Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 8/8 maq. 15-19
  • Karolo 15—1095-1453 C.E.—Ho Sebelisa Sabole

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 15—1095-1453 C.E.—Ho Sebelisa Sabole
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintlheng Tsa Lisabole
  • Lerumo le Tlisa Liphello Tse sa Lebelloang
  • Lisabole Tsa Bopolotiki le Tlhoriso
  • E Sentsoe ke Sabole ea Karohano
  • Na ba ne ba Phela ka Bolumeli ba Bona?
  • Karolo ea 13:476 C.E. ho ea pele—Lefifing, Ho Tsoile Ntho e ’Ngoe e “Halalelang”
    Tsoha!—1989
  • Bokoenehi—Ho Thiba Tsela e Eang ho Molimo
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Makholo a Lilemo Tsa Likarohano Likarohano
    Tsoha!—1990
  • Bolumeli le Lipolotiki na li Tseleng ea ho Thulana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 8/8 maq. 15-19

Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng

Karolo 15—1095-1453 C.E.—Ho Sebelisa Sabole

“Batho ba tla tsekisana ka bolumeli, ba ngole ka bona, ba bo loanele, ba bo shoele; ba etse tsohle empa e seng ho bo phelela.”—Charles Caleb Colton, moruti oa Lenyesemane oa lekholong la bo19 la lilemo

BOKRESTE lilemong tsa bona tsa pele bo ile ba hlohonolofatsoa ka balumeli ba neng ba phelela bolumeli ba bona. Ka cheseho ba ile ba sebelisa “sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo” ho sireletsa tumelo ea bona. (Ba-Efese 6:17) Empa hamorao, joalokaha liketsahalo pakeng tsa 1095 le 1453 li bontša, ba ipitsang Bakreste, ba sa phelele Bokreste ba ’nete, ba ile ba sebelisa lisabole tsa mefuta e meng.

Lekholong la botšelela la lilemo, ’Muso oa Bophirimela oa Roma o ile oa felisoa. O ile oa nkeloa sebaka ke oa Bochabela, ’Muso oa Byzantium oo motse-moholo oa ’ona e leng Constantinople. Empa likereke tsa eona, tse neng li khathatsoa ke likamano tse thekeselang, ka potlako li ile tsa ipona li sokeloa ke sera se tšoanang, ’muso o hōlang ka potlako oa Boislame.

Hamorao, kereke ea Bochabela e ile ea hlokomela sena, ha Mamosleme a hapa Egepeta le likarolo tse ling tsa ’Muso oa Byzantium tse Afrika e ka Leboea lekholong la bosupa la lilemo.

Nako e ka tlaase ho lilemo tse lekholo hamorao, kereke ea Bophirimela e ile ea tšosoa ke ho bona Boislame bo kenella le Spain ho ea fihla Fora, le ho kenella lik’hilomithara tse 160 haufi le Paris. Mak’hatholike a mangata Spain a ile a fetohela ho Boislame, ha a mang a ile a inkela mekhoa ea Mamosleme le ho amohela setso sa ’ona. Buka Early Islam e re: “Ka baka la ho halefisoa ke ho lahleheloa ha eona, Kereke e ile ea sebetsa e sa phomole ho fehla malakabe a boiphetetso har’a bara ba eona ba Spain.”

Lilemo tse makholo hamorao, hoba Mak’hatholike a Spain a fumane karolo e khōlō ea lefatše la oona hape, a ile a “fetohela bafo ba ’ona ba Mamosleme a ba hlōrisa ka sehlōhō. A ba qobella ho latola tumelo ea ’ona, a ba leleka naheng, ’me a nka bohato bo tiileng ba ho fothola mohlala leha e le ofe oa setso sa Mamosleme Spain.”

Lintlheng Tsa Lisabole

Ka 1095 Mopapa Urban II o ile a bitsa Mak’hatholike a Europe ho nka sabole ea sebele. Boislame bo ne bo lokela ho tlosoa linaheng tse halalelang tsa Bochabela bo Hare tseo Bokreste-’mōtoana bo neng bo bolela hore bo na le tokelo e felletseng ho tsona.

Khopolo ea ntoa ea “toka” e ne e se ncha. Ka mohlala, e ’nile ea sebelisoa ntoeng ea Mamosleme a Spain le Sicily. ’Me bonyane lilemo tse leshome pele ho pitso ea Urban, Karlfried Froehlich oa Sekolo sa Boruti sa Princeton o hlalositse hore Mopapa Gregory VII “o ile a nahana ka ho bōpa lebotho la Bokreste le neng le lokela ho loantša lira tsohle tsa Molimo ’me o ne a se a nahanne ka ho romela lebotho la sesole Bochabela.”

Ketso ea Urban e ne e le karabelo ea kōpo ea thuso ea ’musisi oa Byzantium Alexius. Empa kaha likamano pakeng tsa likarolo tsa Bokreste-’mōtoana tsa Bochabela le Bophirimela li ne li bonahala li ntlafala, e ka ’na eaba mopapa o ne a susumetsoa ke monyetla oo sena se neng se ka o hlahisa oa ho kopanya likereke tse loantšanang tsa K’hatholike. Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, o ile a bitsa Lekhotla la Clermont, le ileng la bolela hore ba lumelang ho kenela mosebetsi ona o “halalelang” ba ne ba tla hlakoleloa libe tsa bona (tšoarelo ea libe tsohle tse entsoeng). Karabelo ebile e ntle ka tsela e neng e sa lebelloa. “Deus volt” (“ke thato ea Molimo”) ea e-ba lepetjo la pitso e kopanyang Bochabela le Bophirimela.

Ho ile ha qaleha liphutuho tsa sesole tse ileng tsa koahela karolo e khōlō ea lilemo tse makholo a mabeli. (Bona lebokoso leqepheng 18.) Pele Mamosleme a ne a nahana hore bafutuhi bana e ne e le baahi ba Byzantium. Empa ka mor’a hore a hlokomele moo ba tsoang, a ba bitsa Mafrank, batho ba Jeremane bao hamorao Fora e ileng ea thola lebitso la eona ho bona. Ho khahlanyetsa phephetso ea “maqaba” ana a Europe, Mamosleme a qala ho hōlisa boikutlo ba jihad, ntoa e halalelang.

Moprofesa oa Brithani Desmond Stewart oa bontša: “Ho seithuti leha e le sefe kapa morekisi ea jetseng peō ea mokhatlo o hōlisang Boislame ka molao le ka mohlala, ho ne ho e-na le lesole le rometsoeng ntoeng ke Islame.” Halofong ea bobeli ea lekholo la bo12 la lilemo, moeta-pele oa Momosleme, Nureddin o ne a bokelletse lebotho le matla la sesole ka ho kopanya Mamosleme a Syria e ka leboea le Mesopotamia e ka holimo. Kahoo “feela joalokaha Bakreste ba Mehla e Bohareng ba ne ba nkile libetsa ho ntšetsa pele bolumeli ba Kreste, Mamosleme a ne a nkile libetsa ho ntšetsa pele bolumeli ba Moprofeta,” ho hlalositse Stewart ho ea pele.

Ho hlakile hore, ho ntšetsa pele lisosa tsa bolumeli e ne e se matla a susumetsang ka mehla. Buka The Birth of Europe e hlalosa hore ho baahi ba bangata ba Europe, Lintoa tsa Bolumeli “li fane ka monyetla o matla oa ho iketsetsa botumo, kapa ho tlatlapa thepa, kapa ho qalisa mafa a macha, kapa ho busa linaha tsohle—kapa ho balehela ho tepella ka ho etsa likhapo tse tlotlehang.” Barekisi ba Italy ba bona monyetla oa ho thea litsi tsa khoebo meeling ea linaha tsa Mediterranean e ka Bochabela. Empa ho sa tsotellehe hore na morero e ne e le ofe, ho bonahala bohle ba ne ba ikemiselitse ho shoela bolumeli ba bona—ntoeng ea “toka” ea Bokreste-’mōtoana kapa jihad ea Bomosleme.

Lerumo le Tlisa Liphello Tse sa Lebelloang

“Leha Lintoa tsa Bolumeli tse ngata li ne li lebisitsoe ho Mamosleme a ka Bochabela, cheseho ea Masole a Bolumeli e ne e oela le Bajode ba neng ba lula linaheng tseo Masole a Bolumeli a neng a tsoa ho tsona, Europe. Sepheo se tloaelehileng har’a Masole a Bolumeli e ne e le ho phetetsa lefu la Jesu, ’me Bajode e ne e le bahlaseluoa ba pele. Tlhoriso ea Bajode e etsahetse Rouen ka 1096, ’me ea lateloa kapele ke lipolao tse sehlōhō Worms, Mainz, le Cologne,” ho hlalositse The Encyclopedia of Religion. Hona e ne e mpa e le selelekela sa moea oa ho hloea Bajode oa mehla ea Polao e Sehlōhō ea Nazi Jeremane.

Lintoa tsa Bolumeli li ile tsa eketsa lehloeo la Bochabela le Bophirimela le neng le ntse le hōla ho tloha ka 1054, ha Mopatriareka Michael Cerularius oa Bochabela le Mok’halinale Humbert oa Bophirimela ba arohana ka ho feletseng. Ha Masole a Bolumeli a beha babishopo ba Latin libakeng tsa baruti ba Greece linaheng tseo ba li hapileng, karohano ea Bochabela le Bophirimela e ile ea ama le batho feela.

Lekhalo pakeng tsa likereke tse peli le ile la buleha ka ho felletseng Ntoeng ea Bone ea Bolumeli ha Mopapa Innocent III a “fetoha moikaketsi,” ho ea ka tlhaloso ea moruti oa pele oa Chache oa Canterbury, Herbert Waddams. Ka lehlakoreng le leng, mopapa o ne a halefisitsoe ke ho senngoa ha Constantinople. (Bona lebokoso leqepheng la 18.) O ngotse: “Ke joang Kereke ea Magerike e ka lebelloang ho khutlela Setulong sa Bobishopo ha e le mona e bone Malatine a beha mohlala o mobe ’me a etsa mesebetsi ea diabolose hoo Magerike ka lebaka le letle a seng a ntse a a hloile haholo ho feta lintja.” Ka lehlakoreng le leng, o ile a phakisa a sebelisa monyetla ona ho thea ’muso ao Malatine ka tlas’a mopatriareka oa bophirimela.

Ka mor’a lilemo tse makholo a mabeli tsa ntoa e batlileng e tsoela pele e sa khaotse, ’Muso oa Byzantium o ne o fokola hoo o neng o sa khone ho itšireletsa le lipolaong tse sehlōhō tsa Maturkey a Ottoman, ao, ka la 29 Motšeanong, 1453, a ileng a qetella a hapile Constantinople. ’Muso oa oa e seng ka baka la sabole ea Boislame, empa ka baka la sabole e neng e tsokotsoa ke kereke e ’ngoe ea Roma. Bokreste-’mōtoana bo arohaneng bo ile ba fa Boislame motheo o motle oa ho kena Europe.

Lisabole Tsa Bopolotiki le Tlhoriso

Lintoa tsa Bolumeli li ile tsa matlafatsa boemo ba mopapa ba boeta-pele ba bolumeli le lipolotiki. Li “ile tsa fa mopapa matla a bolaoli lipolotiking tsa Europe,” ho ngola rahistori John H. Mundy. Ka nako e khutšoaane “kereke e ile ea e-ba ’muso o moholo oa Europe..., [e tseba] ho sebelisa matla a eketsehileng a lipolotiki ho feta ’muso leha e le ofe oa Bophiri mela.”

Ho nyolohela hona matleng ho ile ha etsahala ha ’Muso oa Roma o ka Bophirimela o e oa. Kereke e ile ea sala e le ’ona feela matla a kopanyang ’muso o ka Bophirimela ’me kahoo ea qala ho nka karolo e chesehang haholo lipolotiking tsa sechaba ho feta kereke e ka Bochabela, eo ka nako eo e neng e ntse e le ka tlas’a ’musisi ea matla oa lefatše, oa Byzantium. Boemo bona bo phahameng ba lipolotiki ba kereke ea Bophirimela bo ne bo itšetlehile ka boemo bo phahameng ba bopapa, khopolo eo kereke ea Bochabela e ileng ea e hana. Leha kereke ea Bochabela e ne e lumela hore mopapa o tšoaneloa ke tlhompho, e ne e latola hore o na le taolo e felletseng lithutong tsa bolumeli kapa kahlolong.

Kereke ea Roma e K’hatholike, e susume tsoa ke matla a lipolotiki le tumelo e khelohileng ea bolumeli, e ile ea nka sabole ho felisa bahanyetsi. Mosebetsi oa eona e ile ea e-ba ho tsōma bakhelohi. Baprofesa ba histori Miroslav Hroch le Anna Skýbová ba Univesithi ea Karls Prague, Czechoslovakia, ba hlalosa kamoo Lekhotla le Khethehileng la Boahloli la K’hatholike le neng le otla bakhelohi: “Ka ho fapaneng le tšebetso e tloaelehileng, mabitso a baeki . . . a ne a sa senoloe.” Mopapa Innocent IV o ile a fana ka molao “Ad extirpanda” ka 1252, o neng o lumella tlhokofatso. “Ho chesoa thupeng, mokhoa o tloaelehileng o neng o sebelisetsoa ho bolaea bakhelohi lekholong la bo13 la lilemo,... o ne o tšoantšetsa ho hong, o bolela hore ka ho sebelisa kotlo ena, kereke e ne e se na molato oa ho tšolla mali.”

Bahlorisi ba lekhotla lena ba ile ba otla batho ba likete tse mashome. Ba bang ba likete ba chesoa thupeng, ’me ha susumetsa rahistori Will Durant ho hlalosa: “Ha re lumella khaello e ka etsoang ke rahistori le ke Mokreste, re tlameha ho beha Lekhotla le Khethehileng la Boahloli la K’hatholike . . . har’a matheba a matšo haholo tlalehong ea batho, le senola bohale bo sa tsejoeng sebateng leha e le sefe.”

Liketsahalo tsa Lekhotla le Khethehileng la Boahloli la K’hatholike li hopotsa batho mantsoe a Blaise Pascal, mofilosofi le ramahlale oa Lefora oa lekholong la bo17 la lilemo ea ngotseng: “Ha ho mohla batho ba etsang bobe ka ho felletseng le ka thabo ho tšoana le haeba ba bo etsa lebitsong la bolumeli.” Kannete, ho tsoka sabole ea tlhoriso khahlanong le batho ba phelang malumeling a fapaneng e ’nile ea e-ba letšoao le khethollang bolumeli ba bohata ho tloha ha Kaine a bolaea Abele.—Genese 4:8.

E Sentsoe ke Sabole ea Karohano

Karohano ea bosechaba le maqiti a lipolotiki li lebisitse ho tlosoeng ha setulo sa bopapa Roma ho ea Avignon ka 1309. Leha ho le joalo se ile sa khutlisetsoa hape Roma ka 1377, lehloeo le tsoelang pele la bakoa kapelenyana ka mor’a moo ke ho khethoa ha mopapa e mocha, Urban VI. Empa sehlopha sona seo sa bak’hadinale se mo khethileng se ile sa boela sa khetha mopapa ea tsekisanang le eena, Clement VII, ea ileng a lula Avignon. Lintho li ile tsa ferekana le ho feta mafelong a lekholo la bo15 la lilemo, ha ka nako e khutšoaane bapapa ba bararo ba busa ka nako e le ’ngoe!

Boemo bona, bo neng bo tsejoa e le Karohano ea Bophirimela, kapa e Khōlō, bo ile ba felisoa ke Lekhotla la Constance. Le ile la hlahisa molao oa lekhotla, molao oa hore matla a felletseng a bolumeli a matsohong a makhotla a akaretsang e seng ho bapapa. Kahoo, ka 1417 lekhotla le ile la tseba ho khetha Martin V e le mopapa e mocha. Leha kereke e ne e kopantsoe hape, e ne e fokola haholo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mabali, bopapa bo ile ba hana ho hlokomela tlhoko leha e le efe ea nchafatso. Ho ea ka John L. Boojamra, oa Sekolo sa Baruti sa Orthodox sa Saint Vladimir, ho hlōleha hona “ho ile ha rala motheo oa Nchafatso ea lekholong la leshome le metso e tšeletseng la lilemo.”

Na ba ne ba Phela ka Bolumeli ba Bona?

Mothei oa Bokreste o laetse balateli ba hae ho etsa barutuoa empa haa ka a ba bolella ho sebelisa matla a likhoka ha ba etsa joalo. Ha e le hantle o ile lemosa ka ho toba hore “ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.” Ka ho tšoanang haa ka a laela balateli ba hae ho hlōrisa bahanyetsi. Molao-motheo oa Bokreste oo ba neng ba o boloka ke ona: “Mohlanka oa Morena ha a tšoanela ho loana; empa e ka khona a be mosa ho bohle, a lokele ho ruta, a mamelle ka sebete. A rute ka bonolo ba hanyetsang.”—Mattheu 26:52; 2 Timothea 2:24, 25.

Ka ho fetohela saboleng ea sebele ea ntoa, le saboleng ea tšoantšetso ea lipolotiki le tlhoriso, ho hlakile hore Bokreste-’mōtoana bo ne bo sa latele boeta-pele ba Eo bo ’molelang e le Mothei oa bona. Bo se bo ntse bo sentsoe ke karohano, bo ne bo sokeloa ke ho oa ho felletseng. Roma e K’hatholike e ne e le “Bolumeli bo Hlokang Nchafatso e Khōlō.” Empa na nchafatso ena e tla tla? Ha ho le joalo, neng? Ka mang? Tokollo ea rōna ea September 8 e tla re bolella ho eketsehileng.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18

Na ke Ntoa e Ntle ea Bokreste?

Na Lintoa tsa Bolumeli e ne e le ntoa e ntle eo Bakreste ba ileng ba laeloa ho e loana?—2 BaKorinthe 10:3, 4; 1 Timothea 1:18.

Ntoa ea Pele ea Bolumeli (1096-99) e felletse ka ho hapuoa hape ha Jerusalema le ho theoa ha linaha tse ’nè tsa Latin ka Bochabela: ’Muso oa Jerusalema, Motse oa Edessa, Motse-moholo oa Antioke, le Motse oa Tripoli. Setsebi se qotsitsoeng ke rahistori H. G. Wells ha se hlalosa ka ho hapuoa ha Jerusalema se re: “Polao e ne e le mpe; mali a ba bolailoeng a ne a phalla literateng, ho fihlela ha batho ba qhafutsa maling ha ba tsamaea. Bosiu masole a bolumeli ‘a nyoretsoeng thabo e eketsehileng,’ a ne a kopana Sepulchre a etsoa sehatelong sa morara, ’me a kopanye matsoho a ’ona a khanathetseng mali a rapele hammoho.”

Ntoa ea Bobeli ea Bolumeli (1147-49) e ile ea qaleha ka lebaka la ho lahleha ha Motse oa Edessa matsohong a Mamosleme a Syria ka 1144; ’me e felile ha Mamosleme a atleha ho furalla “bahanyetsi” ba Bokreste-’mōtoana.

Ntoa ea Boraro ea Bolumeli (1189-92), e ileng ea loanoa ka mor’a hore Mamosleme a nke Jerusalema hape, e ne e e-na le moeta-pele e mong oa eona e le Richard I, “ea neng a e-na le pelo e thata,” oa Engelane. Kapelenyana “e ile ea fela, ka lebaka la khohlano, ho tsekisana, le ho haella ha tšebelisano,” ho bolela The Encyclopedia of Religion.

Ntoa ea Bone ea Bolumeli (1202-4) e ile ea tlohelloa ka lebaka la ho haella ha lichelete ho tloha Egepeta ho ea Constantinople; thuso ea chelete e ile ea tšepisoa ha feela masole a bolumeli a thusa ho beha Alexius boreneng, moikaketsi ea neng a lelekiloe naheng oa Byzantium. “Tšenyo [e ileng ea latela] ea Constantinople ka Masole a Bolumeli ke Ntoa eo Orthodox ea Bochabela e ke keng ea e lebala kapa ea e tšoarela,” ho bolela The Encyclopedia of Religion, e phaella ka ho re: “Haeba ho lokela ho beoa letsatsi bakeng sa ho theoa ho tiileng ha karohano, le tšoanelehang haholo—ha ho nahanoa—ke selemo sa 1204.”

Ntoa ea Bolumeli ea Bana (1212) e bolaile bana ba likete ba Majeremane le ba Fora ba neng ba e-s’o fihle moo ba neng ba ea teng.

Ntoa ea Bohlano ea Bolumeli (1217-21), ea ho qetela ka tlas’a taolo ea mopapa, e ile ea hlōleha ka lebaka la boeta-pele bo fokolang le ho kenella ha baruti.

Ntoa ea Botšelela ea Bolumeli (1228-29) e ne e etelletsoe pele ke ’Musisi Frederick II oa Hohenstaufen, eo pele Mopapa Gregory IX a neng a mo nketse litokelo tsa kereke.

Ntoa ea Bosupa le ea Borobeli ea Bolumeli (1248-54 le 1270-72) li ne li etelletsoe pele ke Louis IX oa Fora empa tsa fela ka mor’a ho shoa ha hae Afrika e ka Leboea.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Mabitla a Bajode Worms, Jeremane—khopotso ea Ntoa ea Pele ea Bolumeli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela