Ntoa—Liphello Tse Bohloko
MATLA a ntoa a ripitlile banna, basali, bana, masole le batho ba sa loaneng ba limillione. A siile ba bangata ba holofetse ’meleng, maikutlong, le kelellong.
Masole
Masole a mangata a ileng a phonyoha sehlōhō sa ntoa a holofetse, le ho pongoa litho ’me litebello tsa ’ona tsa kamoso li lerootho. E mong oa batho ba joalo ke, lesole le seng le hōlile le ileng la phonyoha ntoa ea pele ea lefatše—’me ka lilemo tse latelang tse 30 tsa bophelo ba hae o ile a tlameha ho mamella bohloko bo bakiloeng ke liphello tsa gase e sebelisitsoeng ntoeng eo.
Leha ho le joalo, hangata ke maqeba a maikutlo le a kelello ao ho leng thata ho a mamella. “Ha ho monna ea loanneng Ntoeng ea Pele ea Lefatše ea lebalang ka ho felletseng phihlelo ena,” ho ngola Keith Robbins ho The First World War. ’Me o tsoela pele ka hore: “Ho bonahala banna ba neng ba bolokile botsitso ba bona le bonolo ba ile ba hlokofatsoa ka sekhukhung. Lilemo tse ngata hamorao ba ne ba tsoha bosiu, ba sa tsebe ho lebala sehlōhō se saletseng likelellong tsa bona.”
Ka mohlala, nahana ka sehlōhō sa letsatsi le le leng ka 1916 ntoeng ea pele ea Somme—moo ho ileng ha bolaoa batho ba 21 000 ’me ba 36 000 ba ntšoa kotsi har’a masole a Brithani feela! “Ke ka seoelo banna ba neng ba tsoa Somme ba neng ba bua ka liphihlelo tsa bona tse tšosang. Ho ile ha fihla boikutlo ba ho shoa bohatsu . . . monna e mong o ile a khathatsoa bophelong ba hae bohle ke monahano oa hore o ile a hlōleha ho thusa lesole le leng le neng le kōpa thuso ha le ne le khutlela morao sebakeng se lipakeng tsa makhotla a lira.”—The Sunday Times Magaiine, October 30, 1988.
“U tšaba hore u tla utloisa bao u ba ratang bohloko,” ho bolela Norman J——, ha a hlalosa ka liphello tsa koetliso e matla ea ntoa. “Haeba u tsosoa ka tšohanyetso, boikutlo bo tloaelehileng ke ho batla ho hlasela.” Banna ba bileng boemong bo bohloko nako e telele ba tsoile kotsi maikutlong. O tsoetse pele ka hore: “Ho thata ho bontša ho ameha maikutlong leha e le hofe, ke ile ka boela ka bona banna ba tšoenyehileng ka ho tebileng maikutlong. Ke ile ka bona banna ba pshatla ligalase tsa joala ’me ba li hlafuna.”
Liketso tsa Norman li tloaelehile. “Lesole le le leng ho a supileng Vietnam le hlokofatsoa ke liphello tse bohloko tsa ka mor’a ntoa,” ho boletse tlaleho e ’ngoe. Koranta e ’ngoe e bile le sehlooho sena: “Ho ba bangata, ntoa e ntse e tsoela pele.” Se tsoetse pele ka hore: “Masole a kang millione e le ’ngoe a Vietnam a sa ntse a tlameha ho lebala ntoa e ntseng e a khathatsa ho fihlela kajeno . . . A mang a ipolaile esita le ho hlokofatsa malapa a oona. A mang a khathatsoa ke litšoantšo tsa ntoa tse khutlelang mohopolong nako le nako ho phofa le ho itšehla-thajana . . . A hlokofatsoa ke leqeba kelellong leo a lokelang ho tsoela pele ho le mameila.”
Ka linako tse ling sena se qetella ka boitšoaro ba bonokoane. Banna bana ba ka talima bophelo le boitšoaro e le tsa bohlokoa bo bokae, ha “polao tlas’a maemo a itseng e ka etsa hore ke ahloleloe lefu, ha maemong a mang e ka etsa hore ke hape moqhaka.” ho boletse Gerald Priestland. (Priestland—Right and Wrong) “Re ne re le babolai ba hiriloeng,” ho boletse lesole le leng la Vietnam. “Joale letsatsing le hlahlamang re ne re tlameha ho ea hae femeng ea Ford [koloi] le ho lebala ntho e ’ngoe le e ’ngoe. E, ho lokile.—Newsweek, July 4, 1988.
Baahi
Lintoa tse peli tsa lefatše, ho bolela Frankfurter Allgemeine Zeitung, “li bile le phello e bohloko kelellong tsa moloko ’ohle . . . Batho ba fetileng liketsahalong tse joalo, ba siiloe ba e-na le maqeba, ’me ana a ile a fetisetsoa ho litloholo le litloholoana . . . Mashome a manè a lilemo hamorao matšoao a bohloko a qala ho hlaka.” Bohloko bo joalo bo ’nile ba utluoa lefatšeng lohle.
Ka mohlala, Mary C——, o ne a lula Engelane haufi le sebaka seo Majeremane a neng a akhela libomo ho sona nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. “Kahobane ke ile ka koalla maikutlo ana sefubeng e le hore ke se tšose bana ba ka, ke ile ka tsuba haholo, ’me ka qetella ke tšoeroe ke lefu la methapo ea hlooho le ileng la hlahisa lefu la ho tšaba ka ho sa tloaelehang ho koalloa sebakeng se thōtseng.”
Ka lehlakoreng le leng la meeli ea ntoa e ne e le Cilly P——, oa Jeremane. O re: “Joaloka baphaphathehi, re ile ra ithuta se boleloang ke tlala.” O ile a ithuta se boleloang ke masoabi. O tsoela pele: “Neng kapa neng ha ho ne ho buuoa ka ba bolailoeng kapa ba lahlehileng, re ne re nahana ka banna ba rōna. Anni, kharebe ea khaitseli ea ka, o ile a fumana molaetsa oa lefu la mohlankana oa hae ntoeng pele a beleha mafahla a bona. Ntoa e ile ea amoha malapa a mangata banna ba oona, malapa a oona, le matlotlo a oona.”
Anna V—— oa Italy e bile e mong ea ileng a hlokofatsoa ke ntoa. O itse: “Ke ile ka halefisoa ke tlokotsi ea ntoa le mahlomola a tlisitsoeng ke eona lapeng la ka, ’me selemo hamorao hoba Ntoa ea II ea Lefatše e lale, ’mè oa ka o ile a shoa, a sa ka a bona mora oa hae ha a khutla kampong ea batšoaruoa ba ntoa Australia. Khaitseii o bolailoe ke ho hloka lijo tse loketseng le ho hloka tlhokomelo ea meriana. Ke ile ka felloa ke tumelo ea ka ho Molimo hobane a ile a lumella masisa-pelo le lipolao.”
Letšoho le joalo, karohano, le masoabi a ho shoeloa ke lintho tse thata ho li mamella. Hangata litšenyehelo ho batho li phahame haholo. Mosali e mong e mocha, eo e bileng mohlolohali nakong ea Ntoa ea Falklands mahareng a Brithani le Argentina ka 1982, o hlalositse maikutlo a bahlolohali ba limillione ha a re: “Ho ne ho sa lokela hore ke lahleheloe ke monna oa ka lebaka la sebaka se senyenyane . . . bothata bo boholo ke ho mamella bohloko maikutlong.”—Sunday Telegraph, October 3, 1982.
Hape nahana ka maqeba ’meleng le kelellong a bakiloeng ho baphonyohi ba ntoa ea nuclear. Tlaleho e ngotsoeng ka 1945 ho Shadows of Hiroshima, e fana ka khopotso e tšosang ea liphello tse bohloko tsa ho ripitloa ha Hiroshima ka bomo:
“Hiroshima, matsatsi a mashome a mararo ka mor’a hore bomo ea pele ea atomo e ripitle motse le ho tšosa lefatše, batho ba ntse ba shoa, ka sekhukhung le ka sehlōhō—batho ba ile ba lematsoa ke moroallo oa ntho e sa tsejoeng eo nka e hlalosang e le koluoa ea athomo. Hiroshima e ne e sa bonahale joaloka motse o ripitliloeng ke bomo. O tšoana le hoja eka mochini o moholo o matla o ile oa o silakanya.” Lilemo tse fetang 40 hamorao, batho ba sa ntse ba kula le ho shoa ke ho phatloha hoo.
Bana
Ba bang ba bahlaseluoa ba baholo mahlakoreng a loanang a lefatše ebile bana, ’me ba bangata ba ile ba isoa bosoleng libakeng tse kang Ethiopia, Lebanone, Nicaragua, le Kampuchea.
“Se hlakileng ho tsoa Iran ke hore ha bashanyana ba ne ba romeloa ntoeng ba ne ba tšoaetsoa habonolo ke boemo ba ntoa, ’me bohloko ba maikutlo a bona bo ne bo teba haholo ho feta ba masole a batho ba baholo,” ho boletse The Times ea London. Ha e bua ka phello eo tšoaro e joalo e sehlōhō e bang le eona ho bana, molula-setulo oa mokhatlo oa litokelo tsa batho o ile a botsa, “Na ba tla ke ba hōle e le batho ba baholo ba phetseng hantle likelellong le ba tsitsitseng maikutlong?”
Potso eo e arabeloa bukeng ea Roger Rosenblatt Children of War. O ile a buisana le bana ba hōletseng libakeng tseo ba neng ba tseba ntoa feela. Ba bangata ba ile ba bontša ho hlaphoheloa ho babatsehang liphihlelong tsa bona tse tšosang. Empa ba bang, joaloka “bana ba bangata ba neng ba tsamaea ka sekepe, haholo bao batsoali ba bona ba ileng ba sala Viet Nam, ho bonahala ba ne ba tšoenyehile le ho khathatseha ka ho tebileng.”
Ke joang bahlaseluoa ba phonyohileng ntoa—banna, basali, le bana—ba ka mamellang mathata ao sena se a hlahisitseng bophelong ba bona? Litho tse ling tsa lelapa li ka thusa joang? Na masisa-pelo a joalo a tla fela?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
‘Re ne re le babolai ba hiriloeng. Letsatsing le latelang re ne re tlameha ho khutlela hae le ho lebala ntho e ’ngoe le e ’ngoe!’