Kereke ea K’hatholike Spain— Ke Hobane’ng ha ho na le Bothata?
“Ba jala moea, ba tla kotula setsokotsane.”—Hosea 8:7, “The Jerusalem Bible.”
KA LA 20 Motšeanong 1939, kerekeng ea Santa Bárbara, Madrid, Molaoli Franco o ile a fana ka sabole ea hae ea tlhōlo e le mpho ho Mobishopo e moholo Gomá le moetapele oa Spain. Sesole le kereke li ile tsa keteka tlhōlo eo mopapa a e hlalositseng e le “tlhōlo e lakatsehang ea K’hatholike.” Ntoa ea baahi e ne e letse, ’me ka ho hlakileng ho ne ho bonahala qaleho e ncha ea K’hatholike Spain.
Tlhōlo ea kereke e ile ea fumana tšehetso e mosa ho ’Muso, ea laola thuto, le matla a akaretsang a thuto nthong tsohle tse sa tsoeleng Bok’hatholike ba sechaba molemo. Empa sesole sa bolumeli se atlehileng se ile sa boela sa jala peō ea ho theoha ha kereke.
Ho baahi ba bangata ba Spain, kereke e tlatselitse lipolaong tse sehlōhō tsa sesole. Ke ’nete, lilemong tsa ka mor’a ntoa, baahi ba bangata ba ile ba ea ’Miseng. Bakeng sa ho fumana mosebetsi kapa ho phahamisetsoa mosebetsing, ho ne ho le bohlale hore motho e be Mok’hatholike ea molemo. Empa na tumelo ea ’nete e ile ea hōlisoa ke sesole le khatello ea bopolotiki?
Lilemo tse mashome a mane hamorao, letoto la litlokotsi le ne le tlameha ho araba potso eo.
Bothata ba Tumelo: Ka 1988 batho ba 3 feela ho ba 10 Spain ba ne ba sebelisa bolumeli ba K’hatholike ka mehla, ’me batho ba bangata ba ne ba ikhopola “ba fokola bolumeling ho feta lilemong tse leshome tse fetileng.” Phuputso e entsoeng ke koranta ea Spain ea beke le beke El Globo, e bontšitse hore le hoja boholo ba baahi ba Spain ba lumela ho Molimo, ba ka tlaase ho halofo ba kholisehile hore ho na le bophelo ka mor’a lefu. Se makatsang ka ho fetisisa ke ho fumana hore ba bangata ba ka etsang karolo ea 10 lekholong ea ba ipolelang e le Mak’hatholike e boletse hore e ne e sa lumele ho Molimo e le motho.
Bothata ba Mosebetsi: Spain e ne e atisa ho romela baprista likarolong tsohle tsa lefatše. Lilemo tse 30 tse fetileng, ho ile ha hlomamisoa baprista ba 9 000 selemo le selemo. Hona joale, lenane leo le fokotsehile ho fihlela ho sekete, ’me liseminari tse ngata ha li sa sebetsa. Ka lebaka leo, karolelano ea lilemo tsa baprista ba Spain ea eketseha—karolo ea 16 lekholong ea baprista hona joale e na le lilemo tse fetang 70, ha karolo ea 3 lekholong e le ka tlaase ho lilemo tse 30.
Bothata ba Chelete: Molao o mocha oa Spain o arola Kereke le ’Muso. Pele, liabo tsa ’Muso li ne li abeloa Kereke ea K’hatholike. ’Muso oa joale o hlahisitse tsamaiso e ncha moo karolo e nyenyane ea lekhetho la motho e mong le e mong le nehoang kereke kapa bakeng sa lebaka le utloahalang la sechaba, ho itšetlehile ka takatso ea motho ea lefang lekhetho. Ka ho makatsang, ke feela motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ea lefang lekhetho ea ileng a khetha ho neha kereke chelete ea hae. Sena ebile masoabi a maholo ho baetapele ba K’hatholike ba neng ba lekanyetsa hore lenane la batho ba tla abela kereke “lekhetho la bolumeli” le tla imena ka makhetlo a mabeli. Sena se bolela hore kereke e ipusang e sa tla nka nako pele e ba teng.
Ho sa le joalo, ho bonahala ’muso o ke ke oa rata ho tlatsa kereke ka chelete e kang liranta tse limillione tse 312 ka selemo. Hase Mak’hatholike ’ohle a thabetseng boemo bona. Moruti e mong oa Spain, Casiano Floristán o ile a bontša hore “kereke e sa fumaneng menehelo e lekaneng ho motho ea tšepahalang ha e na batho ba tšepahalang kapa eona ha se kereke e tšepahalang.”
Bothata ba Kutlo: Bothata bona bo ama baruti le phutheho. Hangata baprista ba bacha le baruti ba amehile ka litaba tsa sechaba ho e-na le litaba tsa bolumeli. Mekhoa ea bona “e tsoelang pele” ha e lumellane le puso ea baprista ba Spain ba meetlo le Vatican. E mong oa bona ke José Sánchez Luque, moprista oa Málaga ea ikutloang hore “Kereke ha e-na puso e khethehileng ea ’nete” le hore e lokela ho “tsamaisa baahi, empa eseng ho ba hatella.”
Mak’hatholike a mangata a Spain a nahana ka ho tšoanang—ke feela karolo ea boraro ea Mak’hatholike a Spain ao ka kakaretso a lumellanang le seo mopapa a se bolelang. ’Me puso ea baruti ea Spain e nkuoa e le e nyatsehang. Ho Mak’hatholike ao ho buisanoeng le ’ona phuputsong ea haufinyane, kotara e hlalositse hore “ha e tsotelle haholo” ka babishopo, ha karolo ea 18 lekholong e boletse hore ha e ba utloisise.
“Evangeli ea Bobeli”
Ho sa tsotellehe boemo bona bo tšosang, ka 1985 babishopo ba Spain ba ile ba hatisa letoto le sa tloaelehang la ho ipolela libe. Har’a lintho tse ling ba lumetse hore:
“Re patile sefahleho sa Molimo oa ’nete
ho e-na le ho se senola.”
“Mohlomong re tšoere
Lentsoe la Molimo.”
“Ha se rōna bohle re hlalositseng
molaetsa oa Jesu o sa tsoakoang.”
“Re ile ra tšepa Molimo hanyenyane ’me ra tšepa matla a lefatše lena haholo.”a
Babishopo ba lumetse hore ka ho eketsehileng naha e fetoha e ratang lefatše, kapa e iphapanyetsang bolumeli. Ba ile ba buella “evangeli ea bobeli” Spain. Leha ho le joalo, ke ba ’maloa ba ileng ba mamela pitso. Basali ba babeli ba K’hatholike ba neng ba ea ka ntlo le ntlo ba ile ba makala. Ba ile ba sebelisa nako e ngata ba hlalosetsa beng ba matlo hore ha se Lipaki tsa Jehova ho feta nako eo ba e sebelisang ho bolela molaetsa oa bona oa K’hatholike.
Sena ha se makatse hobane Lipaki tsa Jehova li sebelisitse lihora tse fetang limillione tse 18 selemong se fetileng li etela batho ba Spain ka evangeli ea sebele lichabeng tsohle. Lipaki tsohle—joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo—li ikutloa li tlamehile “ho etsa mosebetsi oa ’moleli oa evangeli.” (2 Timothea 4:5, Revised Standard Version, Khatiso ea K’hatholike) Le hoja li ka fumana ho iphapanya ho hongata mabapi le kereke, evangeli, kapa molaetsa oa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, oo li o bolelang o fumana batho ba o mamelang.
Monna-moholo e mong eo li ileng tsa kopana le eena ke Benito. Ha ntoa ea baahi e ne e qhoma, o ile a iphumana a le sebakeng se laoloang ke marabele a leng khahlanong le ’muso. O ile a qobelloa ho ingolisa joaloka lesole, empa pelong ea hae o ile a ikutloa hore ho fosahetse ho nka libetsa. O ile a hana ho lumela hore e ne e le “ntoa e halalelang.” Ho e-na le ho bolaea banab’abo, o ile a ithunya letsohong hore a se tsebe ho khoathetsa sekhoketsane sa sethunya.
Lilemo tse mashome mane hamorao, eena le mosali oa hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Benito o ile a thabela ho ithuta hore Molimo ka booona o phehella batho ba ’ona ho “tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma,” joalokaha letsoalo la hae le ile la mo phehella ho etsa joalo lilemo tse ngata pejanyana. (Esaia 2:4) Ho sa tsotellehe ho kula ha hae, kapelenyana le eena o ile a etsa mosebetsi oa ’moleli oa evangeli.
“Pulula e Ntle”
Gloria e ne e le Mok’hatholike ea ileng a ithaopela ho khaotsa ho rapela Molimo ka tsela ea hae. Ka lilemo tse ngata o ile a nehela bophelo ba hae kerekeng e le moromuoa oa moitlami Venezuela. Empa o ile a nyahama ha a ne a sa fumane likarabo mabapi le lithuto tsa kereke tse kang Ho Emola ha Maria ka Mohlolo, pelekatori, le Boraro-bo-bong.
Ha a ne a batla litlhaloso, ka mehla o ne a bolelloa hore e ne e le sephiri. O ile a ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha Molimo o thatafatsa lintho hore li se ke tsa utloisisoa?’ Ka lekhetlo le leng o ile a hlokomelisoa hore haeba a ne a phela nakong ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi, o ne a tla chesoa. O ile a nahana, ‘Mohlomong ho ne ho tla ba joalo?’
Ka lebaka la ho nyatsa ho joalo, o ne a ikutloa a belaela ha Lipaki tsa Jehova li mo etela. Empa ha a hlokomela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo li e rutang e ne e lumellana le Mangolo hoo qetellong a neng a utloisisa molaetsa oa Molimo bakeng sa batho, o ne a thabile haholo. Hona joale o qeta nako ea hae e ngata a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.
Gloria o re: “Hona joale ha ke nahana ka litšebeletso tsa Kereke ea K’hatholike, ke li bapisa le pulula e ntle, e phatšimang e nang le mebala e metle—empa e se na letho—ha u leka ho e hlahlobisisa, ea nyamela.”
Benito, Gloria, le Lipaki tsa Jehova tse likete-kete joaloka bona Spain, ba fumane khatholoho ea sebele ea moea ka ho fetohela mohloling oa metsi a sa silafatsoang a ’nete a fumanehang Mangolong a Halalelang. Khatholoho e joalo e ne e haella molaong o hlomphehang oa Iberia, kereke ea Spain—e ruileng haholo moetlong empa e futsanehileng moeeng, e kileng ea ba matla makholong a lilemo a fetileng empa eo hona joale e tlamehang ho fokotsa ho iphapanya ha mohlape oa eona o fokotsehang.
Ka nako e ’ngoe Jesu Kreste o kile a re ha a bua ka bohlokoa ba ho khetholla phoso ea bolumeli le ho e qoba: “Hlokomelang baprofeta ba bohata ba tlang ho lona ba ikhakantse joaloka linku empa kahare e le liphiri tse rusullang. Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona. . . . Kea pheta, le tla ba tseba ka litholoana tsa bona.”—Mattheu 7:15-20, JB.
Re tlohella taba ho ’mali hore a ikahlolele ka boeena litholoana tsa K’hatholike ea Spain.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boipolelo bo bong bo ile ba etsoa sebokeng se kopanetsoeng sa baprista le babishopo ka 1971. Le hoja e sa amoheloa ke karolo ea bobeli ea bongata ba batho joalokaha ho hlokahala, ba fetang halofo ba ile ba lumela polelo ena: “Ka boikokobetso re hlokomela le ho kōpa tšoarelo hobane re sa tsebe hore na ke joang, le hore ke neng ho neng ho hlokahala hoba ‘basebeletsi ba poelano’ har’a batho ba rōna ba qhalantsoeng ke ntoa.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 12]
Babishopo ba K’hatholike ba ile ba epa seboka sa bobeli sa evangeli Spain. Ba ’maloa ba ile ba amohela pitso ea bona
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ke baahi ba Spain ba 3 feela ho ba 10 ba bang teng ka mehla kerekeng
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Kereke ea Sagrada Familia Barcelona e sa ntse e-s’o qetoe ho hahuoa ka mor’a lilemo tse lekholo tsa ho kōpa lithuso
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto: Godo-Foto