Bothata ba Nako e Telele ba Bo-matsale
‘‘HA KE sa batla ho u bona ka pel’a ka!” Fujiko o ile a halefela matsal’ae, Tomiko. Fujiko o ne a khathetse ke ho ’na a laeloa ho etsa ntho ena le eane. Le hoja a ile a tseba ho khutsa, o ne a phela a tsielehile. O re: “Ke ne ke ikutloa ke ikhalefetse. Ke ne ke se seo ke leng sona. Ke ne ke sa tsebe ho mamella bophelo bo joalo letsatsi le leng le le leng.”
Mosali moholo e mong ea lulang a le mong Japane o re: “Ke ile ka lahloa ke mora oa ka le mosali oa hae. Hona joale ha ke tšoenyehe ka ba bang, ’me ke phela kamoo ke ratang kateng, empa ka linako tse ling ke ikutloa ke le bolutu ha letsatsi le hlahlamela lithaba.”
Bothata ba nako e telele mahareng a matsale le ngoetsi ke ba lefatše lohle. “Ka bomalimabe, basali ba bang ba tla lula ba le mōna ka lingoetsi tsa bona. . . . Ha ho letho leo u ka le etsang ntle le ho bososela le ho mamella,” ho hlokometse Dulcie Boling, mohlophisi oa makasine Australia. Linaheng tsa Bochabela, ho na le mokhoa oa hore basali ba hōlileng ba lahloe lithabeng, e leng ketso e hlohlelletsoang ke lingoetsi tsa bona.
Kajeno, bothata bona bo rarahane ho feta leha e le neng pele. Ho latela lipalo-palo, lilemo tsa ho phela lia eketseha, malapa a nyenyefala, ’me lekhalo mahareng a palo ea banna ba shoang le palo ea basali ba shoang le ntse le eketseha. Phello e-ba efe? Ha basali ba eketsehileng ba ntse ba phela ho fihlela lilemong tse 70 le 80, bothata mahareng a bona le lingoetsi bo nka nako e telele ho feta feela nako e fetang ka sekhahla.
Ke Eng Seo Batho ba Hōlileng ba se Batlang?
Haeba re beha khohlano ena ka thōko, batsoali ba tsofetseng ba ne ba ka rata ho hlokomeloa joang haeba ba ne ba na le khetho? “Lilemong tse fetang mashome a mabeli tse fetileng, basali le banna ba ne ba sa rate ho lula le batho ba bang haeba moratuoa oa bona a se a le sieo,” ho bolela Jacob S. Siegel le Cynthia M. Taeuber, bafuputsi ba lipalo-palo tsa sechaba. Elaine M. Brody, eo e kileng ea ba motsamaisi oa Lefapha la Litšebeletso tsa Sechaba, o phaella ka hore United States, “batho ba tsofetseng ba ikhethela hore ba se lule le beng ka bona.” Hangata bana ba bona ba lula haufi, ba ba etela, le ho ba hlokomela.
Batho ba Bochabela ba rata ho lula le beng ka bona. Ho ea ka phuputso ea machaba e entsoeng ke Moemeli oa Mokhatlo oa Tsamaiso le Tšebelisano Japane, batho ba tsofetseng Japane le Thailand ba batla ho lula le bana ba bona. Phuputso e fumane hore karolo ea 61 lekholong ea batho ba tsofetseng Thailand le karolo ea 51 lekholong Japane e batla ho lula le bana ba bona.
Ke ’nete hore khetho ena e tloaelehile linaheng tsa Bophirima. Batsoali ba tsofetseng haholo kapa ba kulang hangata ba lula le bana ba bona. Fora ho tloaelehile hore ba ka holimo ho lilemo tse 75 ba shoetsoeng ke molekane oa bona ba lule le e mong oa bana ba bona.
Ho Amohela Liphello
Ha meloko e ’meli kapa e meraro e etsa qeto ea ho lula ka tlung e le ’ngoe, ha e le hantle ho na le melemo e itseng. Batho ba tsofetseng ba ikutloa ba sireletsehile haholoanyane ’me ba se bolutu haholo. Moloko o mocha o ka ithuta liphihlelong tsa batho ba baholo, ’me ho boetse ho na le melemo ea moruo.
Ka lehlakoreng le leng, ho phela hammoho ho ka thatafatsa kamano e seng e rarahane ea beng ka monna le beng ka mosali. Ka mohlala, Japane moo batsoali ba tsofetseng ba ileng ba lula le mora e moholo le lelapa la hae ka moetlo, bothata mahareng a bo-’mè le lingoetsi ke ntho e tloaelehileng.
Haeba u talimane le boemo bo joalo, ke eng seo u ka se etsang? Bukeng ea hae America’s Older Population, Paul E. Zopf, Jr., moprofesa oa kahisano oa K’holeche ea Guilford, o re: “Lelapa le joalo le boetse le tsosa khohlano le monyetla oa ho laola ho atleha ho hlōla khohlano eo. Tsebo ena ea ho sebetsana le khohlano le ho tšoarisana le batho ba tsofetseng lelapeng e ka fetoha phihlelo e kenellang le likamanong tse ling.”
Kahoo talima taba ena ka maikutlo a matle. Haeba u ithuta ho atleha ho hlōla lintoa tsa lelapa, mohlomong u tla ba le tsebo e ngata ea ho laola maemo a mang a bohloko ho feta ao. Amohela sena e le phephetso, ’me u tla ba motho ea molemo. A re ke re hlahlobeng mathata a ba lulang le bo-matsale le kamoo mathata a joalo a hlōloang ka katleho kateng. Esita le hoja hona joale u se tlas’a tokisetso e joalo, u sa ntse u ka rua molemo ka ho nahana ka melao-motheo e amehang.
[Lebokose le leqepheng la 20]
Batsoali ba Bangata ho Feta Bana
Hona joale ka lekhetlo la pele historing ho ea ka seithuti sa lipalo-palo Samuel Preston, balekane ba tloaelehileng ba na le batsoali ba bangata ho feta bana. Bothata bo tobaneng le banyalani ba bangata kajeno ke kamoo ba ka lekanyang boikarabelo ba bona ba ho hlokomela batsoali ba monna kapa mosali.