Ho Rapela Balimo
Tlhaloso: Tloaelo ea ho hlompha le ho rapela balimo (ka litšebeletso kapa ka litsela tse ling) ka tumelo ea hore baa utloa sebakeng se sa bonahaleng ’me ba ka thusa kapa ba lematsa ba phelang ’me ka lebaka leo ba lokela ho khotsofatsoa. Hase thuto ea Bibele.
Na balimo ba bona se etsoang ke ba phelang hona na balimo baa ba khona ho thusa batho ba phelang?
Moek. 9:5: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”
Jobo 14:10, 21: “Motho ha a e-shoa, . . . eba o kae na? Bara ba hae leha ba hlonephuoa, ha a tsebe.”
Pes. 49:10, 17-19: “Ba bohlale ba ea shoa; leoatla le sethoto le bona ba ea shoa, ba tlohelle basele maruo a bona. . . . mohla a shoang, a ke ke a nka letho, ’me khanya ea hae e ke ke ea theohela lebitleng le eena. . . . e ka khona u ee ho moloko oa bo-ntat’ao, ba ke keng ba boela ba bona leseli.”
Na hase ’nete hore lijo tse beiloeng aletareng kapa lebitleng li lula li le joalo? Na hona hase pontšo ea hore bafu ha ba fumane molemo ho tsona?
Bona le sehlooho se seholo “Tšebelisano le Meea e Mebe.”
Na ho na le lebaka la ho tšoha hore baholo-holo ba rōna ba shoeleng ba tla re lematsa?
Moek. 9:5, 6: “Bafu . . . Lerato la bona, le hloeo ea bona, le mohono oa bona, li se li timetse; ba ke ke ba hlola ba e-ba le kabelo ho tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi le ka mohla o le mong.”
Na ho na le karolo ea motho ea moea e pholohang ha ’mele o e-shoa?
Ezek. 18:4: “Bonang, meea eohle ke ea ka; moea oa ngoana le moea oa ntat’ae ke ea ka hammoho; moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Le temana ea 20)
Pes. 146:3, 4: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho . . . Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.”
Bo-ramahlale le lingaka tse buoang ha ba fumane bopaki ba karolo leha e le efe e ikutloang le e phelang ea batho e pholohang ha ’mele o e-shoa.
Bona le maqephe 219-221, tlas’a sehlooho “Lefu.”
Na u ka khetha hore bana ba hao le litloholo tsa hao ba bontše ho u hlompha le ho u rata ha u sa phela kapa hore ba tle ba etse litšebeletso lebitleng la hao ha u s’o shoele?
Ba-Ef. 6:2, 3: “Hlonepha ntat’ao le ’m’ao—ke oo molao oa pele o nang le pallo—u tle u be le lehlohonolo, ’me u phele halelele lefatšeng.” (Bana ba rutiloeng metheo ea Bibele ba bontša hlompho e joalo e thabisang lipelo tsa batsoali ba bona ha ba sa phela.)
Liprov. 23:22: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, u se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse.”
1 Tim. 5:4: “Ekare ha mohlolohali e mong a e-na le bana, kapa litloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ea bona, le ho etsa ba ba tsoetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho khahlehang pel’a Molimo.”
Ha bo-ngakana-ntšonyana ba ipolela hore ba fana ka melaetsa e tsoang ho bafu, hantle-ntle e tsoa hokae?
Esa. 8:19: “Ha ba ka re ho lōna: Botsisisang ba nyollang bafu, le linohe tse toutang, tse oeoetsang, le mpe le re: Hleka sechaba ha se na ho botsa Molimo oa sona na? Hleka ho ka botsoa bafu taba tsa ba utloang na?” (Na Molimo o ka re hlokomelisa ka mokhoa o joalo haeba kannete o ne o re kopanya le baratuoa ba rōna?)
Lik. 16:16: “Ha re ea thapelong, montsana e mong, ea kenoeng ke moea oa Pythone [“ledemona la bonohe,” NW], ea neng a ruisa beng ba hae haholo ka ho noha, a teana le rōna.”
Bona hape maqephe 422, 423, tlas’a “Tšebelisano le Meea e Mebe.”
Borapeli ba rōna bo lokela ho lebisoa ho mang?
Luka 4:8: “Jesu a mo fetola, a re: . . . Ho ngoliloe, ho thoe: U tla khumamela Morena, Molimo oa hao, u sebeletse eena feela.”
Joh. 4:23, 24: “Nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo. Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.”
Ho na le tšepo efe ea hore litho tsa malapa li tla kopana kamoso, ho akarelletsa tse ileng tsa e-shoa?
Joh. 5:28, 29: “Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”