Bacha Baa Botsa . . .
Ke Lokela ho Etsa Eng ha Batho ba Ntšeba?
“KAROLO ea 95 lekholong ea bana ba sekolo se phahameng seo ke kenang ho sona baa seba,” ho bolela seithuti se seng sa sekolo se phahameng (sekondari) sa New York. Ntho e khōlō eo ba buang ka eona ke efe? “Liithuti tse ling: botho ba tsona, tsela eo li shebahalang ka eona, mang o ratana le mang, le seo li se buang ka tse ling.”—Makasine oa Seventeen, July 1983.
Leha ho le joalo, hangata lesebo le sekamela linthong tse mpe ’me le fella ka ho senyeha ho kotsi ha botumo ba ba bang.a ’Me kaha lefatšeng lohle bacha hammoho le batho ba baholo baa seba, ho na le monyetla o moholo oa hore uena ka bouena u (kapa ka nako e ’ngoe u tla ba) mohlaseluoa oa lesebo le bohloko. Ha ho le joalo, u ka etsa’ng? Na ho na le tsela ea ho emisa ea buang ka tsela e utloisang bohloko?
Bohloko ba Lesebo
Ha ho pelaelo hore: ho hlile ho utloisa bo hloko ha boitsebiso ba botho bo fetisetsoa litsebeng tsa ba bang kapa ha u le mohlaseluoa oa litaba tsa bobare tsa bohata. U ka ba le maikutlo a ho halefa le a ho iphetetsa nakong eo u utloileng bohloko ’me u tepelletse maikutlong. “Hoo ho etsa u ikutloe u batla ho ntša motho eo kotsi,” ho boletse mohlaseluoa e mong oa lesebo. E mong o itse: “U ikutloa u kokobelitsoe; e ka re u hlabiloe ka thipa ka mokokotlong. Ho ka u etsa u ikutloe eka ha u sa batla ho ba buisa hape. Boikutlo ba ho itšepa bo felile, ’me ha u khone ho lula u sa nahane ka bothata.”
Ka sebele, lesebo le etsa hore bacha ba bangata ba ikutloe ba robiloe manonyelletso ka baka la lihlong. Ke ka lebaka leo ngoanana e mong a ileng a fallela sekolong se seng ho e-na le hore a shebane le bacha ba ileng ba tlatsa litaba tsa bobare tse mpe ka eena. Leha ho le joalo, boiphetetso, bohale, kapa lihlong tse holofatsang ha li ntlafatse boemo. Ho na le litsela tse molemo haholo tsa ho sebetsana le lipuo tsa mashano.
Qoba ho Arabela ka ho Fetelletseng!
Pele u etsa ntho leha e le efe, hopola: “Motho ea bohale o etsa tsa booatla.” (Liproverbia 14:17) Molaetsa? Se ke ua arabela ka ho fetelletseng! Ho arabela ka lepotla-potla hangata ho baka mathata a eketsehileng. Bibele ea lemosa: “U se ke ua phaka ua halefa pelong ea hao, hobane khalefo e ee e hanelle sefubeng sa maoatla.” Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore u ke ke ua thibela batho ho bua ka ba bang. Ke karolo ea bophelo hore ho buuoe ka uena. Salomone o ile a eletsa ho ea pele: “Se hlokomele mantsoe ’ohle a buoang ... hobane pelo ea hao e tseba makhetlo a mangata ao le uena u sebileng ba bang ka ’ona.”—Moeklesia 7:9, 21, 22.
Salomone o ne a sa lokafatse lesebo le lebe. O ne a mpa a le lumela e le ’nete ea bophelo. Joalokaha u hloile ha batho ba bua ka uena, na hase ’nete hore mohlomong u ile ua bua ho itseng ka ba bang hoo ho neng ho ka be ho bile molemo ha ho ne ho sa buuoa?
Bukeng ea hae Gossip, Patricia Meyer Spacks oa hlalosa: “Lesebo le tloaelehileng ke le sa etsoang ka morero o mobe empa . . . ka ho haelloa ke ho nahana . . . le tsoa takatsong e sa nahaneleng ea ho bua ntho e itseng ka ntle le ho nahanisisa ka botebo. Ka ntle le boikemisetso, basebi ba bua ba bapala ka batho ba bang.” Ho hlokomela sena ho ka thusa ho laola bohale ba hao.
Mekhoa ea ho Sebetsana le Lesebo
Liproverbia 14:15 e re “ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” Sena se tla bolela ho rera mokhoa oa ho sebetsana le lesebo.
U ka qala ka ho nahana hore na ebe lesebo leo le kotsi hakae. Mohlomong litaba tse tletseng hohle ka uena, leha li hlabisa lihlong kapa e se ’nete, lia tšehisa ’me ha li hlile ha li silafatse botho ba hao. Ka mantsoe a mang, u ne u tla rata ha batho ba sa tsebe hore u ile ua inotlella ka ntle ntlong eo e leng ea hao puleng e nang ka sefefo kapa hore borikhoe ba hao bo ile ba phatloha ha u ntse u ema le ho lula nakong eo u etsang boitlhakiso ba ’mele, empa joale ka hore baa tseba, na e hlile ke bomalimabe bo bokaalo? Mohlomong tsela e molemohali ea ho felisa litaba tsa bobare ke ho tšeha.
Leha ho le joalo, a re re mohlomong litaba tsa bobare ke mashano, li tlisa thohako? Na li hlile li tla baka tšenyeho e sa feleng botumong ba hao—kapa na ho ka etsahala hore li fele haufinyane? Haeba ho bonahala li tla fela haufinyane, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u ikhutsetse. U itšoare ‘ka tsela e tloaelehileng’—ho e-na le hore u shebahale u halefile kapa u le molato—bonyane ho tla u thibela ho totisa litaba tsa bobare. Liproverbia 26:20 e re: “Mollo o tima ke ho hlokeha ha patsi; ho joalo likomang, li fela ha mosebi a le sieo.”
Leha ho le joalo, ka linako tse ling taba ke e tebileng hore u ka e hlokomoloha. Jesu Kreste o elelitse balateli ba hae hore na ba etse’ng ha e mong a ba sitetsoe ka ho senya lebitso: “E-ea, u mo laee u e-na le eena a ’notši.” (Mattheu 18:15) Ho ka ’na ha e-ba bonolo hore u fumane sesosa sa puo e kotsi ’me ka khotso u buisane le motho ea ikarabellang ka ho qala litaba tsa leshano.
Mohlomong, motho eo hase Mokreste. Empa haeba u tseba hore motho eo oa nahana, mohlomong o tla arabela hantle. Ho ka ’na ha hlahella hore taba eohle ke liphello tsa ho se utloisisane ho tebileng. Haeba motso e le lehloeo, mohlomong le ka lokisa taba pakeng tsa lōna.
Leha ho le joalo, hangata ha ho bonolo ho fumana sesosa sa litaba tsa bobare. ’Me leha u ka khona, motho ea ikarabellang a ka hana ho lumella molao bakeng sa ketso ea hae e sa nahaneleng. Joale u tla etsa’ng? Hopola hore Jesu Kreste e ne e le mohlaseluoa oa “khanyetso.” (Ba-Heberu 12:3) Leha ho le joalo, Jesu ha a ka a ferekana hoo a ileng a tlohela mosebetsi oa hae oa ho bolela le ho tsōmana le motho ea qalileng puo e ferekanyang. Ho e-na le hoo, o itse: “Bohlale bo pakoa bo lokile ke litholoana tsa bona.”−Mattheu 11:19, NW.
Jesu o ne a tseba hore ba nang le pono e ntle ba ne ba tla lemoha mesebetsi ea hae e metle ’me ba phethe ka hore puo e utloisang bohloko e ne e se na motheo. Ka ho tšoanang, lumella boitšoaro ba hao e be tšireletso e molemohali khahlanong le tšebo. Kaha metsoalle ea hao ea sebele e tseba ’nete ka uena, e ke ke ea kholoa litaba tsa leshano. Ho ntse ho le joalo, u ka e tsebisa hore ho na le litaba tsa mashano tse ntseng li buuoa hohle ka uena. Hangata metsoalle e tla thusa haholo ho felisa litaba tsa bobare ka ho beha e mong le e mong eo ba kopanang le eena leseling.
Empa ho thoe’ng haeba taba e se e tsebahala hohle? Hangata ha e mpe joalokaha u nahana. Ka ntle ho moo, batho ha ba buele ruri ka boemo leha e le bofe. Ka mehla ho na le liketsahalo tse ngata tseo hamorao li tlang ho tlosa tlhokomelo ho uena. Leha ho le joalo, khabareng, se ke ua utloa bohloko ’me ua thōla. Ke hobane’ng ha u sa kopanele maikutlo a hao le motsoali oa hao kapa motho e mong ea hōlileng? Ka linako tse ngata, ho bua taba ho thusa ho talima bothata ka leihlo le nepahetseng.
Phihlelo e Rutang
Ho ba mohlaseluoa oa lesebo ho boetse ho u fa menyetla ea ho ithuta lithuto tse ling tsa bohlokoa. Ka mohlala, ka ho bona kamoo puo e bothoto e ka senyang kateng, ke hobane’ng ha u sa etse qeto ea hore le ka mohla u se be mokhoping o tlatsang litaba tsa mashano?
Bohloko ba ho sejoa bo ka senola mefokolo bothong ba hao, joaloka ho batla ho iphetetsa. Kapa e ka ’na ea ba boikhohomoso ba hao bo ipakile e le bothata ho feta litaba tsa bo-ba-re ka botsona. Ho ameha ka ho sa lokelang ka seriti sa hao e ka ’na eaba ho u entse hore u ‘itekanye ho tlōlisa.’ (Ba-Roma 12:3) Joale e ka ’na eaba ke nako ea hore u qale ho sebeletsa ho se inke ka botebo.
Ha u hlahlobisisa litaba, u ka ’na ua hlokomela hore ka baka la ho se ahlole litaba ka nepo, u tlatselitse litabeng tsa mashano. Ka mohlala, na u tsebisitse mocha ea tsebahalang ka ho “bua haholo” lekunutu la hao? (Liproverbia 13:3) Mohlomong joale u tla khetha ka hloko motho eo u mo tsebisang lekunutu la hao nakong e tlang. Hape, u tla ela hloko ka hore u itšoare ka tsela e sa nyatseheng e le hore u se fe ba bang ntho eo ba ka u sebang ka eona.—Bapisa 1 Petrose 2:15.
E, sebetsa litaba u khutsitse le ka mosa, ’me u ka hlōla litaba tsa bo-ba-re tsa bothoto—’me mohlomong u be u li felise.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona “Lesebo—Kotsi ea Lona ke Efe?” e hlahellang tokollong ea Tsoha! ea July 8, 1989.
[Litšoantšo tse leqepheng la 22]
Hangata ho ka etsahala hore u fumane sesosa sa litaba tsa bobare ’me u bue le mosebi ka ho toba