Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 7/8 leq. 31
  • “Ka Puo ea Habo Rōna ha ho na Mahlapa”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ka Puo ea Habo Rōna ha ho na Mahlapa”
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo Puo e sa Hloekang e sa Tšoanelang Bakreste
    Tsoha!—1992
  • Qoba Puo e Utloisang Bohloko
    Tsoha!—2003
  • Ke Eng se Phoso ka ho Rohakana ka Linako Tse Ling?
    Tsoha!—1989
  • Nka Hanela Khatello ea ho Rohakana Joang?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 7/8 leq. 31

“Ka Puo ea Habo Rōna ha ho na Mahlapa”

MAHLAPA ke eng? Ke “puo e litšila, e nyonyehang, kapa e sa hlompheheng.” (The American Heritage Dictionary) Ka bomalimabe, linaheng tse ngata mahlapa ke puo ea seterateng. Le hoja nakong e fetileng banna e ne e le bona ba molato oa puo e joalo e nyonyehang, kajeno ho ntse ho tloaeleha haholoanyane ho utloa puo e litšila e tsoa melomong ea basali. Leha ho le joalo, litsong tse ling mahlapa ha ea ka ea tloha e le karolo ea puo ea letsatsi le letsatsi. Ka mohlala nka bopaki ba Moindia oa Apache, James Kaywaykla.

James o hlahetse New Mexico, United States, hoo e ka bang ka 1873. Botsofaling ba hae, ha a ne a le lilemo li ka bang 90, o ile a pheta se latelang:

“Hoseng ho hong ke ile ka tsosoa ke lentsoe la Ntate-moholo. O ne a lutse mathuleng, a shebile bochabela, ’me a bina Pina ea Hoseng. Sena ke sefela se bineloang Ussen . . . a Mo leboha ka e ’ngoe ea limpho tsa hae tse khōlōhali—e leng lerato le pakeng tsa monna le mosali, leo ho Maapache e leng ntho e halalelang.a Ha ho mohla a etsang mesoaso e litšila ka ho kopanela liphate, le hore ebe Mahlo a Masoeu [Makhooa] a nka kemolo le tsoalo e le lintho tseo ho ka soasoang ka tsona, ke ntho eo a ke keng a e utloisisa. Ho bona ho tšoana le ho tlaela ka lebitso la Molimo. Ke motlotlo haholo hore ebe ka puo ea habo rōna ha ho na mahlapa. Re leboha ’Mōpi oa Bophelo bakeng sa tokelo ea ho kopanela pōpong ea bophelo bo bocha.”—Native Heritage, e hlophisitsoeng ke Arlene Hirschfelder.

Hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola: “Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.” O boetse a ngola: “Bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna, feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang; leha e le boitšoaro bo hlabisang lihlong kapa puo ea booatla kapa mesoaso e nyonyehang, lintho tse sa tšoanelang, empa ho e-na le hoo e be ho leboha.”—Baefese 4:29; 5:3, 4.

Mahlapa le mesoaso e nyonyehang li ka ntšoa ka metso joang pelong, kelellong le molomong? Keletso ea Pauluse ho Bafilipi e ka ’na ea re thusa kaofela ha rōna: “Barab’eso, lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng, lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.”—Bafilipi 4:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho latela tumelo ea Moapache, Ussen ke ’mōpi oa bophelo.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 31]

All photos: Library of Congress, Prints & Photographs Division; Apache symbol: Dover Publications, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela