Ke Hobane’ng ha Kereke e Lahleheloa ke Tšusumetso?
“Mostoike e mong le e mong e ne e le Mostoike; empa ho Bokreste-’mōtoana Mokreste o kae?”
RALPH WALDO EMERSON, SENGOLI SA MEQOQO LE SEROKI SA LEAMERIKA SA LEKHOLONG LA BO19 LA LILEMO.
’MÈ E mong e mocha oa hlalosa: “Ke Mok’hatholike—empa e seng ea chesehang.” Mocha oa eketsa: “Ha ke tsotelle letho ka bolumeli.” Litlhaloso tsa bona li tšoana le tsa moloko o mochanyana oa batho ba Europe. Le hoja batsoali ba bona—kapa mohlomong haholo-holo bo-nkhono le bo-ntat’a bona moholo—ba ntse ba ea kerekeng, tumelo ea bolumeli ha ea fetela molokong o mochanyana.
Ke hobane’ng ha mekhoa ea bolumeli e neng e nkoa e le ea bohlokoa haholo ke meloko ea Europe e lahluoe kherehloa?
Tšabo ha e sa le Lona Lebaka
Ka makholo a lilemo ho tšaba lihele kapa pelekatori ho ile ha tlisa tšusumetso e matla haholo bathong ba Europe. Lipuo tsa baruti tse susumetsang le litšoantšo tse hlakileng tsa kereke tse bontšang mollo o sa timeng oa lihele li ne li kholisa batho feela ba kenang kereke hore ke ho ea kerekeng feela ka botšepehi ho neng ho ka ba pholosa timetsong. Hape, Catechism of the Catholic Church e bolela hore “Kereke e tlama balumeli ‘ho kopanela Jukaresteng e Halalelang ka Lisontaha le matsatsing a mekete.’”a Libakeng tsa mahaeng khatello ea sechaba le eona e ne e le khōlō—e mong le e mong o ne a lebelletsoe hore a ee kerekeng ka Lisontaha.
Empa linako li fetohile. Hona joale batho ba ikutloa ba lokolohile ho etsa seo ba se ratang. Tšabo ha e sa le lona lebaka. Ka ho sa hlokomeleheng kereke e khaolitse ho hatisa thuto ea bolumeli ea mollo oa lihele, kaha Mak’hatholike a mangata a Europe ha a sa e lumela.
Ha e le hantle, “sebe” sa ho fosa ’Misa oa Sontaha ha se nkoe ka ho teba hakaalo. Tirso Vaquero, moprista oa K’hatholike, Madrid, Spain, oa lumela: “Haeba Mokreste oa [Mok’hatholike] a sa tle ’Miseng ka Sontaha, re ba masoabi haholo hobane o lahlehetsoe ke motsotso ona oa ho buisana le Molimo le barab’abo, e seng hore o entse sebe. Eo hase taba ea bohlokoa bo bokaalo.”
Kahoo tšabo ha e sa susumetsa boinehelo. Ho thoe’ng ka matla a kereke a ho laela litabeng tsa boitšoaro le baeta-pele ba eona—na ba ka batla hore mehlape ea bona e ba tšepe?
Tlokotsi ea Matla a ho Laela
Ho fela ha tšabo ea bolumeli ho etsahetse ka nako e tšoanang le tšenyeho e hlokomelehang boemong ba boitšoaro ba kereke. Rahistori oa Motaliana Giordano Bruno Guerri oa belaela: “Ka lilemo tse makholo re ’nile ra ba le . . . matichere a litekanyetso tsa boitšoaro a mangata le a fokolang ao e leng matichere ka litekanyetso tsa boitšoaro.” Ho haella hona ha ketello-pele litabeng tsa boitšoaro ho ile ha totobatsoa ke lintoa tse peli tsa lefatše tse ileng tsa senya Bokreste-’mōtoana. Likereke tsa Europe ha lia ka tsa e-ba le matla a ho thibela balumeli ho kopanela tšollong ea mali. Ho hobe le ho feta, likereke li ile tsa kopanela ka mafolo-folo boitekong ba ntoa—mahlakoreng ka bobeli.
Rahistori Paul Johnson oa hlokomela: “Ntoa ea Pele ea Lefatše, ntoa ea lehae har’a lihlotšoana tsa bokhelohi tsa Bokreste, e ile ea qalisa nako ea tlokotsi le masoabi ho Bokreste. Ntoa ea Bobeli ea Lefatše e ile ea tlisa tlhaselo e bileng e leng bohloko le ho feta boemong ba boitšoaro ba tumelo ea Bokreste ho feta ea Pele. E ile ea pepesa ho hloka thuso ha likereke tsa Jeremane, qaleho ea Phetohelo Khahlanong le Lithuto tsa K’hatholike le bokoala le boithati ba Lekhotla la Mopapa.”
Lilekane tsa Vatican le puso ea Bonazi ea Hitler le lipuso tsa Bofasista tsa Mussolini oa Italy le Franco oa Spain le tsona li ile tsa senya matla a kereke a ho laela litabeng tsa boitšoaro. Qetellong, moputso oa bolumeli bakeng sa lepotla-potla le joalo la lipolotiki e ile ea e-ba ho felloa ke boemo ba ho tšeptjoa.
Kereke le ’Muso—Ho Fasolla Lefito
Lekholong la bo20 la lilemo, linaha tse ngata tsa Europe qetellong li fasolotse lefito le tlamahantseng Kereke le ’Muso. Ha e le hantle, hona joale ha ho na naha e khōlō ea Europe e talimang Bok’hatholike ba Roma e le bolumeli ba eona ba molao.
Le hoja e ka ’na eaba likereke tse khōlō li ntse li tšehetsoa ke ’muso ka lichelete, li lahlehetsoe ke tšusumetso ea lipolotiki eo li kileng tsa e sebelisa. Hase baruti bohle ba amohetseng boemo bona bo bocha ba litaba. Mojesuite ea ka sehloohong oa Spain José María Díez-Alegría o lumela hore “baeta-pele ba kereke [e K’hatholike] ba nahana hore—boholo ba bona e le ka tieo eohle—ba ke ke ba sebelisa matla a bona a boruti ka ntle ho tšehetso ea ‘’muso.’ ”
Empa “tšehetso [ena] ea ‘’muso’” e felile ka ho feletseng. Spain, e neng e e-na le puso ea “sechaba ea K’hatholike” ho fihlela ka 1975, ke mohlala oa sebele boemong bona. Lilemong tsa morao tjena sehlopha se phahameng se busang sa bolumeli sa Spain se ’nile sa e-ba le ntoa e tsoelang pele le puso ea Bososhiale mabapi le ho tšehetsa kereke ka lichelete. Haufinyane tjena mobishopo oa Teruel, Spain, o ile a ipelaetsa ho litho tsa pharishe ea hae ka hore o ikutloa “a hlorisoa joaloka Mok’hatholike” hobane ’muso oa Spain ha o fane ka tšehetso e lekaneng ea lichelete ho kereke.
Ka 1990 babishopo ba Spain ba ile ba tsebisa hore “tlokotsi e khōlō ea letsoalo le boitšoaro” e ne e ama sechaba sa Spain. Ba ile ba beha mang molato ka ‘tlokotsi ee ea boitšoaro’? Babishopo ba ile ba bolela hore se seng sa lisosa tse ka sehloohong e ne e le “monahano o sa hlakang oo khafetsa o susumetsoang ke ba tsamaiso ea sechaba [puso ea Spain].” Ka ho totobetseng, babishopo ba lebeletse hore ’muso o ntšetse pele likhopolo tsa K’hatholike hammoho le ho fana ka tšehetso ea lichelete.
Na Baruti ba Sebelisa Seo ba se Bolelang?
Leruo le leholohali la Kereke e K’hatholike kamehla e ’nile ea e-ba masoabi ho baprista ba sebetsang ho litho tsa pharishe tse futsanehileng. E ile ea e-ba ho soabisang le ho feta ha Vatican Bank e ne e tantelletsoa ho seo makasine ea Time e se bitsang “mahlabisa-lihlong a mabe ka ho fetisisa a lichelete naheng ea Italy ka mor’a ntoa.” Ka 1987, bo-’maseterata ba Italy ba ile ba ntša litaelo tsa hore ho tšoaroe moarekabishopo le basebeletsi ba bang ba babeli ba banka ea Vatican. Leha ho le joalo, ka lebaka la boemo bo khethehileng ba ’musi oa Vatican, baruti ba qositsoeng ba ile ba qoba ho tšoaroa. Vatican Bank e ile ea tsitlella hore ho ne ho se na phoso e entsoeng empa e ile ea hlōleha ho hlakola maikutlo a hore kereke e ne e sa sebelise seo e se bolelang.—Bapisa le Matheu 23:3.
Phatlalatso ea bo-ralitaba ka boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali e bakile tšenyo e khōlō le ho feta. Ka May 1992 mobishopo oa Leaerishe, ea tsebahalang haholo ka ho buella ha hae boitlami, o ile a kōpa batho ba tikolohong e laoloang ke eena hore ba “mo tšoarele” ’me ba “mo rapelle.” O ile a qobelloa hore a tsoe tšebetsong ka mor’a hore ho senolehe hore e ne e le ntate oa moshemane ea lilemo li 17 ’me o ne a sebelisitse lichelete tsa kereke ho lefella thuto ea hae. Khoeli pejana ho moo moprista oa K’hatholike o ile a hlahella thelevisheneng ea Jeremane le “nyatsi” ea hae le bana ba bona ba babeli. O ile a re o ne a lakatsa ho “qala puisano” mabapi le taba ea likamano tse etsoang ka lekunutu tseo baprista ba bangata haholo ba nang le tsona.
Ka ho ke keng ha qojoa, mahlabisa-lihlong a joalo a siea liphello tsa ’ona. Rahistori Guerri, bukeng ea hae ea Gli italiani sotto la Chiesa (Mataliana Tlas’a Kereke), o tiisa hore “ka lilemo tse makholo Kereke e ’nile ea khopisa Mataliana.” O re phello e ’ngoe ke “keketseho ea khanyetso e atileng hohle ea hore baruti ba se kena-kenane le lintho tsa lefatše, esita le har’a balumeli.” Mak’hatholike a tenehileng a ka ’na a ikutloa a lekoa hore a botse baruti ba ’ona lipotso tse tšoanang le tseo moapostola Pauluse a ileng a li botsa Baroma: “Ka mohlala, le ruta khahlanong le ho utsoa, empa na le kholisehile ka botšepehi ba lōna? Le nyatsa mokhoa oa bofebe, empa na le kholisehile ka bohloeki boo e leng ba lōna?”—Baroma 2:21, 22, Phillips.
Lekhalo le Lipakeng Tsa Baruti le Batho Feela
Bothata bo totobetseng hanyenyane empa mohlomong e le bo fokolisang haholoanyane ke lekhalo le teng pakeng tsa baruti le batho feela ba kenang kereke. Mangolo a bolisa a tsoang ho babishopo a bonahala e le a khopisang ho e-na le ho rupela litho tsa pharishe. Patlisisong e ileng ea etsoa Spain, ke karolo ea 28 lekholong feela ea bao ho ileng ha buisanoa le bona ka lipotso ba neng “ba lumellana le lipolelo tsa babishopo.” Ba etsang palo e tšoanang “ba ne ba sa tsotelle ka ho feletseng,” ’me ba etsang karolo ea 18 lekholong ba ile ba re “ha ba utloisise seo [babishopo] ba buang ka sona.” Moarekabishopo Ubeda oa Majorca, Spain, o ile a lumela: “Rōna babishopo re tlamehile hore hape re amohele karolo ea rōna ea boikarabelo ketsahalong ea ho ntša batho Bokresteng—e leng seo e leng ’nete.”
Ho haella ha molaetsa o hlakileng oa Mangolo ho behella batho feela ba kenang kereke thōko le ho feta. Ho ea ka Catholic Herald, “baprista ba bangata [Fora] ba khethile ho kenella litabeng tsa lipolotiki e le hore e ka ba ba ‘bohlokoa,’” le hoja boholo ba litho tsa lipharishe tsa bona li ne li ka rata hore ba amehe haholo ka lintho tsa moea. Moprista oa Motaliana le setsebi sa kahisano Silvano Burgalassi oa lumela: “Mohlomong [bacha] ba ikhutse ho Molimo ka lebaka la mohlala oa rōna o mobe. Re ba file ‘motsoako’ oa ho sekisetsa, bolumeli le khoebo, boithati le tšenyeho.” Hase ho makatsang ha baprista ba lahleheloa ke boemo ba bona sechabeng. Polelo eo hangata e utluoang ho Mak’hatholike a Spain ke hore: “Ke Mok’hatholike, empa ha ke lumele ho baprista.”
Mak’hatholike a mang a thatafalloa ke ho ipolela ho baruti, ’me a mang a na le lipelaelo tse tebileng ka lithuto tsa bolumeli tsa kereke—haholo-holo lithuto tseo a nahanang hore ke tse sa utloahaleng kapa tse se nang kelello.
Lithuto Tsa Bolumeli Tse sa Utloisisoeng
Mohlala o totobetseng ke thuto ea molao ea K’hatholike mabapi le taba ea lihele. Catechism of the Catholic Church ea bolela: “Thuto ea Kereke e tiisa hore lihele li teng le hore ke tsa ka ho sa feleng.” Leha ho le joalo, lipatlisiso tsa morao tjena li bontša hore ke kotara feela ea Mak’hatholike a Fora le karolo ea boraro ea balumeli-’moho le bona ba Spain ba lumelang hore lihele li teng.
Ka ho tšoanang, mabapi le litaba tsa boitšoaro, batho ba Europe ba na le tšekamelo ea ho ba “Bakreste ba reng iketsetse lintho ka bouena.” Mimmi, mocha oa Molutere oa Sweden, o lumela hore litaba tsa boitšoaro, tse kang ho ba le bana kantle ho lenyalo, ke “ntho eo u lokelang ho iketsetsa qeto ka eona.” Mak’hatholike a mangata a Fora a ne a tla lumellana le eena. Ba etsang karolo ea 80 lekholong ba boletse hore ha ba tobane le liqeto tsa bohlokoa bophelong, ba ne ba tla latela tataiso ea matsoalo a bona ho e-na le ea kereke.
Nakong e fetileng matla a ho laela a kereke a ne a lekane hore a hanele maikutlo leha e le afe a bofetoheli. Ho ea ka pono ea Vatican, ha ho letho le fetohileng. Catechism e bolela ka ho tiea hore “sohle se ’nileng sa boleloa ka mokhoa oa ho hlalosa Mangolo qetellong se laoloa ke maikutlo a Kereke.” Leha ho le joalo, katamelo e hatellang, ha e tšehetsoe ho hang. Antonio Elorza, moprofesa oa lithuto tsa lipolotiki oa Spain oa belaela: “Taba ea matla a ho laela e ntse e tsoela pele e sa sitisoe ke letho. Kereke e rata ho haha tora e sirelelitsoeng ka lerako, e halaletsa ho tšoaneleha ha neano ea eona ka seo e ileng ea tobana le sona historing.” Kantle ho “tora e sirelelitsoeng ka lerako,” tšusumetso ea kereke le matla a eona a ho laela li tsoela pele ho fokotseha.
Ntle le tšenyeho moeeng, lisosa tse hlahang sechabeng ke lebaka le leng la bohlokoa le tlatsetsang ho iphapanyetseng bolumeli. Sechaba se sebelisang lihlahisoa tse ngata se fana ka menyetla e mengata haholo ea boithabiso le boikhathollo—’me boholo ba batho ba Europe baa li lakatsa ebile ba na le mokhoa oa ho li thabela. Ha ho bapisoa, ho ea kerekeng ho bonahala e le mokhoa o sa utloahaleng oa ho sebelisa nako ea hoseng ka Sontaha. Ho phaella moo, hase hangata litšebeletso tsa kereke li utloisisang le ho bua ka litlhoko tsa batho tsa moea.
Ho bonahala eka ke ntho e ke keng ea etsahala hore bolumeli ba neano bo tla fumana taolo ea bona hape holim’a mehlape ea Europe. Na bolumeli ke tšusumetso ea nako e fetileng—e reretsoeng hore e fele joaloka dinosaur?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Catechism of the Catholic Church e ile ea hatisoa ka lekhetlo la pele ka 1992 ’me e reretsoe ho ba tlhaloso ea molao ea thuto ea bolumeli bakeng sa Mak’hatholike ho pholletsa le lefatše. Kenyelletsong ea eona Mopapa John Paul II o e hlalosa e le “buka ea ’nete le e tšepahalang ea tšupiso bakeng sa ho ruta thuto ea bolumeli ea k’hatholike.” Lekhetlo la ho qetela ha katekisima e joalo e akaretsang ea K’hatholike e lokolloa e ne e le ka 1566.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Borapeli ba boikhathollo bo hlōtse karolo e bohareng ea Bokreste-’mōtoana
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ha ba tobane le khetho ea ho mamela thuto ea moruti kapa ho ora letsatsi, ntle ho tika-tiko batho ba bangata ba Europe ba khetha ho ikela lebōpong la leoatle