pholohang ha ’mele o e-shoa.
Nako e telele pele ho Confucius kapa Buddha, monna ea bohlale oa mehleng ea pele ho Bokreste o ile a ngola: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha Ie le leng.” (Moeklesia 9:5) Pelenyana Jobo o itse: “Ha ea shoang a neela moea, eba o kae na? Bara ba hae leha ba hlonephuoa, ha a tsebe.” (Jobo 14:10, 21) Ka hona, bafu ba ke ke ba sebeletsa e le ‘baokameli ba moea ba litaba tsa lelapa.’ Lefung motho “a ke ke a nka letho.”—Pesaleme ea 49:10, 17-19.
Nahana ka sena: Na baholo-holo ba shoeleng ba ja lijo tse monate tseo ba li fuoang? Na ’nete ea hore lijo li sala li sa angoa ha e bontše hore bafu ha ba na matla? Ho feta moo, baholo-holo ba shoeleng ba ke ke ba bona tlhompho le lihlabelo tse etsoang ke bana ba phelang. Kaha ha ba teng, ba ke ke ba thahasella lelapa Ia bona la pele kapa ba kenella litaba tsa lona. Bibele e re: “Ba ke ke ba hlola ba eba le kabelo ho tsohle tse etsoang tlas’a Ietsatsi le ka mohla o le mong.”—Moeklesia 9:6.
Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Baholo-holo ha Shoeleng?
Joale, na see se bolela hore ha ho na tšepo ea ho kopanngoa hape le baratuoa ba shoeleng? E teng! Batho ba arohantsoeng khale ke lefu ba tla kopanngoa hape ha ba tsosoa tsohong ea bafu. “Nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho oona,” Jesu o ile a tšepisa joalo ka Bibeleng.—Johanne 5:28, 29.
Tšepo ena ea tsoho e ile ea thusa ho fetola bophelo ba mosali e mong oa Okinawa ea ’nileng a rapela baholo-holo ba hae ba shoeleng. Oa hlalosa: ‘Pono ea ka ka bophelo e ile ea fetoha. Ho ba molateli oa Jesu Kreste ho ile ha nthusa ho ba ea ratang haholoanyane beng ka ’na ba phelang le batho ba bang.’ Na hase lerato ho batsoali ba phelang le utloahalang haholoanyane ho feta ho hlompha baholo-holo ba shoeleng? (Ba-Efese 6:2, 3) O tsoela pele: ‘Ha ke hlokomela bolutu ba batsoali ba tsofetseng kajeno, ke leboha haholo ha ke ile ka ithuta ho bontša lerato la sebele le tlhompho ho batsoali ba ka ha ba sa phela.’
Ho phaella moo, ho Bakreste ho hana ho tiileng ho rapela baholo-holo ba shoeleng ke hobane ho emela tsela ea bofetoheli taelong e hlakileng ea Molimo: “U se ke ua ba le melimo e meng pel’a sefahleho sa ka . . . hoba ’na Jehova, Molimo oa hao, ke Molimo o boulelang.” (Exoda 20:3, 5) Kahoo ho ena le ho rapela beng ka uena ba shoeleng, ela keletso ea Bibele hloko ho rapela Jehova, Eena a le mong ea ka etsang hore ka thabo re kopanngoe le beng ka rōna ba shoeleng.—Tšenolo 20:12, 13.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]
“Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”—Moeklesia 9:5