Bacha Baa Botsa . . .
Ke Lokela ho Etsa’ng Haeba Batsoali ba ka ba Loana?
HA BATHO ba babeli bao u ba ratang ho feta leha e le mang lefatšeng ba “lomana” ka mantsoe a bohloko, bophelo e ka ba mohloli oa likhathatso ka mehla. (Ba-Galata 5:15) Ke ’nete, esita le manyalo a molemo a tla hlokofatsoa ke “matšoenyeho” a itseng. (1 Ba-Korinthe 7:28) Empa haeba ntoa ea batsoali e sa khaotse, e le mabifi, ho na le phoso e tebileng.
Ha ho makatse ha bacha ba bang ba leka ka matla ho lokisa lenyalo la batsoali ba bona. “Ke ile ka kenella har’a ntoa ea bona ’me ka leka ho ntša ntate ka tlung hore ba khaotse ho loana,” ho boletse moshanyana e mong. Ba bang ba khutla ba soabile. “Ke leka ho tloha ho bona ha ba loana, kahoo sena hase ntepelletse maikutlong. Empa ka mor’a moo ke ikutloa ke le molato ka lebaka la ho se leke ho ba thusa,” ho boletse ngoanana e mong.
Kahoo u lokela ho etsa eng ha ntoa ea lelapa e qhoma?
Seo U sa Lokelang ho se Etsa
U se ba Tšoare ka Mokhoa o Hlokang Tlhompho: Ho bonolo ho halefela batsoali ba loanang. Ba tlamehile ho u behela mohlala—e seng ho fapaneng. Leha ho le joalo, mohlomong ho tšoara motsoali ka mokhoa o hlokang tlhompho ho tla eketsa likhatello tsa lelapa. Habohlokoa ka ho fetisisa, Jehova Molimo o laela bacha ho hlompha batsoali ba bona le ho ba mamela, esita le hoja batsoali ba ba thatafalletsa ho etsa joalo.—Exoda 20: 12; bapisa Liproverbia 30:17.
U se Nke Lehlakore: “Ka linako tse ling ha batsoali ba ka ba ngangisana, e mong oa bona o tla mpotsa seo ke se nahanang. Ruri sena se mpherekanya kelellong,” ho boletse ngoanana e mong. Ho hlakile hore, haeba taba e ama uena ka ho tobileng, karabo e bonolo, e nang le hlompho e ka ba e loketseng.—Liproverbia 15:1.
Mohlomong e ka ’na eaba e mong oa batsoali ba hao ke Mokreste ha e mong e se molumeli. Ho ka ’na ha hlaha mathata a bolumeli moo u ka fumanang ho hlokahala hore u emele ho loka le motsoali ea tšabang Molimo. (Mattheu 10:34-37) Leha ho le joalo, sena se lokela ho etsuoa ka mosa le ka “hlompho” hore motsoali eo e seng molumeli ka letsatsi le leng a ka hapuoa.—1 Petrose 3:15.
Empa ha ho hlakile hore ntoa ke ea bona, hangata ho bohlale ho lula u sa nke lehlakore.a Liproverbia 26:17 ea hlokomelisa: “Mo-feta-ka-tsela ea kenang komang tsa ba bang ka bohale, o tšoara ntja ka litsebe.” Haeba u nka lehlakore, u kotsing ea ho tsosa lehloeo—’me mohlomong u arohanye—e mong oa batsoali ba hao.
Mocha ea lekang ho nka lehlakore ntoeng ea batsoali ba hae o boetse o leka ho “sebetsana le boemo bo rarahaneng haholo hore a ka bo utloisisoa.” Ke kamoo ho boletseng moeletsi oa malapa Mitchell Rosen makasineng oa Teen. O itse, litoa tsa lenyalo “li akarelletsa litšobotsi tse ngata, hase feela taba ea hore e mong u nepile e mong u fositse.” Hangata, botebong ba phapang ho na le litletlebo le lehloeo tse ’nileng tsa bokellana ka lilemo tse ngata. Kahoo ha Ntate kapa ’Mè a tletleba hobane lijo tsa mantsiboea li sa lokisoa ka nako kapa sink ea kamore ea ho hlapela e tlohetsoe e le litšila, ho ka ’na ha ameha ho hongata ho fetang feela lintho tse totobetseng.
Bibele ea bolela: “Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle.” (Ba-Roma 12:18) Kahoo leka ho lula u sa nke lehlakore. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba batsoali ba hao ba u hatella ho nka lehlakore? Bibele ea bolela: “Ea itšoarang lipuong o tseba hlalefo, ’me ea pelo e ikhutselitseng o na le kutloisiso.” (Liproverbia 17:27) E, khaotsa ho bua—kapa ho hobe ka ho fetisisa, ho tlatsa lerata ka pono ea hao. Mohlomong ka bonolo u ka ikōpela tšoarelo ka ho bua mantsoe a kang, “Mè le Ntate, ke le rata haholo. Empa le se nkōpe ho nka lehlakore. Ena ke taba eo le lokelang ho e lokisa ka bolōna.”
U se Kopanele Ntoeng: Mantsoe a mabeli a tlatlarietsang a mabe haholo. Ke hobane’ng le uena ha u tla tlatselletsa ka la hao? Liproverbia 15:18 e re: “Motho ea bohale o hotetsa phapang, empa ea liehang ho hlonama o tima likomang.” Ka bonolo feela hana ho ikenya tšotso linaleng. ’Me haeba u hlokomela hore ntoa e se e tla qhoma, hopola mantsoe a Liproverbia 17: 14: “Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, khang ha e-so ho hotele, u e tlohele.”
Mohlomong ka bonolo u ka kōpa tšoarelo ebe u ea kamoreng ea hao ho ea bala, ho ithuta, kapa ho letsa ’mino. Kapa ho ka ba molemo ho etela motsoalle. Ho fumana ntho e molemo eo u ka e etsang ho u tlosa sebakeng sa ntoa ’me ho u thusa ho tlosa litaba tseo kelellong ea hao.
U se Leke ho Iketsa Moeletsi oa Lenyalo: Ho joalokaha maele a hlalosa: “Liphapang tsa bona li ba joalo ka mekoallo e koallang matlo a borena.” (Liproverbia 18:19) Hangata batsoali ba loanang ba hahile lerako la lehloeo le joaloka “mekoallo e koallang matlo a borena.” Na u na le tsebo kapa phihlelo ea bophelo ea ho ba thusa ho heletsa mokoallo oo? Mohlomong ha ho joalo.
Ho itšunya likhathatsong tsa lenyalo la batsoali ba hao ho ka le mpefatsa. Liproverbia 13:10 e re: “Boikhohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.” E, mohlomong batsoali ba hao ba ka sebetsana le bothata ba bona hamolemo ka ho buisana ka sephiring.—Bapisa Liproverbia 25:9. .
Ho feta moo, karolo ea mokena-lipakeng oa lelapa e ka ba mosebetsi o moholo ho feta kamoo u nahanang kateng. Bukeng ea hae Teen Troubles, Carolyn McClenahan Wesson o bua ka ngoanana e mong ea bitsoang Cora ea ileng a leka ho kenya letsoho ka ho iketsa moeletsi oa lenyalo. Phello ebile efe? Lenyalo la batsoali ba hae le ile la ntlafala, empa Cora o bile le likhathatso tsa mala. Carolyn Wesson o fihlela qeto: “Tlohella batsoali ba hao ba sebetsane le mathata a bona. Ho na le ho hongata hoo u ka ho etsang joaloka motho e moholo.”
U se Qabanye Batsoali: Bacha ba bang ba sebelisa ntoa ea lelapa molemong oa bona. Ha ’Mè a re, “Che!” ba bapalla maikutlong a Ntate le ho mo qobella hore a re “E.” Masene a ho qabanya batsoali a ka etsa hore e mong a fumane tokoloho, empa qetellong ho tla lelefatsa ntoa ea lelapa. Mocha eo ka ’nete a hlomphang batsoali ba hae a ke ke a bontša matla a joalo.
U se ke Ua Hlohlelletsa Boemo: Ho ba bo-tsoa kapa boitšoaro bo bobe kapa ho itšoara hampe sekolong, ho tlohella matšoao a lithuto hore a fokole—sena se eketsa mathata a hao. Nka boikarabelo ka liketso tsa hao, ’me u se ke ua etsa hore tšitiso ea batsoali ba hao e be lebaka la boitšoaro ba hao bo sa laoleheng. Etsa boiteko ba ho ba thusa le ho sebelisana hammoho le bona.
Ho Pholoha Tlokotsi ea Lelapa
Ka ho hlakileng, u ke ke ua fetola batsoali ba hao. Leha ho le joalo, u ka leka ho ba susumelletsa hore ba etse botle. Leka ho ba le pono e ntle ka bokamoso le ho thaba kamoo u ka khonang. Hopola, lerato “le mamella tsohle, le lumela tsohle, le tšepa tsohle, le jara tsohle.” (1 Ba-Korinthe 13:7) Le ka mohla u se khaotse ho rapela hore lintho li ntlafale. (Ba-Filippi 4:6, 7) Moeletsi oa malapa Clayton Barbeau o tsoela pele ho fana ka khothatso: “Tsebisa [batsoali ba hao] hore u ba rata ka bobeli ba bona.” Seo se ka fokotsa khatello ea lelapa.
Le uena u ka leka ho phehella batsoali ba hao hore ba fumane thuso. Sena ha sea lokela ho etsuoa nakong ea phehisano. Liproverbia 25:11 (NW) e bua ka lentsoe le nepahetseng ka nako e loketseng.’ Lintho li tla ba joalo ha ntoa ea batsoali ba hao e letse ’me ba le boemong ba ho amohela keletso. (Haeba e mong oa batsoali ka ho khethehileng a amehile haholo, leka ho atamela eo ho bonahalang a sekametse ho bua litaba.)
Qala ka ho ba tiisetsa lerato la hao. Joale ka boikokobetso ba hlalosetse kamoo ntoa ea bona e u amang kateng. Sena se ke ke sa ba bonolo. Bukeng ea hae Trouble at Home, Sara Gilbert o lumela hore boiteko bo joalo bo ka ’na ba finyelloa, empa “hase taba ea hao—intše ho eona!” Leha ho le joalo, o eletsa hore, “ho hlokahala hore u hlakise hore ke taba ea hao.” Ba bolelle kamoo ntoa ea bona e u tšosang, e u khopisang kapa ho u halefisa kateng. Le hoja u sa batle ho itšunya-tšunya bophelong ba bona, ntoa ea bona e ferekanya bophelo ba hao! Etsa tlhahiso ea hore batsoali ba hao ba batle thuso—mohlomong ka ho atamela moholo oa Mokreste ea tšeptjoang.b
Ka ho buisana ka liphello tsa ntoa lenyalong la bona, batsoali ba hao ba ka ’na ba susumelletsoa ho nahana ka botebo ho rarolla mathata bona—mohlomong ba ka khaotsa ho loana.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ha re bue ka maemo ao ntate ea otlang a tšosang litho tsa lelapa la hae ka pefo. Maemong a joalo, litho tsa lelapa li ka ’na tsa qobelleha ho batla thuso ka ntle mabapi le ho itšireletsa tlhokofatsong.
b Haeba batsoali ba hao ba ipaka e le ba sa utloisiseng kapa ba sa ikemisetsang ho mamela, ho ka ba molemo ho bolella Mokreste ea hōlileng. Eena a ke ke a tseba ho itšunya-tšunya lenyalong la batsoali ba hao empa a ka tseba ho fana ka tšehetso e amohelehang ea maikutlo le keletso e molemo.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Na bacha e ka ba ba-kena-lipakeng ba atlehang tabeng ea ho lokisa liqabang tsa batsoali?