Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ’Mè le Ntate ba Loana ka Mehla?
Ke na le mathata a mangata lapeng leso, ’me ha ke tsebe seo nka se etsang. Ntate o rata ho omanela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sa reng letho. ’Me ’mè le eena o omanela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sa reng letho. Haeba ntate a sa fumane letho le jeoang ha a fihla hae ha a tsoa mosebetsing, o qala ho omanya ’mè.—Ngoanana e mong ea lilemo li 12.
Ke amehile haholo ka ho hlalana ha batsoali ba ka. Ka sebele, ke ba rata ka bobeli ’me ke rata ho ba le bona ka linako tsohle, empa ba loanela chelete le lintho tse ling tse ngata.—Moshanyana ea lilemo li 10.
JOALOKAHA u bona, batsoali ba lokela ho ratana le ho hlokomelana. Ba lokela ho ba bohlale, ba be le tsebo, ba be mosa, le ho ba ba nahanelang. Ba lokela ho lumellana linthong tsohle. ’Me haeba ba e-na le ho se lumellane ho itseng, ba lokela ho buisana litaba tsena ka bonolo, ka khutso, moo u ke keng oa ba utloa. Ha e le hantle ha baa lokela ho ngangisana.
Empa mohlomong ka masoabi u hlokometse hore ka linako tse ling batsoali ha ba lumellane—’me ka mehla e seng ka bonolo le ka khutso. Bana ke batsoali ba hao, ’me ho ba bona ba sa utloane ho u utloisa bohloko ka ho tebileng ho feta kamoo mantsoe a hlalosang. Mocha e mong o lumetse hore ha batsoali ba hae ba ne ba loana, “ka linako tse ling ke ne ke utloa eka ke ea taboha ka hare.”
Lebaka Leo Batsoali ba Loanang ka Lona
Ka sebele e ne e tla ba ho babatsehang haeba ka mehla bo-’mè ba ne ba ka boloka ‘molao o mosa lelemeng la bona’ ’me ho se mohla ba buang lentsoe le hlabang. (Liproverbia 31:26) E ne e tla ba hantle haholo ha bo-ntate ho se mohla ba “halefelang” basali ba bona. (Ba-Kolosse 3:19) Empa Bibele e re: “Bohle re khopjoa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa khopjoe lipuong, eo ke monna ea phethehileng.”—Jakobo 3:2.
E, batsoali ba hao ha baa phethahala. Ha e le hantle, ba ka ’na ba “mamellana ka lerato.” (Ba-Efese 4:2) Empa ha hoa lokela ho u makatsa haeba, nako le nako, likhopiso li e-ba teng ’me li iponahatsa ka liqabang.
Hape u hopole hore tsena ke “linako tse thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1, NW) Likhatello tsa ho iphelisa, ho lefa melato, ho loantšana le tikoloho ea mosebetsing—lintho tsena kaofela li tlisa khatello e boima lenyalong. Ho na le likhatello tse khethehileng ha batsoali ka bobeli ba sebetsa. Ho rera feela hore na ke mang ea tla pheha le ho hloekisa e ka ba mohloli oa qabang.
Kamoo u ka Ikutloang Kateng ka Ntoa ea Bona
Ntho efe le efe e hlohlelletsang ho se utloane ha batsoali ba hao, e ka ’na ea u utloisa bohloko ha u utloa ba ngangisana. Mongoli Linda Bird Francke o hlalosa hore bana ba atisa ho “phahamisetsa batsoali ba bona maemong a phahameng haholo. Ngoana e monyenyane ha a nahane ka ’mè oa hae kapa ntate e le batho ba nang le litšobotsi le bofokoli ba bona, empa o ba nahana e le tokisetso e hahiloeng motheong o tiileng bakeng sa ho mo sebeletsa le ho mo sireletsa.” Ho bona batsoali ba hao ba qabana ho tlisetsa lelapa phihlelo e bohloko: hore batsoali ba hao ha ba tšoane le ‘motheo o tiileng’ kamoo u neng u nahana kateng. Sena se ka fokolisa metheo ea maikutlo a hao a tšireletso le ho tsosa mefuta eohle ea tšabo.
Journal of Marriage and the Family ea tlaleha: “Bana bohle ba fetang halofo ba sekolo sa poraemari bao ho buisanoeng le bona Tlhahlobong ea Machaba ea Bana ba boletse hore ba ikutloa ba tšaba ha batsoali ba bona ba ngangisana.” Ngoanana e mong e mocha ea bitsoang Cindy o bolela tjena: “Nako le nako ’mè le ntate ba ngangisana haholo. Ke tšoha haholo ’me ebe ke il’o robala. Ke ipotsa hore na e tla fela neng.”
Ho loanela chelete—sehlooho se tloaelehileng sa ho ngangisana pakeng tsa banyalani—se ka ’na sa bakela tšabo ea hore lelapa la heno le talimane le bothata ba chelete. ’Me ha u le mohloli oa ntoa ena (‘Haeba u sa tiise letsoho, u tla fetoha ngoana e mobe!’) u ka ’na oa tšoha hore u molato bakeng sa ntoa ena.
Hape ho khathatsang ke lintho tse sa feleng le lintho tse fokolang. (‘Ke tenoa ke hore kamehla ha ke fihla hae lijo ha li e-s’o loke!’) Hangata lintoa tse joalo li tsoa lehloeong le tebileng mahareng a batsoali ba hao. U ka ’na ua qala ho tšoenyeha haeba ho lebisa tlhalong. Tšabo ea se ka hlahang “e u etsa hore u se phutholohe lapeng le ho se rate ho ipeha tsietsing ka ho tlisa metsoalle ea hao lapeng.”—Trouble at Home, ka Sara Gilbert.
Liqabang tsa batsoali ba hao li ka boela tsa baka likhohlano tsa botšepehi tse utloisang bohloko. Joalokaha Journal of Marriage and the Family e bolela, “ho ba haufi le motsoali e mong ho hlahisa kotsi ea ho lahloa ke e mong.” Ho tšaba ho bua kapa ho etsa ho hong ho tla u etsa hore u nke lehlakore, u ka ’na ua ikutloa u tšaba ha u na le batsoali ba hao, u tšaba hore u tla kenella khohlanong.
‘Na ba Tla Hlalana?’
Ha ho bonahale ho le joalo. Bibele e bontša hore khatello e itseng e manyalong kaofela. Ho 1 Ba-Korinthe 7:28, Pauluse o lemosa hore ba nyalang “ba tla ba le matšoenyeho nameng,” kapa “bohloko le masoabi bophelong bona ba nama.” (The New English Bible) ’Nete ea hore batsoali ha ba utloane, esita le hoja ba ngangisana ka matla, ha e bolele hore ha ba sa ratana kapa hore ba tla hlalana. Bibele e bontša hore le batho ba hlokomelanang ka botebo ba ka ba le likhohlano nako le nako.
Sara, mosali oa Abrahama, o nkuoa e le mohlala oa boikokobetso ho basali ba Bakreste. (1 Petrose 3:6) Empa, ha a utloa hore Ishmaele, mor’a lekhabunyane la Abrahama ka Agare, o sokela boiketlo ba mora e mong oa Abrahama, Isaaka, ka matla a hlahisa maikutlo a hae. Sara o ile a re: “Lelekisa lekhabunyane leo le mora oa lona, hobane mora oa lekhabunyane leo a ke se ke a ja lefa hammoho le mor’a ka Isaaka.” (Genese 21:9, 10) Ha ho pelaelo hore likhatello tsa lenyalo li ile tsa ba teng! Empa ha hoa ba le kotsi ea nako e telele. Ha e le hantle, ho phehella ha Molimo Abrahama ho ile ha lumellana le kōpo ea hae!
Kahoo, ho se utloane ha batsoali ba hao ho bonahala ho le bohlokoa haholoanyane ho uena ho e-na le ho bona. Margaret e mocha o ile a hlokomela sena ha a ne a leka ho kenella ntoa ea batsoali ka ho hoeletsa. “Khaotsang ho loana!” ’me ba ’molella hore, “Ha re loane, empa e le ho phehisana feela.”
Lintoa tse ngata tsa lelapa ke tsa nakoana ’me li lebaleha kapele—haholo-holo haeba batsoali ba hao e le batho ba tšabang Molimo ’me ba sebelisa keletso ea hore “le rekolohelane, le hauhelane, le tšoarelane, joale ka ha Molimo le oona o le tšoaretse ka Jesu Kreste.” (Ba-Efese 4:32) E, batsoali ba hao ba tla rarolla mathata a bona ka ntle ho thuso ea hao.
“Ba Qala ho Ngangisana, Ebe Baa Loana”
Leha ho le joalo, hase mathata ’ohle a lenyalo a rarolloang habonolo. Phuputso ea lilemo tse supileng ea malapa a 2 000 a U.S. e senotse hore “selemo se seng le se seng molekane a le mong ho balekane ba tšeletseng United States o halefela molekane oa hae bonyane hanngoe. . . . Ho ka etsahala hore lipalo-palo tsena ha lia fella.” Moshanyana e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o akarelelitse likhohlano tsa batsoali ba hae ka tsela ena: “Ba qala ho ngangisana, ebe baa loana.”
Haeba boemo bo le joalo lelapeng leno, ka sebele ho na le mathata a tebileng lenyalong la batsoali ba hao. Ho ka ba le tšabo ea sebele tšireletsong ea hao—kapa ea batsoali ba hao. Ngoanana e mong ea bitsoang Marie, eo ka mehla ’m’ae a neng a loana le ntat’ae eo e neng e le lekhoba la joala, oa hopola: “Ke ne ke tšohile. Ke ne ke lekanya hore o tla lematsa ’mè kapa ’mè o ne a tla mo lematsa.”
Hape kameho e ’ngoe e tebileng ke ea batsoali ba qobang ho tšoarana ka matsoho empa ba hlaselana ka mantsoe ka “tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang.” (Ba-Efese 4: 31) Ka ho tšoanang, batsoali ba otlanang ka mantsoe ka ho se khotsofale ka likamano tsa botona le botšehali kapa ho se tšepahale ho fana ka matšoao a hlakileng a hore mathata a tebileng a lenyalo a ka ba teng.
Malapa a mang a na le lisosa tse khethehileng tsa khohlano, joaloka botahoa le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. Ho ka etsahala hore mohlomong motsoali e mong ke Mokreste ’me e mong hase molumeli. Jesu Kreste o profetile hore boemo bo joalo bo ne bo tla “baka likarohano” lelapeng. Khatello e tebileng e ka hlaha.—Mattheu 10:35.
Joale u tla etsa eng haeba lenyalo la batsoali ba hao le bonahala le le kotsing ea sebele? Na ho na le seo u ka se etsang ho e-na le ho shebella ntle ho thuso? Re tla buisana ka sena sehloohong se latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Liqabang tsa lelapa li nyahamisa bacha
[Setšoantšo, leqepheng la 19]
Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho tlisa khotso