Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 5/8 leq. 32
  • Pefo—E Haufi le ho Fela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pefo—E Haufi le ho Fela!
  • Tsoha!—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?
    Tsoha!—2002
  • Pefo e Tla Fela Joang ka ho sa Feleng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Pefo
    Tsoha!—2015
  • Bibele e Re’ng ka Lintoa Tse Bakoang ke Lipolotiki?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 5/8 leq. 32

Pefo—E Haufi le ho Fela!

BATHO ba bile le nako e ngata ea ho laola pefo, empa e eketsehile le ho feta. Na hase taba e totobetseng hore batho ba ke ke ba etsa letho ka pefo? Joale, ho na le tšepo efe ea ho felisa pefo?

Ha e le hantle, ho hlokahala hore batho ba talime ho ’Mōpi oa bona bakeng sa tharollo ea bothata esita le mathata a mang kaofela. Karabo ke ’Muso oa hae, oo e leng puso ea leholimo e lokileng. Jesu Kreste o qetile mosebetsi oa hae oa boboleli lefatšeng a bolella batho ka puso ena ea ’Muso. U rapella ’muso oo ha u re: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:9, 10.

Empa ’Muso oa Molimo o tla felisa pefo joang? Ha Bibele e profeta ka mehla eo re phelang ho eona, e re: “Empa mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng, o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” (Daniele 2:44) E, ’Muso oa Molimo o tla felisa mebuso ea joale le batho ba e busang, hammoho le pefo ea bona eohle le bonokoane.

Empa sena se tla etsahala neng? Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele ho bontša hore e tla ba nakong ea bophelo ba rōna. Ke hobane’ng ha re bolela joalo? Hobane “pontšo” eo Jesu a boletseng hore e tla tšoaea “ho fela ha tsamaiso ea lintho” hona joale ea phethahala. “Pontšo” e kopanyelletsa “ho eketseha ha tlōlo ea molao.” (Mattheu 24:3-14, 34, NW) E tla ba pheko e khōlō hakaakang ha Molimo o felisa lefatše lena le tletseng pefo! Leha ho le joalo, ho rua molemo nakong eo, re lokela ho etsa thato ea Molimo hona joale.—1 Johanne 2:17.

Boprofeta ba Bibele bo tlalehiloeng ke moprofeta oa boholo-holo Esaia bo bolela ka memo ea Molimo ea ho ikokobelletsa litaelo tsa Hae le ho “tsamaea litseleng ea oona.” Ba arabelang, boprofeta bo bolela hore “ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma” ’me ba ke ke ba “hlola ba ithuta ntoa.” (Esaia 2:3, 4) Boprofeta bo bong bo tlalehiloeng ke Esaia bo bua ka sephetho: “Ha ho sa tla utloahala pefo naheng ea heno, ho senya kapa ho arohana har’a meeli ea hao.” Hobane’ng? Hobane “Jehova ka boeena e tla ba leseli la hao la ka mehla.”—Esaia 60:18-20, NW.

Esita le hoja hona joale ho ka thabeloa khotso ka ho ithuta thato ea Jehova Molimo le ho ikokobelletsa eona, ak’u nahane kamoo ho tlang ho ba kateng ha ’Muso oa Molimo o felisa bokhopo bohle lefatšeng. Joale ho ke ke ha e-ba le lebaka la ho tšoha, lebaka la ho tšaba ho tsamaea seterateng leha e le sefe kapa sebaka leha e le sefe bosiu. Ho ke ke ha hlokahala linotlolo menyako, ho ke ke ha hlokahala ho tšoenyeha ka ho itšireletsa.—2 Petrose 3:13.

Na u ka rata ho phela lefatšeng le lecha le joalo le se nang pefo? Sena ekaba tebello e thabisang hobane e theiloe Lentsoeng la ’nete la ’Mōpi ka boeena. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho utloisisa litebello tsena tse babatsehang tseo ’Mōpi oa rōna a re nehang tsona. Ke hobane’ng ha u sa qale ho batlisisa ka tsona? Le uena u ka thaba ho tseba hore pefo e tla fela—haufinyane!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela