Meetlo ea Keresemese e Simolohile Kae?
KAROLONG e ka Leboea le e ka Boroa ea Lefatše, mekete ea Keresemese ke eona e ka sehloohong har’a balumeli le bao e seng balumeli ka ho tšoanang. Japane, eo boholo ba eona e leng Mashinto ao e seng a Bakreste, Keresemese e tšoana le mekete e meng ’me e fetohile nako ea lintoa tse mabifi le ho etsa phaello e khōlō. Empa na ka mehla mekete ea Keresemese e ’nile ea e-ba ea lefatše? Mokete ona oa selemo o qalile joang?
Ho talima kamoo Keresemese e neng e ketekoa kateng lilemong tsa pele tse sekete tsa Mehla e Tloaelehileng ho re thusa ho latela tšimoloho ea eona morao koana mehloling ea pele ho Bokreste. Ha Alexander Murray oa Univesithi ea Oxford a ngola makasineng oa History Today o bolela hore motho oa mehleng e bohareng “o ile a kopanya litšebeletso tsa bohetene tsa meetlo ea mariha tse neng e le thuto e hōlang ea Keresemese.” Ke joang ’me ke hobane’ng sena se ile sa etsuoa?
Tšimoloho ea Pele ho Bokreste
Batho ba boholo-holo ba Europe ba ile ba hlokomela kamoo ho neng ho bonahala letsatsi le ema bohareng ba mariha haufi le moo mahlo a fellang ho bona teng ka boroa pele le nyolohela leholimong butle-butle. Ho ema hona ha letsatsi bohareng ba mariha ho bitsoa solstice (lentsoe le nkiloeng mantsoeng a Selatine bakeng sa “letsatsi” le “ho ema”) ho ea ka almanaka ea Julius, ’me pele e ne e ngotsoe la 25 Tšitoe. Batho bana ba ile ba nolofalloa ho fumana ho tšoana mahareng a letsatsi le Molimo joaloka Mohloli le Monehi-bophelo. Ka 274 C.E., ’musisi oa Roma, o ile a tsebahatsa Sol invictus (letsatsi le sa hlōloeng) e le mosireletsi oa lebotho, ’me sena se etsahetse ka la 25 Tšitoe, bakeng sa ho hlonepha Mithras, molingoana oa leseli.
Mabapi le ho hlaha ha Bokreste-’mōtoana e le ’muso o mocha oa bolumeli, Murray oa ngola: “Ka mor’a ho se nepisise hantle ha nako e telele, tlhōlo e ne e ea ho sera se seholo sa Bokreste [Mithra]. Empa hoo e ka bang ka selemo sa 300 ho ne ho ntse ho tlamehile ho buisana ka hloko. Ebile nakong eo ha kereke e ne e etsa qeto ea qalisa mokete oa tsoalo ea Kreste (nativitas ka Selatine). (Ha ho mokete o joalo o kopanyelletsoang mananeng a mekete lekholong la boraro la lilemo, ’me mokete o mocha o ile oa tlalehoa ka lekhetlo la pele lengolong la 336.)” Ke letsatsi lefe le ileng la khethoa bakeng sa mokete oo? Letsatsi la la 25 Tšitoe ka lebaka la “qeto e bohlale le e sebetsang ka lehlakoreng la bontate ba pele ba kereke,” ho ea ka buka Discovering Christmas Customs and Folklore. Ke hobane’ng ha ho le joalo?
Bohare ba mariha e ne e se e ntse e le nako ea selemo ea boithabiso hammoho le mokete oa temo oa matsatsi a supileng a temo oa Roma oa mollo le leseli, e leng mokete oa Saturnalia. Joale ho ne ho boetse ho na le Calends [letsatsi la pele la khoeli], mokete oa matsatsi a mararo oa ho keteka ho khethoa ha bahlanka ba tsamaiso ba Roma ba sebelitseng selemo se le seng ho tloha letsatsing la pele la Pherekhong. Kahona, Saturnalia, Letsatsi la pele la khoeli, le letsatsi la tsoalo ea Mithras la letsatsi le sa hlōloeng le oelang nakong e khutšoanyane selemo le selemo, la la 25 Tšitoe ebile letsatsi le khethehileng bakeng sa ho keteka “’Misa oa Kreste” boipiletsong ba hore batho ba bahetene ba fetohele bolumeling bo bocha ba Lebotho la ’muso oa Roma.
Ha nako e ntse e tsamaea, mokete oa Sejeremane oa bohareng ba mariha, Yule, o ile oa tšehetsa ho fana lipalesa le boithabiso, esita le ho fana limpho. Tapers (kapa likerese), likoqo tsa patsi, mekhabiso ea lifate tse tala, le lifate li ile tsa tuma haholo meketeng ea Keresemese. Empa, ba bang ba ka ’na ba hanyetsa ka hore ho ketekoa ha letsatsi la tsoalo ea Kreste ho tlameha hore ho be ho tumme haholo har’a Bakreste pele ho ba le kamano leha e le efe le meetlo ea bohetene. Na ho joalo?
E ne e sa Ketekoe ke Bakreste ba Pele
Bibele ha e bolele ka ho tobileng letsatsi la tsoalo ea Jesu. Empa ho fetang moo, “Bakreste ba pele ba ne ba sa keteke letsatsi la tsoalo ea Hae,” ho bolela The World Book Encyclopedia. Ke hobane’ng ha ho se joalo? “Hobane ba ne ba nahana hore ho keteka letsatsi la tsoalo ea motho leha e le ofe ho simolohile moetlong oa bohetene.” Augustus Neander ho The History of the Christian Religion and Church, During the Three First Centuries, oa lumela: “Mokhoa oa mokete oa letsatsi la tsoalo o ne o le hōle le maikutlo a Bakreste ba nako ena ka kakaretso.”
Tlhahlobong ena, u ka bona hore mekete ea Keresemese e simolohile meetlong ea bahetene. Joalokaha The Economist e hlalosa, ebile feela hamorao hore “baphatlalatsi ba bolumeli ba ‘nke mokete ona oa leseli o loketse [letsatsi la tsoalo ea letsatsi le sa hlōloeng], hobane Kreste ke leseli la lefatše,’ ’me ba tiisa leshano (ka lebaka la ho haelloa ke bopaki bo neng bo ke ke ba amoheloa ka ’Nete phutuhong ea Liphatlalatso) hore lesea Jesu le hlahile ka Tšitoe. Ke ka lebaka leo kereke ea khale ea Presbitheri ea Scotland e ileng ea nyelisa Keresemese, joaloka Maprotestanta a Amerika ho fihlela lithahasello tsa khoebo li e tsosa hape.”
Meetlo ea Keresemese e Tsosolositsoe Hape
Qalong ea puso ea Queen Victoria (1837-1901), ho ea ka Gavin Weightman le Steve Humphries, bangoli ba Christmas Past, “ha ho bana ba Brithani ba neng ba leketlisa likausu tsa bona leifong Letsatsing la pele ho Keresemese; ha ho motho ea kileng a utloa ka Santa Claus; likrikete tsa Keresemese li ne li se teng; ke batho ba ’maloa ba neng ba ja nama ea kalakunu Letsatsing la Keresemese; ho ne ho sa tloaeleha ho fana limpho; ’me sefate sa Keresemese se khabisitsoeng le se khantšitsoeng li ne li sa tsejoe kantle ho lebala la ntlo ea borena. Ha e le hantle, Letsatsi la Keresemese e ne e se la bohlokoa almanakeng ea mofuta leha e le ofe moetlong oa sechaba.” Joale, ke eng se ileng sa etsahala ho tsosolosa mekete ea Keresemese?
“Ho fetoha ha mekete ena ea boholo-holo, ho ba e mekhutšoanyane, le e hlomphehang ea lelapa ho simolohile ka hoo e ka bang ka bo-1830 . . . ’me ho ile ha phethoa ka hoo e ka bang ka bo-1870 ha Santa Claus e ne e hlaha ka lekhetlo la pele Brithani,” ho bolela Christmas Past. Ka nako e tšoanang, buka ea Charles Dickens A Christmas Carol, pale ea ho fetoha ha Scrooge ea lekhonatha moeeng oa Keresemese, e ile ea susumetsa boikutlo ba ho fa bafutsana limpho. Maemo a litšila le mathata a moruo a ho phela litoropong tse bakiloeng ke Phethoho ea Moruo li ile tsa susumelletsa batho ba Victoria ho nka mohato oa boitšoaro, oo hamorao nakong ea Edward, o ileng oa fetoloa ho fa feela mafutsana a “hlomphehang.”
Mongoli e mong ho Catholic Herald oa hlokomela: “Butle-butle, ka ho eketseha ha borui, litšobotsi tse ngata tsa bomalimabe tsa meetlo ea batho ba tlasana li ne li atile haholo. Bonolo le ho fana li fetiloe ke tlholisano le ho ba ea molemo ho feta motho e mong. Mokete oa lelapa o kileng oa ba boithabiso ba sebele o nketsoe sebaka ke mekete ea lijo tse ngata haholo. Malapa a tlangoa ke moetlo ona o mocha ho qeta matsatsi hammoho ebang a rata kapa a sa rate, ho bapala lipapali tse itseng tseo ba bang ba bona ba li nyelisang, ho shebella thelevishene, e leng seo ba bang ba se hloileng, ho khaola maqhama le baahisani le batho ba ka ntle ha ho tlameha hore ho rene maikutlo a molemo le botsoalle.
“’Me haeba motho a bolela sena, haeba motho a leka ho soma tsamaiso ea khoebo kapa litumellano tsohle tsa sechaba, motho eo o bitsoa Scrooge (lekhonatha). Kelellong ea ka Keresemese e fetohile hampe lilemong tsa morao tjena.”
Ebang u lumellana le lipolelo tsena kapa ha u lumellane le tsona, ke eng se ka etsahalang sebakeng sa heno nakong ea Keresemese?
Keresemese—Nako e Kotsi
Na u fumana hore batho ba bang ba sebelisa nako ena bakeng sa ho ja le ho noa haholo? Na botahoa le boitšoaro bo mabifi ha li ferekanye khotso ea batho ba moo u lulang teng? Le hoja batho ba bangata ka botšepehi ba bontša mosa o khethehileng le kameho ka Keresemese, boiteko ba bona ha bo thibele ho senngoa ha likamano tsa lelapa tse tloaelehileng nakong ena.
Joale, u ka botsa, ‘Ke hobane’ng ha Keresemese e hlahisa boitšoaro bo bobe hakale? Lebaka le leholo ke hobane ha se ea Bokreste, ke ea bohetene. Na u nahana hore Kreste o thabisoa ke seo? Le hanyenyane. Ha e le hantle, ka mantsoe a bonolo, Bibele ea bolela: “Hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale [Satane]?”—2 Ba-Korinthe 6:14, 15.
Pono e Fapaneng
Nakong ena ea Keresemese, u ka ’na ua eteloa ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. U tla hlokomela hore ha li kopanele meketeng ea Keresemese. Mohlomong u amehile ka bana ba tsona, u amehile hore bana ba tsona ba lahleheloa ke ho hong meketeng ena. Empa puisanong Southampton (Engelane) Southern Evening Echo, ntate oa Paki ea nang le bana ba babeli o ile a fana ka tiiso ena: “‘Ka sebele ha ba ikutloe ba lahleheloa ke letho, ke ea le tšepisa,’ ho bolela John. ‘Lipaki tsa Jehova li amehile ka ho hōlisa bophelo ba lelapa bo thabileng. Joalokaha re neha bana ba rōna limpho tse ngata har’a selemo, re ba neha ntho e ’ngoe ea bohlokoa ho feta, [e leng,] nako ea rōna le lerato.’”
Ka sebele, lerato le joalo la ’nete le thahasello li tlatsetsa haholo bophelong bo thabileng ba lelapa. Kahoo, ho e-na le ho latela meetlo ea Keresemese e simolohileng boheteneng, na e ne e ke ke ea ba ntho e molemo ha e mong le e mong a ne a hlompha Jesu ka ho bontša moea o kang oa Kreste ho beng ka eena, le metsoalle, le batho bao a ba tloaetseng, e, esita le ho batho bao u sa ba tloaelang selemo kaofela?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]
FATHER CHRISTMAS, EA TSEJOANG E LE SANTA CLAUS
Father Christmas o ’nile a hlalosoa e le “pale e tsoetseng pele ka katleho ho tloha nakong ea Jesu Kreste.” Empa e ne e le mang? Ho ea ka The Customs and Ceremonies of Britain, o ’nile a “tsejoa e le mothofatso e lerootho ea nakong ea [Keresemese] bonyane ho tloha lekholong la bo15 la lilemo . . . ’me a hlaha ka liaparo tse batlang e le tsa mehleng ena setšoantšong se entsoeng ka patsi sa 1653: empa maeto a ‘Santa’ Letsatsing la Pele ho Keresemese, tloaelo ea hae ea ho theosa ka chemele ea setofo ’me a e tlatsa likausu (kapa, ka lebaka la meharo, lilopo tsa mesamo) le selei sa hae se huloang ke khama kaofela li tsoa mohloling o le mong oa meetlo ea USA. Semelo sa hae se ile sa kopanngoa le litšōmo tsa Europe tse buang ka St Nicholas oa Myra oa lekholong la bone la lilemo (ea ileng a sireletsa baroetsana ba bararo bohloleng ka ho ba fa mpho ea chelete ka lekunutu har’a bosiu, le eo joaloka Sinte Klaas a ileng a tlatsa lieta tsa bana ba Madutch le ba Maamerika ka la 6 Tšitoe, letsatsi la hae la mokete); Krisskringle oa Jeremane le Amerika (ea ileng a putsa bana ba molemo le ho otla ba babe); le lipale tsa Scandinavia kapa Russia tse buang ka baloi ba lulang Ntlheng ea ka Leboea ea lefatše. . . . Santa enoa oa Amerika ea entsoeng ka likarolo tse ngata o ile a boela a tšela Atlantic lilemong tsa bo-1870: ho tloha nakong eo, botumo ba hae bo bonahetse bo sa senngoa ke baemeli ba likhoebo tse ngata, ka ho eketsehileng, o ile a fana ka pono ea lefatše bakeng sa ‘Keresemese ea bana.’”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 15]
LIFATE TSE TALA TSA KERESEMESE
Lifate tse ka sehloohong tsa mekhabiso ea Keresemese ke holly, ivy, le mistletoe, tse hlalosoang e le “limela tsa mohlolo tse behang litholoana tsa tsona nakong ea selemo e shoeleng.” Empa ke hobane’ng ha e le lifate tsena tse tala ka ho khethehileng? Le hoja ba bang ba lumela hore holly e khubelu e emela mali a Kreste ’me mahlaku a eona hlabang a tšoantšetsa “moqhaka oa meutloa” oo masole a Ponse Pilato a ileng a o roesa Jesu ka ho phoqang, bahetene ba ile ba nka ho benya ha mahlaku a holly le monokotšoai e le letšoao le matla la botona bakeng sa bophelo bo sa feleng. (Mattheu 27:29) Ba ile ba talima ivy e le letšoao la bophelo ba botšehali le ho se shoe. Holly le ivy li ile tsa fetoha letšoao la bona la matla a ho beleha ha tsona. Mekhatlo ea bohetene ea mistletoe e sa ntse e le matla hoo buka The Customs and Ceremonies Britain e reng: “Ha ho mokhabisi oa kereke ea tla ho lumella—ntle ho York Minster.” Lifate tse tala tse tsebisahalang haholo har’a lifate tse tala ke sefate sa Keresemese, seo khale se ileng sa bontšoa meetlong ea Jeremane le ho tuma haholo Brithani nakong ea Prince Albert monna oa Queen Victoria, ’me sefate sena se ile sa fetoha ntho ea bohlokoa meketeng ea lelapa ea Keresemese. Ho tloha ka 1947, motse-moholo oa Norway, Oslo, o ile oa romela mpho ea sefate sa Keresemese hore se behoe moo se tla bonoa teng Trafalgar Square ea London.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Mpho ea Norway ea sefate sa Keresemese sa selemo le selemo ho Brithani