Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 8/8 maq. 3-4
  • Karolo 1a: Ho Lebisa Tlhokomelo ’Musong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 1a: Ho Lebisa Tlhokomelo ’Musong
  • Tsoha!—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Batho ba Ikutloang ka Mebuso
  • Batho ha ba sa Tšepa Bo-ralipolotiki—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ke Hobane’ng ha ho e-na le Tlokotsi ea Tšepo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Karolo 9—Puso ea Motho e Fihla Tlhōrōng ea Eona!
    Tsoha!—1990
  • Karolo 8—Motsoako oa Lipolotiki oa Tšepe le Letsopa le Mongobo
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 8/8 maq. 3-4

Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng

Karolo 1a: Ho Lebisa Tlhokomelo ’Musong

LIPHETOHO tsa lipolotiki tse khahlisang tse etsahetseng Europe ka 1989 li lebisitse tlhokomelo ea lefatše ’musong ka tsela e khethehileng. Koranta e ’ngoe e hlokometse hore “1989 e ke ke ea hopoloa e le selemo seo Europe Bochabela e fetohileng ka sona empa e le seo Europe Bochabela e felileng ka sona joalokaha re ’nile ra e tseba ka makholo a mane a lilemo.”

Ha a hlalosa ho ea pelenyana, Francis Fukuyama setho sa Mokhatlo oa U.S. oa litekanyetso tsa ’muso haufinyane, o ile a ngola hore “bopaki boo mohlomong re bo bonang hase feela qetello ea khohlano ea lichaba, kapa ho fela ha mehla ea histori ea pele ho ntoa, empa e le bofelo ba histori: ke hore, ho fela ha likhopolo tsa boinahanelo ba motho.”

Le hoja pono ena e tsosa khanyetso e matla, e lebisa tlhokomelo ea rōna lipotsong tse ling tsa bohlokoa haholo. Ka mohlala, ho ka thoe’ng ka makholo a lilemo tsa puso ea motho tse fetileng? Na motho o fihlile moo a ka buang ka “ho fela ha histori”? Bokamoso bo fuparetse mebuso eng? Hona liketsahalo tsena tsa bokamoso li tla ba le phello efe ho rōna ka bomong?

Kamoo Batho ba Ikutloang ka Mebuso

Ka ho hlakileng, batho ba limillione ba nyahamisitsoe ke baeta-pele ba bona ba lipolotiki. Sena ke ’nete empa eseng ho batho ba lulang Europe feela, empa ho isa bohōleng bo itseng, ho baahi hohle. Ka mohlala, a re talimeng linaha tsa Latin America.

Makasine o tsebahalang oa khoebo oa Jeremane o hlalositse boemo ba lipolotiki bofelong ba 1988 e le “thotobolo ea matlakala.” Ha o toba litaba, o itse: “Moruo oa Argentina . . . oa senyeha. Brazil e tšosa ka ho fetoha e sa laoleheng. Peru e lintšing tsa ho felloa ke matla. Uruguay e latela ka ho ferekaneng. Ecuador e leka ho lekanyetsa seo ka ho ke keng ha latoloa se hlalosoang e le boemo ba tšohanyetso. Colombia le Venezuela . . . li bolokile boemo ba puso ea sechaba ka sechaba bo thekeselang. Mexico matla a mokha o busitseng lilemo tse 50 ntle le ho phepetsoa . . . a senyeha ka tsela e hlakileng hoo bohle ba bonang. Lilemo tsa bo-1980 li se li hlalositsoe e le ‘lilemo tse leshome tse lahlehileng.’”

Libakeng tse ling botumo ba bo-ralipolotiki bo theohile ka ho soabisang. Ha batho ba Austria ba ne ba kōpuoa ho thathamisa mesebetsi e 21 ho ea ka botumo ba eona, ba ile ba beha bo-ralipolotiki boemong ba bo19. Maikutlo a sechaba likhethong tsa Rephabliki e Kopaneng ea Jeremane a senola hore karolo ea 62 lekholong ea baahi ba eona eo ho buisanoeng le eona e lumela hore e tšepa bo-ralipolotiki ka ho fokolang.

Moprofesa Reinhold Bergler, motsamaisi oa Mokhatlo oa Liphuputso tsa Monahano Univesithing ea Bonn, o hlokomelisa hore “bacha ba lintšing tsa ho fetohela ’muso, lipolotiki le bo-ralipolotiki.” O bolela hore karolo ea 46 lekholong ea bacha bana e talima bo-ralipolotiki e le batho ba “itlatlarietsang feela” ’me karolo ea 44 lekholong e ba talima e le batho ba bolotsana.

’Mali oa likhetho oa Amerika ha a ngola lilemong tsa bo-1970, o ile a hlokomela: “Ho na le tumelo ea hore mokhoa ona (oa lipolotiki) ke o sa arabeleng le o bolotsana hoo bakhethi ba ke keng ba o sebelisa mererong ea bona.” Kahoo, lenane la batho ba ikutloang hore bo-ralipolotiki “ha ba tsotelle se etsahalang ho uena” United States le eketsehile butle-butle ho tloha karolong ea 29 lekholong ka 1966 ho ea karolong ea 58 lekholong lilemong tsa bo-1980. Koranta ea Jeremane Stuttgarter Nachrichten e lokafatsa mohopolo o joalo ka hore: “Bo-ralipolotiki ba bangata haholo ba nahanne ka lithahasello tsa bona pele, ’me mohlomong haeba ho ka etsahala, ebe lithahasello tsa bakhethi ba bona.”

Ka ho utloahalang, boiphapanyo ba lipolotiki boa eketseha. Ka 1980 ke feela karolo ea 53 lekholong ea baahi ba U.S. ba neng ba tšoaneleha ho khetha ba ileng ba ea likhethong. Sena se ile sa tlalehoa e le ho theoha ha bohlano likhethong. Ka 1988 lenane la bakhethi le ne le fokotsehile ho fihlela karolong ea 50 lekholong.

Bo-ralipolotiki le bona ba hlokometse bothata bona. Moeta-pele oa lefatše ea tsebahalang o boletse: “Ho na le boikaketsi bo bongata . . . bophelong ba lipolotiki.” Ha a hlalosa lebaka, o itse: “Sena ke sa bohlokoa bakeng sa ho lula setulo sa lipolotiki le ho se boloka.” Sebui seo ke mang? Ke eo e bileng mopresidente oa U.S. Richard Nixon. Ka lebaka la bolotsana bo ileng ba khutsufatsa mosebetsi oa hae oa ho ba mopresidente, ntle ho pelaelo ke batho ba ’maloa ba tla utloisisa hore o ne a tseba seo a buang ka sona.

Bofokoli ba lipolotiki bo etsa hore batho ba tšepahalang ba ipotse hore na ho tla ke ho be le ’muso o molemo. Na mohlomong ho ne ho ke ke ha ba molemo hoja re se na ’muso ho hang? Na mohlomong ‘ho se be le ’muso’ e ne e tla ba karabo?

[Lebokose le leqepheng la 4]

“Sechaba se lihuoa ke ho hloka keletso.”—Liproverbia 11:14

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela