Kereke ea K’hatholike Spain—Litoantšano
Ka mongolli oa Tsoha! Spain
“Ke ka seoelo lintho li leng kamoo li bonahalang kateng.” Tlhahlobo ena e entsoeng ke Monghali William Gilbert e hlalosa hantle tempele ea Sagrada Familia e Barcelona (setšoantšong se leqepheng la 10). Litora tsa eona tse telele li patile bokahare ba eona bo se nang letho—ka mor’a ho hahuoa ka lilemo tse lekholo, tempele e sa ntse e le lehaha feela. Bok’hatholike ba Spain ke motsoako o makatsang oa matla le ho hloka molemo joalokaha litlaleho tse latelang tsa baahi ba Spain li bontša:
“John XXIII? Lebitso leo le utloahala le tloaelehile. Na e ne e le Morena?” ho boletse Cristina, mocha oa Spain eo ho seng mohla a kileng a utloa ka mopapa eo ea tummeng joalo.
Mokhanni oa taxi Madrid José Luis le mosali oa hae, Isabel, ba ne ba ea ka seoelo kerekeng hore mora oa bona a tle a kolobetsoe. Ba ile ba botsoa: “Hobane’ng ha le batla ho kolobetsa mora oa lona?” Ntate o ile a araba: “Ke hobane re Mak’hatholike.” Leha ho le joalo, ha a se a hatelloa, o ile a lumela hore lebaka le leholo ke hore a qobe mathata a lelapa.
MOTHO ea etelang Spain Bekeng e Halalelang a ka khahloa ke mekoloko e etsoang metseng hohle naheng eo. Empa baahi ba bang ba Spain—haholo-holo bacha—ba tseba hanyenyane ka bolumeli boo ba ipolelang ba le ho bona.
Hangata ho hloka tsebo ka bolumeli ho tsamaisana le ho iphapanyetsa bolumeli. Le hoja baahi ba bangata ba Spain ba kolobelitsoe, ba nyalisitsoe, ba patoa ke kereke—ba italima e le Mak’hatholike—ho phela ka melao ea Roma ke taba e fapaneng.
Batsoali ba ka ’na ba kolobetsa bana ba bona empa ke ka seoelo ba ikutloang ba tlamehile ho ba ruta thuto ea K’hatholike. Mohlomong banyalani ba ka nyalisoa ke kereke empa ke ka seoelo ba ikutloang ba tlamehile ho latela thuto ea kereke litabeng tsa lenyalo. ’Me karolo ea 10 lekholong ea ba ipolelang hore ke Mak’hatholike ha e lumele ho Molimo e le motho.
Boemo bona ha bo makatse haholo ha ho nahanoa ka botsoalle ba ka ho sa feleng bo itoantšang ba Spain le kereke. E hlalositsoe pele joaloka “leseli la [lekhotla] la Trent, ’molai oa bakoenehi le lerumo la Roma,” ’me Spain e boetse ea hlohleletsa “tlhoriso e sehlōhō ka ho fetisisa le tšollo ea mali ea Kereke ea K’hatholike ha e sa le e theoa,” ho bolela moprofesa oa histori Univesithing ea Deusto, Vizcaya.
Lekholong la bo16 la lilemo, chelete ea Spain le mabotho a Spain li ile tsa sireletsa Mak’hatholike a Europe tšusumetsong ea Boprotestanta, empa ka 1527 Roma le Vatican li ile tsa timetsoa ka sehlōhō ke masole a morena oa Spain le moemphera oa Roma e Halalelang Charles V.a Charles, joaloka babusi ba bang ba Spain, ka thabo o ile a hlokomoloha melao leha e le efe ea Vatican eo a neng a sa e rate.
Leha ho le joalo, boipuso ba Spain ke letšoao le khethehileng la Bok’hatholike ka lebaka la kamano e matla ea Kereke le ’Muso e ileng ea tsoela pele ha li ne li na le matla a lekanang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mor’a hore Roma e hapuoe ka 1527, Charles o ile a beha Mopapa Clement VII leihlo Castel Sant’ Angelo, Roma ka likhoeli tse supileng.