Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 11/8 leq. 12
  • Li Tla Fela Neng Kaofela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Li Tla Fela Neng Kaofela?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lintho Tsa Bohlokoa Tse Ncha Lipapaling
  • Pefo le Lithethefatsi—Na li Tla Fela?
  • Pefo Lipapaling—Ke Hobane’ng ha e Eketseha?
    Tsoha!—1989
  • Ho Etsahala Eng Lipapaling?
    Tsoha!—1989
  • Papali ea Bolo ea Mohope oa Lefatše—Na ke Papali Kapa ke Ntoa?
    Tsoha!—1991
  • Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 11/8 leq. 12

Li Tla Fela Neng Kaofela?

HO NKA karolo papaling e khathollang hoa thabisa ’me ebile ho molemo. Empa ka bomalimabe, ho ba libapali kapa ho ba bashebelli feela mabaleng a lipapali hangata ho bolela ho monya moea oa lefatše o mabifi ka ho fetelletseng oo hangata o tletseng lithethefatsi. Lipapali tsa mehleng ea joale ke pontšo e ’ngoe ea lefatše le mabifi. Ha mofilosofi Emanuele Severino a bua ka likotsi tsa Belgium ka 1985 tse bakileng mafu a batho ba 39 litulong tsa babōhi lebaleng la papali ea bolo, o itse: “Ka kakaretso o lumela hore liketsahalo tse kang ea Brussels li etsahala hobane batho ba haelloa ke tumelo e eketsehileng ka lintho tsa bohlokoa tsa motheo tsa sechaba sa rōna.” Eaba o eketsa ka hore: “Pefo ea mehleng ea rōna ha ea qalisa ka baka la ho hlokahala ha lintho tsa bohlokoa empa ka ho ba teng ha lintho tsa bohlokoa tse ncha.”

Lintho Tsa Bohlokoa Tse Ncha Lipapaling

Lintho tsena tsa bohlokoa tsa motheo tse ncha tse boletsoeng ke Moprofesa Severino ke life? E ’ngoe ke boithati bo etsang limathi e be “melimo” ea ’mampoli.

Joale ho boetse ho na le bochaba bo bakoang ke lipolotiki. Makasine L’Espresso o boletse: “Lipapali li fetohile sepalangoang se seholo bakeng sa ho hōlisa likamano tsa sechaba. Ha li hlōla ka ho eketsehileng, sechaba seo se talingoa e le sa bohlokoa.”

Chelete ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tse ncha e fetohileng karolo ea lipapali. Chelete e ngata le phaello ea khoebo—litokelo tsa khaso ea thelevishene, liphatlalatso, lottery, le tšehetso—li tiisa “tlholisano e se nang melao-motheo,” esita le har’a limathi ka botsona. Eo e kileng ea e-ba sebapali sa bolo ea maoto o boletse hore bolo ea maoto “ha e sa le papali. Ke khoebo.”

Molao-motheo o renang hohle ke ho hlōla joang kapa joang, ’me ho ea ka lintho tsa bohlokoa tse ncha tsa kajeno, sena se bolela ntho e ’ngoe le e ’ngoe—ho tloha ka pefo lebaleng le litulong tsa bashebelli ho ea pefong e bakoang ke batšehetsi pele le ka mor’a papali, ho tloha tšebelisong ea lithethefatsi le liphello tse bolaeang, ho ea ho leeme le ho hloka molao. Moea oa papali, o bitsoang ka hore ke papali e lokileng, ho bonahala e le ntho ea nakong e fetileng. Na o tla ke o khutle? Ka ho lekanyetsa ka se boletsoeng, batho ba tšepa hore o tla khutla, empa linnete ke tse nyahamisang.

Pefo le Lithethefatsi—Na li Tla Fela?

Joalokaha Moprofesa Severino a lumela, pefo lipapaling ke tšobotsi e ’ngoe e akaretsang ea pefo e tšoenyang sechaba sa joale. Pefo e ngata hakaale e bakoa ke eng? Boprofeta ba Bibele bo re thusa ho utloisisa bothata bona. Ha moapostola Pauluse a bua ka mehla ea bofelo ea tsamaiso ena e khopo ea lintho, o thathamisitse litšobotsi tse latelang: ‘Hobane batho e tla ba ba hlokang teboho le borapeli; ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo, e be baeki, le bahalefi le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama.’ O ile a phaella ka hore: “Batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetsoa.”—2 Timothea 3:1-5, 13.

Bibele e hlalosa hore lefatše la joale “le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) “E mobe” ke Satane Diabolose ea senyang lintho tse molemo, joaloka lipapali tse lokileng. Ke eena ea ikarabellang bakeng sa moea o mabifi. O boetse ho hōlisa bochaba, boithati, le meharo e sentseng lipapali tsa sechaba.

Empa rōna joaloka batho ka bomong, ha rea tlameha ho lumella moea oo oa bodemona. Ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele re ka tseba ho “hlobola” botho ba rōna ba khale hammoho le mesebetsi ea bona e fosahetseng, ho kopanyelletsa mekhoa e mabifi le ho apara “botho bo bocha,” bo hlahisang litholoana tsa khotso.—Ba-Kolosse 3:9, 10, NW; Ba-Galata 5:22, 23.

Leha ho le joalo na pefo le tšebeliso ea lithethefatsi lipapaling li tla ke li fele? E! Neng? Ha pefo le tšebeliso ea lithethefatsi sechabeng li felile. Ho eketseha ha bokhopo hona joale ho bontša hore nako eo e haufi!—Pesaleme ea 92:7.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela