Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 11/8 leq. 30
  • Ho Tsuba—Likotsi Tsa Teng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tsuba—Likotsi Tsa Teng
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moputso o Phahameng o Lokelang ho Lefuoa!
  • Ho Hlahloba ho Itokafatsa ho Hobe
  • Ho Hloeka Moeeng
  • Na ho Tsuba ho Hlile ho Hobe Hakaalo?
    Tsoha!—1991
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
    Tsoha!—2000
  • Basireletsi ba Koae ba Tsoibila Libalune Tsa Bona Tsa Lefeela
    Tsoha!—1995
  • Barekisi ba Lefu—Na U Moreki?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 11/8 leq. 30

Pono ea Bibele

Ho Tsuba—Likotsi Tsa Teng

KA BO-1950, feme e ’ngoe ea lisakerete e ile ea phatlalatsa lepetjo la eona le reng, “ke sona seo ngaka e se laetseng.” Bakeng sa bopaki, mapetjo a joalo a kile a hōlisa lisakerete e le lithuso tsa bophelo bo botle le matla—empa ha ho sa le joalo! Ana ke matsatsi ao mebuso e batlang hore mabokose a lisakerete a be le mantsoe a temoso ka likotsi tse tebileng bophelong bo botle.

Leha ho le joalo, batsubi ba bang ba sa khomaretse khopolo ea hore ‘sakerete se nthusa ho nahana hantle le ho sebetsa hamolemo.’ Ba ka ’na ba felisa tšabo ea bophelo bo botle ka hore ho tsuba ha ho tšoane le ho ja lipompong bakeng sa matla kapa ho noa kofi bakeng sa ho qalisa letsatsi. Kapa mohlomong ba ka ’na ba lekanyetsa likotsi tsa ho tsuba ’meleng. Na ba nepile? Na ho na le khang ea hore sakerete—ka baka la likotsi tsohle tsa sona—li ka ba thusa hore ba sebetse hamolemo?

Moputso o Phahameng o Lokelang ho Lefuoa!

Hore na e hlile sakerete se putsa motsubi ka phalimeho e khōloanyane le khotsofalo kapa se fana feela ka khopolo e thetsang, ha ho pelaelo hore meputso ke e tšosang. Ntle le likotsi tsa ka mehla tsa kankere le mafu a pelo, nahana ka liphello tsa haufinyana: Nakong ea metsotsoana e supileng ho ea ho e leshome ea ho tsuba ho hong le ho hong, motsubi o utloa tšusumetso ea sethethefatsi, bokoali: “Hoa thabisa, ’me ho laola maikutlo le mosebetsi. Ke sona se etsang hore koae e be sethethefatsi se matla hakana,” ho boletse seithuti sa phello ea lithethefatsi sa Univesithi ea California Nina Schneider.

Na koae ke sethethefatsi se tšoanang le heroin le cocaine? E, ho boletse ngaka ea United States temosong e fanoeng ka la 16 Motšeanong, 1988. O hlalositse hore bokhoba bona ba ’mele ke lebaka le leng leo batsubi ba bang “ba phehellang ho tsuba ho sa tsotellehe liphello tse bohloko ’meleng, kelellong kapa sechabeng.” Ke liphello tse bohloko hakaakang! Ka 1985 ho tsuba ho ne ho ikarabella bakeng sa mafu a 100 000 ka selemo Brithani, a 350 000 ka selemo United States le karolo ea boraro ea mafu ’ohle Greece. Tlaleho ena ea bophelo bo botle ba sechaba ke bothata bo ke keng ba lokafatsoa. Ho tsuba ha ho molemo ’meleng joaloka lijo kapa lino, empa ho kotsi haholo.

Joale, na bokoali bo fumanoang sakereteng bo kotsi ho feta caffeine e fumanoang kofing, teeng, kapa ho chocolate? Ponong ea bongaka, ha li tšoane. Ngaka Peter Dews, mofuputsi oa caffeine Univesithing ea Harvard o re: “Caffeine, hase eona lebaka la bohlokoa ho kuleng ha sechaba joaloka tsela eo ho tsuba ho leng ka eona.” Empa bopaki bona ba bongaka ka ho tsuba e mpa e le qalo feela.

Ho Hlahloba ho Itokafatsa ho Hobe

Ho bona hore ke hobane’ng ha ho tsuba ho fapane ka ho felletseng le lijo le lino, nahana ka sebōpeho sa ’mele oa hao. Moeklesia 7:29 e bolela hore “Molimo o entse batho ba lokile, empa bona ba batlile mamene-mene a mangata.” Le hoja ho ja e le mosebetsi oa tlhaho oo ’mele ea rōna o e nehiloeng ke Molimo, meriana le lithethefatsi tse sebelisoang hampe ke tšibollo ea motho. Ha ho tšebeliso ea tlhaho kapa e lekaneng ka lintho tsena. Ebang lia tsujoa, lia nooa joaloka lipilisi, li enteloa ’meleng ka linalete, li susumetsa ’mele le ho o sitisa ka litsela tse fapaneng le tlhaho.

Ho fapana le moo, hoo e ka bang mofuta o mong le o mong oa lijo kapa lino o tla neha ’mele oa hao matla, ho hōla le ho lokisa litšutšu. Batho ba nang le mathata a itseng a bophelo ba tlameha ho qoba lijo tse nang le metsoako e bolokang lijo hore li se ke tsa bola, mafura, kapa caffeine. (Ho batho ba tšoeroeng ke lefu la tsoekere, tsoekere e tloaelehileng e ka ba kotsi.) Empa ho batho ba bangata, le hoja lijo tsena li na le phepo, ha li sebelisoa ka ho lekaneng, ha li kotsi. Ho tsuba ke taba e fapaneng ka ho felletseng.

Sakerete se le seng kapa tse peli, joaloka ho tsuba cocaine bakeng sa boithabiso, e kotsi ka tsela e thetsang. Phuputso ea ’muso oa Brithani e fumane hore ha bacha ba ne ba tsuba lisakerete tse ka bang peli, ba ne ba na le monyetla oa karolo ea 15 lekholong oa hore ba lule ba sa tsube.

Ho Hloeka Moeeng

Ha e le hantle u ke ke ua hloeka ha u le mohlaseluoa ea itšetlehileng ka lithethefatsi—“khoheli e ke keng ea haneloa” ea bokoali, joalokaha ngaka e khōlō ea U.S. e ho hlalositse. Ho e-na hore ’mele oa hao o u etse lekhoba,Bibele e khothalletsa boitšoaro, e leng matla a ho ‘tuba ’mele oa hao joaloka lekhoba.’—1 Ba-Korinthe 9:24-27, NW.

Koae ha e hlasele feela letlalo la motsubi—likotsi tsa kankere, bohloko ba matšoafo, le bohloko ba pelo—empa e boetse e hlasela thato ea hae. Ka hona, ka tšilafatso ea eona e bolotsana, mokhoa ona o etsa botho ba motsubi kapa monahano lekhoba. “Ka lilemo tse 26, ke bile lekhoba la lisakerete. Bonyane ka lilemo tse leshome, ke lekile ho itokolla. Makhoba a bokoali a lekileng a sa khaotse ho fothola mokhoa ona ’me a hlōlehile a utloisisa ka ho felletseng hore ho thata hakaakang ho khaotsa,” ho lumetse mongoli ho makasine oa Time.

Bibele e khothalletsa rōna bao Molimo o ba ratileng ho “itlhatsoa litšila tsohle [tšilafatso] tsa nama le moea.”—2 Ba-Korinthe 7:1 Kingdom Interlinear.

Ke hobane’ng ha Molimo o lokela ho tsotella hore na re sebelisa ’mele ea rōna le menahano hampe? Kahobane ke ’Mōpi oa rōna ea lerato, ea amehileng ka hore re phele ka ho sebelisa matla a rōna a felletseng joaloka pōpo ea hae. Ha a ipiletsa molemong oa rōna, o re: “’Na Jehova Molimo oa hao, ke u ruta se u tšoanelang [e seng ho intša kotsi].”—Esaia 48:17, NW.

Joale phephetso ea sebele ke ho tšepahala molemong oa rōna. Ha ho na molemo ho buella ho tsuba ka baka la liphello tsa hona tse kotsi kapa “melemo” e tšoanang le ho qoba liphello tsa bokoali. Ponong ea bongaka, ho tsuba ho ’nile ha baka kotsi bophelong ba sechaba; empa ponong ea bolumeli, tšibollo ena ea batho ea ho kenya bokoali maling ka hore bo fetele matšoafong e hlokomoloha litekanyetso tsa ’Mōpi tsa bohloeki ’me e silafatsa le ho theola ’mele oa motho. Joale ke hobane’ng ha u batla khathatso? Ho molemo hakaakang ho hlokomela maele ana: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa, empa ea leebelo eena o ea pele, ’me o oela tsietsing.”—Liproverbia 22:3.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]

Vincent van Gogh, Skull With Cigarette, 1885. Ka Tumello ea National Museum Amsterdam, Holland

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela