Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 2/15 maq. 5-7
  • Pefo e Tla Fela Joang ka ho sa Feleng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pefo e Tla Fela Joang ka ho sa Feleng?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ka Etsoa’ng?
  • Matla a Lentsoe la Molimo
  • Letšolo le Felisang Pefo
  • Thuto ea Bohlokoa Haholo
  • Na Bokhopo bo Tla ke bo Fele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?
    Tsoha!—2002
  • Pefo
    Tsoha!—2015
  • Pefo—E Haufi le ho Fela!
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 2/15 maq. 5-7

Pefo e Tla Fela Joang ka ho sa Feleng?

E LE ho emisa moroallo oa pefo, metse e mengata United States e ile ea leka mokhoa o mocha—ho fana ka chelete kapa thepa bakeng sa ba nehelanang ka lithunya tsa bona, ba sa botsoe lipotso. Phello e bile efe? Ka mohlala, ka litšenyehelo tsa lidolara tse likete tse 341 (R1 238 000), motse oa St. Louis o ile oa bokella lithunya tse 8 500. Lenaneo le tšoanang New York City, le ile la tšoasa libetsa tse ka holimo ho sekete.

See sohle se ile sa hlahisa phello efe tlōlong ea molao? Ka masoabi, e nyenyane haholo. Ho bolaeana ha batho ka lithunya St. Louis ho ile ha fihlela tlhōrō e fetang tsohle selemong se hlahlamang seo. Ho sa ntsane ho e-na le lithunya tse hakanyetsoang ho limilione tse peli tikolohong ea New York City. United States, ho na le lithunya tse ka bang limilione tse 200 tsa batho ka bomong, hoo e batlang e le se le seng ho monna e mong le e mong, mosali le ngoana. Linaheng tse ling, pefo e etsoang ka lithunya e eketseha ka lebelo le tšosang. Brithani, The Economist e bolela hore “mahareng a 1983 le 1993, palo ea litlōlo tsa molao tse tlalehiloeng ke mapolesa, tseo ho amehang lithunya ho tsona li batlile li imena habeli, ho ea ho 14 000.” Le hoja ho bolaeana ha batho ho batla ho se hokaalo, ho na le libetsa tse seng molaong tse ka bang milione naheng eo.

Ka sebele, phokotso leha e le efe lipalong tseo tse tšosang ke khatelo-pele. Leha ho le joalo, mehato e kang e hlalositsoeng ka holimo ha e fihlele hantle lisosa tsa pefo. Lisosa tseo ke life? Ho bontšitsoe mabaka a mangata, empa ke a seng makae ao e leng a motheo. Ho hlokahala ha botsitso malapeng le thuto ea boitšoaro li khannetse bacha ba bangata hore ba kenele lihlopha tsa botlokotsebe e le ho ka fumana botsoalle bo haufi. Leraba la ho fumana phaello e ngata le susumelletsa ba bangata ho retelehela pefong. Ho hlokahala ha toka ho qobella ba bang ho lokisa litaba ka litsela tse mabifi. Ho ba motlotlo ka naha, morabe kapa boemo bo itseng bophelong li etsa hore batho ba hlokomolohe mahlomola a ba bang. Tsena ke lisosa tse metseng ka metso tse ke keng tsa rarolloa habonolo.

Ho ka Etsoa’ng?

Mapolesa a eketsehileng, maemo a boima haholoanyane lichankaneng, ho se rekisetse mang le mang sethunya, ho ahloleloa lefu—lintho tsena kaofela li ’nile tsa hlahisoa ’me tsa lekoa ho sebelisoa e le mekhoa ea ho thibela tlōlo ea molao le pefo. Li tlisitse mehato e sa tšoaneng ea katleho, empa ’nete e soabisang ke ea hore pefo e ntse e le ngata haholo bophelong ba rōna. Hobane’ng? Hobane mehato ena ha e fihle botebong ba taba.

Ka lehlakoreng le leng, litsebi tse ngata li nahana hore senotlolo sa ho felisa pefo ke thuto. Le hoja khopolo ena e utloahala, re tlameha ho hlokomela hore pefo ha ea lekanyetsoa lichabeng tse nang le menyetla e fokolang ea thuto. Ha e le hantle, ho bonahala eka tse ling tsa lichaba tse mabifi ka ho fetisisa ke tsona tseo hape li leng boemong bo phahameng ka ho fetisisa ba thuto. Ho bonolo ho bona hore se hlokahalang hase thuto feela tjee, empa ke mofuta o nepahetseng oa thuto. Mofuta oo e ka ba ofe? Na ho na le motho ea tsebang ho ruta batho hore e be ba ratang khotso le ba lokileng?

“’Na Jehova, Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang, ke u tsamaisa ka tsela eo u tšoanetseng ho tsamaea ka eona. Oho! hoja u ka lemoha litaelo tsa ka! khotso ea hao e ka ’na ea phalla joalo ka nōka; ho loka ha hao ho ka tlala joalo ka maqhubu a leoatle.” (Esaia 48:17, 18, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ke joang Jehova Molimo a rutang batho ho rata khotso le ho loka? Ka ho khetheha, ke ka Lentsoe la hae, Bibele.

Matla a Lentsoe la Molimo

Ho hang Bibele hase buka feela e bokelletseng litšōmo tsa boholo-holo ’moho le lipolelo tse siuoeng ke nako le tse sa sebetseng. E fupere melao-motheo le likhopolo tse tsoang ho ’Mōpi oa batho, eo, ponong ea hae e phahameng ka ho fetisisa, a tsebang litšekamelo tsa motho ho feta leha e le mang e mong. Jehova Molimo o re: “Joalo ka ha leholimo le phahame holimo ho lefatše, litsela tsa ka li phahame joalo holimo ho litsela tsa lōna, le mehopolo ea ka holimo ho mehopolo ea lōna.”—Esaia 55:9.

Ka lebaka lena, moapostola Pauluse o fana ka bopaki ba hore “Lentsoe la Molimo ke lentsoe le phelang, le matla, ’me le fetisa ka bohale lisabole tsohle tse leolitsoeng ka nģa tse peli; ’me lea hlaba, le ee ho kena le likhaohanong tsa pelo le tsa moea, le manonyellong le mokong; ’me le ahlola maikutlo le mehopolo ea pelo.” (Ba-Heberu 4:12) E, Lentsoe la Molimo le na le matla a ho fihla ka hare le ho ama pelo ea motho ’me le fetole mehopolo ea hae le boitšoaro. Na see hase sona se hlokahalang kajeno bakeng sa ho fetola litsela tsa batho tse mabifi?

Lipaki tsa Jehova, tseo hona joale li ka bang limilione tse hlano linaheng tse fetang 230, ke bopaki ba sebele ba hore Lentsoe la Molimo ka sebele le na le matla a ho fetola bophelo hore bo be molemo. Har’a tsona ke batho ba tsoang lichabeng tsohle, lipuong tsohle le merabeng eohle. Li boetse li tsoa limelong tsohle le maemong a fapaneng a bophelo. Tse ling pele li ne li phela bophelo bo mabifi le bo likhathatso. Empa ho e-na le ho lumella litšobotsi tse joalo ho fehlella moea oa bora, tlhōlisano, khethollo le lehloeo har’a tsona, li ithutile ho hlōla litšitiso tsena ’me li fetohile batho ba ratang khotso le ba momahaneng lefatšeng ka bophara. Ke eng se entseng hore see se khonehe?

Letšolo le Felisang Pefo

Lipaki tsa Jehova li iteletse ho thusa ba bang ho fumana tsebo e nepahetseng ea morero oa Molimo joalokaha o senotsoe ka Lentsoeng la hae, Bibele. Likhutlong tsohle tsa lefatše, li batla ba ratang ho tseba litsela tsa Jehova le ho rutoa ke eena. Boiteko ba tsona bo beha litholoana. Maphomela a letšolo lena le rutang ke hore boprofeta bo hlollang boa phethahala.

Lilemong tse fetileng tse ka bang 2 700, moprofeta Esaia o ile a bululeloa ho ngola: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo hoba . . . lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.”—Esaia 2:2, 3.

Ho rutoa ke Jehova le ho tsamaea litseleng tsa hae ho ka hlahisa liphetoho tse tsotehang bophelong ba batho. E ’ngoe ea liphetoho tseo e boletsoe esale pele boprofeteng bona boo: “Ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” (Esaia 2:4) Batho ba bangata ba balile lengolo lena. Ha e le hantle, temana ena e betluoe leboteng la lebala la Machaba a Kopaneng, New York City. Ke khopotso ea seo Machaba a Kopaneng a se laba-labelang empa a hlōlehile ho se finyella. Ho felisoa hona ha ntoa le pefo ho ke ke ha finyelloa ke mokhatlo oa lipolotiki leha e le ofe o entsoeng ke batho. Ke ntho eo e leng Jehova Molimo feela ea nang le matla a ho e etsa. O tla e phetha joang?

Ka ho hlakileng, hase bohle ba tla arabela memong ea ho ‘nyolohela thabeng ea ntlo ea Jehova’ le ho ‘rutoa mekhoa ea hae’ le ho ‘tsamaea litseleng tsa hae’; leha e le hore ke bohle ba tla rata ho “tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele.” Jehova o tla etsa’ng ka ba joalo? A ke ke a lula a ba buletse monyetla ka ho sa feleng kapa hona ho ba emela hore ba fetohe. E le ho felisa pefo, Jehova o tla boela a timetse le ba phehellang litsela tsa bona tse mabifi.

Thuto ea Bohlokoa Haholo

Se ileng sa etsoa ke Molimo mehleng ea Noe ke thuto e lemosang ho rōna kajeno. Tlaleho ea Bibele e bontša hore na lefatše la nakong eo e ne e le la mofuta ofe: “Lefatše le ne le bolile pel’a Molimo, ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana.” Ka lebaka lena, Molimo o ile a tsebisa Noe: “Bofelo ba nama eohle bo fihlile pel’a ka, hobane lefatše le tletse ho bolaeana ha bona, ’me joale ke tla ba timeletsa le lefatše.”—Genese 6:11, 13.

Re lokela ho hlokomela ntlha e le ’ngoe ea bohlokoa. Molimo ha a tlisa Moroallo holim’a moloko oo, o ile a boloka Noe le lelapa la hae. Hobane’ng? Bibele ea araba: “Noe e ne e le motho ea lokileng, ea khabane mehleng ea hae; ’me Noe o na a tsamaea le Molimo.” (Genese 6:9; 7:1) Le hoja e ne e se batho bohle ba phetseng mehleng eo ba neng ba le mabifi, ke Noe feela le ba lelapa la hae ba ileng ba “tsamaea le Molimo.” Ka lebaka leo, ba ile ba pholoha ha lefatše leo le mabifi le ne le timetsoa.

Joalokaha re bona hore lefatše le boetse le “tletse ho bolaeana,” re ka kholiseha hore Molimo o ntse a le bona. Joalo feela ka ha a ile a le bona mehleng ea Noe, haufinyane o tla nka khato ’me a timetse pefo—ka ho tiileng. Empa o tla boela a fane ka mokhoa oa pholoho bakeng sa bao hona joale ba ithutang ho “tsamaea le Molimo,” ba arabelang letšolong la hae le leholo le rutang la khotso.

Ka mopesaleme, Jehova oa re tiisetsa: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:10, 11.

Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho ithuta Bibele le uena e le hore u ka kopana le bao ba reng: ‘A re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.’ (Esaia 2:3) Ka ho etsa joalo, u ka ba har’a ba tla bona timetso ea bobe bohle le pefo. U ka ‘iketla khotsong e kholo.’

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

Reuters/Bettmann

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela