Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/07 maq. 18-20
  • Ke Lokela ho Etsa Eng ha Batsoali ba ka ba Qabana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Lokela ho Etsa Eng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maikutlo a sa Tšoaneng
  • Ho se Phethahale ho Phetha Karolo e Itseng
  • Kamoo U ka Sebetsanang le Boemo Kateng
  • Ke Lokela ho Etsa’ng ha Batsoali ba ka ba Qabana?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka Etsa’ng e le Hore ke Tsebe Batsoali ba Ka Hamolemo?
    Tsoha!—2009
  • Ke Lokela ho Etsa’ng Haeba Batsoali ba ka ba Loana?
    Tsoha!—1989
  • Ke Hobane’ng ha Batsoali ba ka ba sa Ntumelle ho Ithabisa?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 10/07 maq. 18-20

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Lokela ho Etsa Eng ha Batsoali ba ka ba Qabana?

HA HO kamoo u ka qobang ho ameha kateng ha batsoali ba hao ba qabana. Etsoe ua ba rata ebile u itšetlehile ka bona hore ba u tšehetse. Kahoo u ka ’na ua tšoenyeha ka lintho tse ngata ha ho bonahala eka ha ba phelisane hantle. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ho bonahala eka batsoali ba hao ba fapana hakaale ka maikutlo?

Maikutlo a sa Tšoaneng

Jesu o ile a re monna le mosali e ba “nama e le ’ngoe” ha ba nyalana. (Matheu 19:5) Empa na see se bolela hore batsoali ba hao ba tla bona lintho ka tsela e tšoanang kamehla? Che. Ha e le hantle, batho leha e le bafe ba babeli—esita le monna le mosali bao ka sebele ba momahaneng—ho tla ba le moo ba sa lumellaneng teng ka linako tse ling.

Haeba batsoali ba hao ba sa lumellane tabeng e itseng, seo hase bolele hore lenyalo la bona lea qhalana. Ho ka etsahala hore ebe batsoali ba hao ba ntse ba ratana—le hoja ka linako tse ling ba khopisana. Joale ke hobane’ng ha ba qabana? Mohlomong ba bona litaba tse itseng ka litsela tse sa tšoaneng. Hase hore kamehla seo se fosahetse, ebile ha se bolele hore lenyalo la bona le kotsing.

Ka mohlala: Na u kile ua shebella baesekopo le metsoalle ’me ua hlokomela hore maikutlo a hao ka seo u se boneng ha a tšoane le a metsoalle ea hao? Seo se ka etsahala. Esita le batho ba ntšanang se inong ba tla ’ne ba bone lintho tse itseng ka tsela e sa tšoaneng.

Ho ka etsahala se tšoanang le ka batsoali ba hao. Mohlomong ka bobeli ba bona ba tšoenyehile ka boemo ba lelapa ba lichelete, empa e mong o bona lintho ka tsela e fapaneng le ea e mong ha ho tluoa tabeng ea ho sebelisa chelete; ka bobeli ba batla ho lokisetsa hore lelapa le ee phomolong, empa e mong o na le maikutlo a sa tšoaneng le a e mong ka hore na phomolo ke eng; kapa ka bobeli ba tšoenyehile ka hore u atlehe sekolong, empa e mong o na le maikutlo a sa tšoaneng le a e mong ka hore na ke tsela efe e molemo ea ho u susumetsa hore u atlehe. Taba ea bohlokoa mona ke hore ho lumellana ntlheng e itseng ha ho bolele ho ba le maikutlo a tšoanang hantle ka eona. Esita le banyalani bao e leng nama e le ’ngoe ba ka ’na ba talima lintho ka litsela tse sa tšoaneng.

Empa ke hobane’ng ha ka linako tse ling batsoali ba hao ba lumella hore ho se tšoane ha bona ka maikutlo ho ba qabanye? Ke hobane’ng ha maikutlo a e mong a sa reng letho a etsa hore puisano e be khang ea popota?

Ho se Phethahale ho Phetha Karolo e Itseng

Liqabang tse ngata tsa batsoali li bakoa ke ho se phethahale. Bibele e re: “Kaofela re khoptjoa hangata. Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng, enoa ke monna ea phethahetseng.” (Jakobo 3:2) Batsoali ba hao ha baa phethahala, ’me le uena ha ua phethahala. Ka linako tse ling, kaofela ha rōna re bua lintho tseo re sa ikemisetsang ho li bua, ’me ka linako tse ling lintho tseo re li buang li ka utloisa ba bang bohloko bo kang ba “ho hlaba ha sabole.”—Liproverbia 12:18.

Mohlomong seo le uena se kile sa u etsahalla. Ka mohlala, na u kile ua phehisana khang le motho eo u mo ratang? Ho ka etsahala hore ebe le kile la phehisana khang. Mocha e mong ea bitsoang Mariea o re: “Motho e mong le e mong o na le lintho tseo a sa lumellaneng le ba bang ka tsona. Ha e le hantle, batho bao ke hlileng ke ba ratang ke bona ba bileng ba nkhalefisang le ho feta—mohlomong hobane ke lebeletse ho hongata ho bona!” Banna le basali ba Bakreste ba lebeletse ho hongata e mong ho e mong, kaha Bibele e ba behetse melao-motheo e phahameng. (Baefese 5:24, 25) Kaha ha baa phethahala, ha nako e ntse e ea e mong oa bona kapa ka bobeli ba bona ba tla etsa liphoso. Bibele e re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.”—Baroma 3:23; 5:12.

Ka hona, bonyane u ka lebella hore ho be le khohlano e itseng pakeng tsa batsoali ba hao. Ha e le hantle, moapostola Pauluse o ile a ngola a re banyalani ba tla ba le “matšoenyeho nameng,” kapa joalokaha The New English Bible e bolela, ba tla ba le “bohloko le mesarelo.” (1 Bakorinthe 7:28) Mookameli ea bohale, ho tšoarelloa ke sephethephethe tseleng, ho lefella litšenyehelo tse neng li sa lebelloa—tsena ke tse ling tsa lintho tse ka ’nang tsa baka tsitsipano ka lapeng.

Ho tseba hore batsoali ba hao ha baa phethahala le hore ka linako tse ling ba ka ’na ba e-ba tlas’a khatello e matla, ho ka u thusa hore u talime liqabang tsa bona ka leihlo le leng. Ke sona seo Marie a ileng a se hlokomela. O re: “Ekare hona joale batsoali ba ka ba qabana ho feta pele, ’me ka linako tse ling ke ee ke ipotse hore na ebe e mong o se a khathetse ke e mong kapa che. Ebe joale kea nahana ke re, ‘Ho bua ’nete—hase papali hore ebe ba qetile lilemo tse 25 ba nyalane ’me ba hlokomela bana ba bahlano!’” Mohlomong le uena u ka bontša ‘kutloelo-bohloko’ ka ho hlokomela hore batsoali ba hao ba na le lintho tse ngata tseo ba lokelang ho li etsa.—1 Petrose 3:8.

Kamoo U ka Sebetsanang le Boemo Kateng

U ka ’na ua lumellana le hore batsoali ba hao ha baa phethahala, ’me ua tseba hore ba tobana le likhatello tsa letsatsi le letsatsi. Empa potso e ntse e le ho re, Ke’ng seo u ka se etsang ha ba qabana? Ak’u leke litlhahiso tse latelang:

◼ U se ke ua ba namola. (Liproverbia 26:17) Hase boikarabelo ba hao ho eletsa batsoali ba hao litabeng tsa lenyalo kapa hona ho ba rarollela mathata. Mohlomong le ha u ka leka, litaba li ka ’na tsa sallana le uena. Charlene ea lilemo li 18, o re: “Ke ne ke ee ke leke ho ba namola, ’me ba atisa ho mpolella hore ke tsoe litabeng tse sa nkameng.” Tlohella batsoali ba hao ba itharollele bothata.

◼ Nka lintho ka tsela e loketseng. (Bakolose 3:13) Joalokaha ho boletsoe pejana, taba ea hore batsoali ba hao baa qabana ka linako tse ling, seo hase bolele hore ba mothating oa ho hlalana. Kahoo u se ke ua lumella hore ho qabana ha bona ka nakoana ho u tšose ho sa hlokahale. Melanie ea lilemo li 20, o re ka batsoali ba hae: “Le ha ba qabana, kea tseba hore ba ntse ba ratana ’me ba rata lelapa. Ba tla rarolla bothata.” E ka ’na eaba ho joalo le ka batsoali ba hao haeba ba sa lumellane tabeng e itseng.

◼ Rapela ka se u tšoenyang. U se ke ua hatella maikutlo a hao ka lintho tse u tšoenyang. Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.” (Pesaleme ea 55:22) Thapelo e ka u thusa. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bafilipi a re: “Liteboho [le] likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilipi 4:6, 7.

◼ Itlhokomele. Ke booatla ho ikimetsa ka seo u ke keng ua se fetola. Ho etsa joalo ho ka ba ha u kulisa. Bibele e re: “Ho tšoenngoa ke lipelaelo ka pelong ea motho ho tla etsa hore e thulame.” (Liproverbia 12:25) Leka ho fokotsa ho tšoenyeha ka ho qeta nako u e-na le metsoalle e u khothatsang ’me u etse lintho tse hahang.

◼ Bua le batsoali ba hao. Le hoja u sa lokela ho itšunya-tšunya litabeng tsa liqabang tsa batsoali ba hao, ka sebele u ka ba bolella hore na u ikutloa joang ha ba qabana. Khetha nako e loketseng ea ho bua le e mong oa bona. (Liproverbia 25:11) Bua “ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Petrose 3:15) U se ke ua ba qosa. Ba hlalosetse feela hore na seo se u ama joang.

Leka ho sebelisa litlhahiso tsena tse boletsoeng ka holimo. Batsoali ba hao ba ka ’na ba ananela boiteko boo u bo etsang. Esita le haeba ba sa bo ananele, u tla khotsofalla ho tseba hore le hoja u ke ke ua laola seo batsoali ba hao ba se etsang, ho na le seo u ka se etsang ha ba qabana.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

SEO U KA NAHANANG KA SONA

◼ Ke hobane’ng ha ka linako tse ling batsoali ba thatafalloa ho phelisana ka khotso?

◼ U ka re’ng ho moena oa hao ea utloisitsoeng bohloko ke qabang ea batsoali ba lōna?

[Lebokose le leqepheng la 20]

MOLAETSA HO BATSOALI

Lenyalong, joang kapa joang ho se tšoane ka maikutlo ho tla ba teng. Empa ke lōna ba ikhethelang hore na le tla sebetsana le hona joang. Ha batsoali ba qabana, bacha ba ameha ka ho teba. Le lokela ho nahana taba ena ka ho teba, kaha ha e le hantle lenyalo la lōna le behela bana ba lōna mohlala oo ba ka ’nang ba o latela le bona ha ba kena lenyalong. (Liproverbia 22:6) Ke hobane’ng ha le sa sebelise liphapang tseo le bang le tsona e le monyetla oa ho bontša litsela tse sebetsang tsa ho rarolla qabang? Lekang lintlha tse latelang:

Mamela. Bibele e re re ‘potlakele ho utloa, re liehe ho bua, re liehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19) Se ke ua mpefatsa boemo ka ‘ho busetsa bobe ka bobe.’ (Baroma 12:17) Esita le ha ho bonahala eka molekane e mong ha aa ikemisetsa ho mamela, uena u ka khetha ho mamela.

Leka ho hlalosa ho e-na le ho tšoaea liphoso. Bolella molekane oa hao u khobile matšoafo hore na seo a se etsang se u ama joang. (“Ke utloa bohloko ha u . . . ”) Se ke ua mo qosa kapa ua mo tšoaea liphoso. (“Ha u ntsotelle.” “Ha ho mohla u mamelang.”)

Khefutsang ho se hokae. Ka linako tse ling ho molemo hore le tlohele taba eo le buisanang ka eona ho fihlela ha bohale bo kokobetse ’me le khobile matšoafo. Bibele e re: “Tšimoloho ea ho hloka kutloano e joaloka ea bulelang metsi; kahoo pele qabang e qhoma, u itsamaele.”—Liproverbia 17:14.

Kōpang tšoarelo e mong ho e mong—’me haeba ho loketse le ho bana ba lōna. Brianne, ea lilemo li 14, o re: “Ka linako tse ling ha batsoali ba ka ba ile ba qabana, ba kōpa tšoarelo ho ’na le abuti oa ka kaha baa tseba hore na seo se re ama joang.” Ntho e ’ngoe ea bohlokoahali eo le ka e rutang bana ba lōna ke hore ka boikokobetso motho a re, “Ke kōpa tšoarelo.”

Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, bona Tsoha! ea January 8, 2001, leqepheng la 8-14, le ea February 8, 1994, leqepheng la 19-28.

 [Setšoantšo se leqepheng la 19]

U se ke ua ba qosa. Ba hlalosetse feela hore na u ikutloa joang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela