Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 5/8 maq. 10-12
  • Papali ea Bolo ea Mohope oa Lefatše—Na ke Papali Kapa ke Ntoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Papali ea Bolo ea Mohope oa Lefatše—Na ke Papali Kapa ke Ntoa?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Papali Kapa ke Ntoa?
  • Tlhohonolofatso ea Mopapa
  • Litlokotsebe tse Bakang Morusu le Pefo Lipapaling
  • Pono e Leka-lekaneng ka Papali ea Bolo
  • Pefo Lipapaling—Ke Hobane’ng ha e Eketseha?
    Tsoha!—1989
  • Ho Etsahala Eng Lipapaling?
    Tsoha!—1989
  • Li Tla Fela Neng Kaofela?
    Tsoha!—1989
  • Ho Nyarela ka Litabeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 5/8 maq. 10-12

Papali ea Bolo ea Mohope oa Lefatše—Na ke Papali Kapa ke Ntoa?

Ka mongoli oa Tsoha! Italy

MONAHANO oa lefatše o ile oa lebisoa papaling ea bolo ea maoto. Ho tloha ka la 8 June ho ea ho la 8 July, 1990, mahlo a batho ba makholo a limillione a ne a tsepamisitsoe lithelevisheneng tsa bona hore a bone ketsahalo ea selemo—litlhōlisano tsa bo-’mampoli ba papali ea bolo tsa Mohope oa Lefatše tse neng li tšoaretsoe Italy. Kakaretso ea lefatše ka bophara ea babōhi ba thelevishene ba 30 000 000 000 e ile ea shebella ha ho ne ho bapaloa lipapali tse 52—seo ke lenane la baahi ba lefatše le imenneng ka makhetlo a tšeletseng!

Pono ena ea thelevishene e ile ea khona ho bontšoa ke mokhatlo oa theknoloji oa boemo bo phahameng ka ho fetisisa—setsi sa tlhahiso sa TV se neng se fepela likhokahanyo tse 147 tsa lichaba tse 118, hammoho le lik’hamera tsa thelevishene tse 180, likaroloana tsa tlhahiso tse 38, le litsebi tsa theknoloji tse 1 500. Hape ba neng ba le teng lipapaling tse neng li bapalloa mabaleng a 12 a papali ea bolo Italy e ne e le babōhi ba 2 515 000 le baqolotsi ba litaba ba 6 000 ba tsoang lefatšeng lohle. Leha ho le joalo, manane ana ha a hlalose pale eohle. E le hore ho ka hlalosoa ho “balehela ’nete” hona ho hoholo, joalokaha ba bang ba ho bitsitse joalo, bangoli, litsebi tsa kahisano, litsebi tsa thuto ea kelello, batšoantši, esita le baruti ba ile ba fana ka litlhaloso ka ketsahalo ena.

Leha ho le joalo, na papali ea bolo ea Mohope oa Lefatše e ile ea tlatsetsa kutloanong ea lichaba le moeeng o motle oa papali? Na batho ba limillione ba neng ba shebelletse lipapali ka thuso ea satellite ba ile ba tseba ho hlōla lehloeo la bona le bochaba matsatsing ao a 30 le hoja ba ne ba kopantsoe ke lerato bakeng sa papali ee? Na papali ea bolo e ile ea e-ba tšusumetso ea bonngoe?

Na ke Papali Kapa ke Ntoa?

Ha re nahaneng ka tšobotsi e le ’ngoe feela e jeleng setsi hakana lipapaling tsa kajeno—pefo. Tšobotsi ena e etsahala hangata lipapaling tsa bolo ea maoto—lebaleng la lipapali, litulong tsa babōhi, le ka ntle ho lebala la lipapali. Litsebi tsa thuto ea kelello, liithuti tsa kahisano le baqolotsi ba litaba baa lumellana hore lefatšeng le tletseng pefo hakana, lipapali hase mokhelo. Litekanyetso tsa motheo tsa boitšoaro li tsoela pele ho senngoa ka ho se tsotelle. Boitekong ba ho pata pefo e leng teng lipapaling tsa kajeno, tšebeliso ea lipoleloana tse kang “lipapali ke phihlelo e molemo,” “moea oa botsoalle,” kapa “boena” ha e sebetse.

Litlhōlisano tsa bo-’mampoli ba Mohope oa Lefatše e ne e se mokhelo. Nakoana pele li qala, ho ile ha utloahala litlaleho tse tšosang. Matsatsi a 18 pele ho papali ea selelekela, sehlooho sa litaba sa koranta ea La Repubblica se ne se baleha tjena: “Litšokelo tsa Boitšoaro bo Mabifi Papaling ea Bolo ’me Bahahlauli baa Baleha Italy.” Ba neng ba tšajoa haholo e ne e le litlokotsebe (hooligans ka Senyesemane) tse bakang morusu le pefo tse tummeng, e leng sehlopha sa batšehetsi ba papali ea bolo sa Engelane se tsebahalang hohle Europe ka ho senya ha sona thepa pele ho papali e ’ngoe le e ’ngoe, ha papali e ntse e tsoela pele, esita le ka mor’a eona.a

Khatiso ea June 1, 1990, ea La Stampa ea letsatsi le letsatsi ea Turin e ile ea hlalosa lisosa tsa pefo mabaleng a lipapapli le boitšoaro bo mabifi ba basenyi, e hlalosa tjena: “Hona joale ha ho na meeli lihlopheng tsa papali ea bolo. Bahanyetsi ba lehlakore le leng ha e sa le bahanyetsi feela empa ke ‘lira’; qabang hase mokhelo empa ke molao, ’me e tlameha ho ba e matla, e matla kamoo ho ka etsahalang ka teng.” Empa ke ka baka la’ng? “‘Hobane re hloeane,’ ho arabetse litlokotsebe tse ling tse bakang morusu le pefo papaling ea bolo tse tsoang Bologna.” Ha seithuti sa kahisano Antonio Roversi se leka ho hlalosa lebaka la lehloeo le joalo se itse: “Bana ba bang teng mabaleng a lipapali ba tšoeroe ke ‘lefu la ho lelera.’ Ba tšoeroeng ke lefu lena ba talima lira tsa metsoalle ea bona e le lira tsa bona, metsoalle ea lira tsa bona e le lira tsa bona, ’me ka lehlakoreng le leng, motsoalle oa motsoalle ke motsoalle ’me sera sa sera ke motsoalle.”

Lehloeo, pefo, bora, tšenyo ea thepa, “lefu la ho lelera”—ebile tsona tse renang le pele ho litlhōlisano tsa bo-’mampoli ba papali ea bolo ea Mohope oa Lefatše ’me ho ne ho se ho tletse moea oa ntoa. Ho sa tsotellehe boemo bona, Italy e ile ea lokisetsa ketsahalo eo ka boikutlo ba thabo.

Tlhohonolofatso ea Mopapa

Esita le mopapa ea ke keng a hlokahala moo batho ba bangata ba bokaneng teng, o ile a etela “tempele” ea Mohope oa Lefatše, Lebala la Lipapali tsa Liolimpiki la Roma le hahuoeng bocha, ’me a le hlohonolofatsa. O itse: “Ka ntle le ho ba mokete oa lipapali, Litlhōlisano tsa Bo-’mampoli ba Lefatše tsa Papali ea Bolo li ka fetoha mokete oa ho thabela bonngoe mahareng a lihlopha tsa batho.” O ekelitse ka hore lipapali tsa mehla ea kajeno li tlameha ho qoba likotsi tse tšabehang tse kang takatso e fetelletseng ea ho batla lintho tse bonahalang, ho beha khatello e fetelletseng botumong, tšebeliso ea lithethefatsi, ho qhekella, le pefo. O ne a hopotse “hore boiteko le boitelo bo entsoeng bo tla etsa ‘Italia ’90’ hore e be nako ea khōlo ea boena bakeng sa baahisani le batho bohle.” Mojesuite Paride Di Luca, eo e kileng ea e-ba sebapali sa bolo, o ile a pheta maikutlo a mopapa ‘Thapelong ea hae ea Motšehetsi oa Papali ea Bolo’ ha a ne a re: “Oho Molimo oa ka, Tloo u tl’o bona Papali ea Mohope oa Lefatše.”

Empa na papali ea Mohope oa Lefatše e ne e hlile e le mokete o moholo? Na Molimo oa bokahohle o ne o tla ameha? A re talimeng sebōpeho sa lipapali, le litekanyetso tseo li li phahamisang.

Litlokotsebe tse Bakang Morusu le Pefo Lipapaling

Ka baka la litlokotsebe tse bakang morusu le pefo, metse e kang Cagliari le Turin e bile tlas’a thibelo mekhahlelong eohle ea pele ea litlhōlisano tsa bo-’mampoli. Mehlala ea lihlooho tse ling tse khōlō tsa likoranta ke ena: “Rimini e Ranthantsoe ke Ntoa”; “Ho Qhoma Ntoa Cagliari”; “Pefo Turin: Lejeremane le Lenyesemane ba Hlabiloe ka Thipa”; “Letsatsi la Morusu Mahareng a Batšehetsi ba Manyesemane, Majeremane, le Mataliana”; “Re Pholoseng ho Batšehetsi ba Manyesemane—Ramotse oa Turin o Etsa Boipiletso”; “Masiu a Liqabang Mahareng a Litlokotsebe tse Fetelletseng. Ramotse: Ba Tsoang Turin ke Litlokotsebe tsa Sebele tse Bakang Morusu le Pefo.” Mohlala o mong o nyarosang ke ona: “‘Kamoo u ka Hlabang Motšehetsi oa Sehlopha sa Bohanyetsi ka Thipa’—E Hatisitsoe Engelane, Bukana ea Setlokotsebe sa Sebele se Bakang Morusu le Pefo.” Lihlooho tsena tse khōlō li lekane bakeng sa ho re neha setšoantšo sa boemo bohle. Empa lintho tse kang tsena e mpa e le phello ea tlhaho ea mokhatlo oa batho ba tletseng pefo.

Ketsahalo eo e khōlō ea lipapali ha ea ka ea fella ka thabo. Ho letsa mololi ha batšehetsi ba Mataliana ho somang sehlopha sa Argentina le ’mampoli oa sona, Maradona, ka baka la ho hlōla sehlopha sa Italy ho ile ha felisa thabo ea lipapali le ho senya papali ea ho qetela. Phirimaneng eo ea July, ho ne ho se na “boena lipapaling tse khōlō” Lebaleng la Lipapali la Liolimpiki; “tempele” ea Mohope oa Lefatše e ile ea silafatsoa. Il Tempo ea la 10 July, 1990, e hlalositse: “Ha ba le ka ntle ho lebala la lipapali, ba ne ba nyatsa lipapali—ha ba le litulong tsa babōhi, ba ile ba senya papali.”

E bile qetello e soabisang ea ketsahalo eo batho ba bang ba neng ba hopotse hore e tla etsa lefatše hore e be “motse oa batho bohle” o hlokang litšitiso bonyane matsatsi a 30. Empa haeba papali ea bolo e sa tsebe ho thea khotso le kutloano ka hare le ka ntle ho lebala la lipapali, na ke ho utloahalang ho nahana hore e ka ba tšusumetso bakeng sa khotso ea lefatše?

Pono e Leka-lekaneng ka Papali ea Bolo

La Stampa e ile ea phahamisa papali ea bolo, e e hlalositse e le “masalla a halalelang a litlhōlisano tsa baholo-holo, papali ea bolo ke letšoao la se ke keng sa profetoa, papali e ka sehloohong ea litlhōlisano tsa lipapali.” Ha u nahana ka khopolo ena, Mokreste ea tšepahalang o lokela ho talima papali ea bolo joang? Ha e le hantle, Mokreste o lokela ho talima lipapali tsohle tsa bo-’mampoli joang?

Ho tlalehoa hore Bertrand Russell o ile a ngola: ‘Batho ba sa rateng papali ea bolo ba haelloa ke ntho e itseng bophelong ba bona.’ Ho hlakile hore ho bapala bolo kapa papali leha e le efe e ka ba ho thabisang le ho molemo, haholo-holo ha batho ba bangata hakana ba phela ka ho sebetsa ba lutse. Empa na sena se bolela hore ha ho na likotsi tse amehang?

Bibele e re: “Re se keng ra batla boithoriso ba lefeela, ka ho phephetsana, [“ho hlōlisana,” NW] le ka ho honohelana.” (Ba-Galata 5:26) Litlhōlisano tsa bo-’mampoli ba Mohope oa Lefatše li bontšitse ka ho hlakileng kamoo hangata pefo le boikutlo ba ho hlōla joang kapa joang li tsamaisanang ka teng. Lena ke lehlakore le lebe la lipapali tsa bo-’mampoli. E le hore ba ka qoba ‘mesebetsi e joalo ea nama’ libapali le babōhi ba Bakreste ba tlameha ho hlahloba moea oa bona oa papali, haholo-holo mabapi le takatso ea ho ba oa pele. (Ba-Galata 5:19-21) Hopola mantsoe a seroki se seng: “Hobane ha Mongoli e Moholo oa Lintlha Papaling a tlil’o ngola pel’a lebitso la hao—ha a ngole hore u hlōtse kapa u hlōtsoe—empa u ngola ka moo u bapetseng ka teng.”

Taba e ’ngoe e sa lokelang ho hlokomolohuoa ke nako. Na u har’a babōhi ba limillione ba tsepamisitseng mohopolo oa bona thelevisheneng ba ileng ba senya lihora tse ngata ba shebelletse lipapali? Ho e-na le hoo, u qeta nako e kae u ikoetlisa? Ho leka-lekana—ke lentsoe la bohlokoa. Le bolela ho fumana nako ea boikoetliso le boikhathollo ka ntle le ho hlokomoloha lintho tsa moea tse bohlokoa haholoanyane. Moapostola Pauluse o ile a neha Timothea e mocha keletso eo e leng ea bohlokoa haholoanyane kajeno: “Hobane hlakiso ea ’mele ha e thuse hakae, empa borapeli bo thusa kahohle, bo tsoe bo e-na le pallo ea bophelo ba joale le ea bo tlang ho tla.”—1 Timothea 4:8.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tlhaloso e ’ngoe ea motso oa lentsoe “hooligan” e re: “Monna ea bitsoang Patrick Hooligan, ea neng a solla har’a beng ka eena, o ne a ba qhekella ’me hangata a ba ntša kotsi.”—A Dictionary of Slang and Unconventional English, ka Eric Partridge.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

Foto ea Agenzia Giuliani

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela