Na Naha ea Heno ke Mohlaseluoa e Moholo?
HOBANE United States e reka koae ka chelete e tlaase Brazil le Zimbabwe, e ba le koae e salang. Kahoo barekisi ba koae ba ka e rekisa hokae? Linaheng tsa Afrika le Asia. Kahoo, makasine oa Asiaweek oa tlaleha: “Linaha tsa Asia hajoale li reka karolo e ka etsang 50 lekholong ea koae eo linaha tse mose li e rekisetsang Amerika, ’me li nkela Brithani le Jeremane Bophirimela sebaka e le bareki ba ka sehloohong.”
’Me barekisi ba koae ba fumana chelete e ngata hakaakang! Khoebo e nang le palo ea baahi ba ka batlang ho ba limillione tse likete tse peli lilemong tse 20 tse tlang. Palo ea baahi ba kajeno ba Chaena le India feela ea tšosa—kakaretso e kopaneng e ka bang limillione tse 1 800! ’Me ho joalokaha World Health e bolela: “Ha khoebo ea koae e theoha ka bophirimela ka tekanyetso e le ’ngoe lekholong ka selemo, ho tsuba hoa phahama linaheng tse futsanehileng ka likarolo tse peli lekholong ka selemo.” ’Me u hopole hore libaka tseo thekiso e theohang ho tsona li na le palo e nyenyane ea baahi ha li bapisoa le libaka tseo thekiso e phahamang ho tsona tsa ka Bochabela. Feme ea koae ea U.S. e tšepa hore ho rekisoa ha koae Asia ho tla phahama ka karolo ea 18 lekholong ka selemo sa 2000. Empa bonyane ho na le tšitiso e le ’ngoe. Chelete eo ’muso o e lefisoang holim’a liphahlo tse tsoang linaheng lisele.
Litekanyetso Tse sa Tšoaneng Tsa ho Hasa Boloetse le Lefu
Ke joang lifeme tsa koae tsa Amerika li ka etsang hore linaha tse ling li amohele lisekarete tsa tsona tse setseng. Ka ho sa tloaelehang, li na le mothusi eo e reng, ha a lemosa batho ba hae ka likotsi tsa ho tsuba, ka cheseho a khothalletse thekiso ea koae e bolaeang linaheng tse ling. Mothusi eo ke mang? ’Muso oa U.S.!
Asiaweek ea hlalosa: “Koloi e khōlō ea koae e romelloang linaheng tse ling e tsamaile e jere phahlo e boima ea ’muso oa U.S. . . . Ofisi ea Boemeli ea Khoebo ea U.S. . . . e tsoile ho ea tlosa litšitiso tsa khoebo le ho loanela ho fumana tsela e fetelang mecheng ea puisano ea Asia bakeng sa lifeme tsa Amerika—ekasita leha liphatlalatso tsa koae li ’nile tsa thibeloa khale likhasong tsa moeeng tsa U.S.” Makasine oa World Health oa tlaleha: “Lifeme tsa koae [tsa U.S.] li sebelisa hamolemo tšusumetso e itseng ea lipolotiki. Lithibelo tsa khoebo kapa litšokelo tsa lithibelo tse joalo li ’nile tsa etsoa khahlanong le Hong Kong, Taiwan, Japane le Korea ka ntle leha feela li bula khoebo ea tsona e rekisang le ho phatlalatsa lihlahisoa tsa koae ea Amerika.”
Ho hobe le ka ho fetisisa, lifeme tsa koae ha li rekise lihlahisoa tsa tsona Asia feela empa hape li tšehetsa ho rekoa ha tsona ka liphatlalatso tse hatellang haholo. Linaha tse ling, joaloka Taiwan le Korea e ka Boroa, li le ka tlas’a khatello, li ile tsa ba tsa felisa thibelo ea tsona phatlalatsong ea koae! Hajoale Chaena le eona e ka pele lenaneng la baetsi ba lisekarete tsa U.S. Ha ho makatse ha motsamaisi oa feme e ’ngoe ea koae a qotsitsoe a re: “Na ua tseba hore joale re batla eng? Re batla Asia.” Empa ba bang ba talima maqheka ana a hatellang haholo a Amerika joang? Ho ea ka mongolli oa The New York Times, rakhoebo e mong oa Korea o tletlebile “ka ho hloka boitšoaro ha Amerika ka hore e qobelle lisekarete tsa Amerika bathong ba Korea.” ’Me o na le lebaka le utloahalang. Ha Amerika e loana khahlanong le cocaine le heroin tse tsoang linaheng tsa ka ntle tseo e leng tsa motheo linthong tse itseng tsa moruo, e batla ho tšollela semela sa eona se chefu lichabeng tse ling. Kaha Amerika e ipolela hore e na le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro, na ke ho utloahalang hore e tšollele lihlahisoa tsa eona tse ngata tsa koae e kotsi lichabeng tse ling, tseo tse ngata tsa tsona li leng boemong bo mahlonoko ba khaello ea moruo?
Tse Ling le Tsona Lia Loana
Lichaba tse ling tsa Afrika, joaloka Gambia, Mozambique, le Senegal, li thibetse phatlalatso ea lisekarete. Selemo se fetileng letona la bophelo bo botle la Nigeria le boletse hore ’muso oa Nigeria “o ne o il’o thibela liphatlalatso tsohle tsa likoranta, liea-le-moea, lithelevishene le lipalo tsa liphatlalatso. Re tlil’o thibela ho tsuba literateng le ka lipalanngoeng.” Molaoli oa tsa boitsebiso oa Nigeria o bolelletse Tsoha! (Pherekhong 1989) hore ho sa ntsane ho buisanoa ka taba ena.
Chaena ke sechaba se nang le batsubi ba limillione tse 240. Ka selemo sa 2025, balaoli ba meriana ba lebelletse ho lahleheloa ke batho ba limiilione tse peli selemo ka seng ka lebaka la maloetse a amanang le ho tsuba. Chaena e na le bothata bo boholo, joalokaha makasine oa China Reconstructs o lumela: “Ho sa tsotellehe ho thibela ha ’muso oa Chaena liphatlalatso tsa koae, litlaleho tsa nako le nako tsa likoranta le limakasine tse lemosang ka liphello tse kotsi tsa ho tsuba le theko e nyolohang ka mehla ea lisekarete, palo ea batsubi Chaena e hōla ka mehla.” ’Me phello e ’ngoe ke efe? “Hona joale, kankere, maloetse a amanang le pelo le methapo ea mali le ho phefumoloha a fetohile babolai ba baholo Chaena.”
Likarolong tse ling tsa Chaena, ho fa moeti sekarete ho nkoa e le ho bontša kamohelo. Empa Machaena a kotula liphello tse bohloko hakaakang! China Reconstructs ea tlaleha: “Litsebi tsa meriana li lemositse hore kotsi ea kankere ea matšoafo e hōla ka tekanyetso e khōlō.” Ho joalokaha setsebi se seng sa Chaena se boletse: “Re se re ntse re kotula liphello tse bohloko haholo.”
Leha ho le joalo, ho na le kotsi e ’ngoe matleng a liphatlalatso tsa koae—tšusumetso ea tsona e mano khasong ea moeeng.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Phatlalatso e khahlanong le ho tsuba Hong Kong