Seo re se Tsebang ka Merabe ea Batho
HA MAEUROPE a ne a qalisa leeto la sekepe ho fuputsa lefatše lilemong tse 500 tse fetileng a ne a ipotsa hore na a tla teana le batho ba mofuta ofe. Ho ne ho e-na le litšōmo tsa lifonthoane tse neng li khona ho tsamaea ka har’a leoatle le ho khehlemanya sekepe ka letsoho le le leng. Ho ne ho e-na le lipale tsa banna ba nang le lihlooho tsa lintja ba neng ba phefumoloha malakabe. Na ba ne ba tla teana le “mekhelo” ea batho ba tšōmong ba neng ba ja nama e tala le bao melomo ea bona e meholo, e tomolohileng, e ba sireletsang letsatsing? Kapa na a ne a tla bona banna ba se nang melomo, ba phelang ka ho fofonela liapole? Ho thoe’ng ka batho bao litsebe tsa bona li leng khōlō joaloka mapheo kapa bao ho neng ho boleloa hore ba kakalla ka tlas’a moriti oa leoto la bona le le leng le leholo?
Banna ba ile ba tšela maoatle, ba hloa lithaba, ba fohla meru e teteaneng, ba haola mahoatateng, empa ha ho moo ba ileng ba fumana libōpuoa tse makatsang joalo. Ho e-na le hoo, bafuputsi ba ile ba makala ha ba fumana batho ba tšoanang le bona haholo. Christopher Columbus o ngotse: “Lihleke-hlekeng tsena [tsa West Indies] ha ke e-s’o fumane batho ba boholo bo sa tloaelehang joalokaha ba bangata ba ne ba lebelletse, empa ho fapana le hoo, har’a batho bana bohle ho hlokomeleha litšobotsi tsa liponahalo tse ntle. . . . Kahoo ha ke e-s’o fumane lifonthoane kapa tlaleho leha e le efe ea tsona, ntle le . . . batho . . . ba jang nama ea motho . . . Ba ne ba tšoana le batho ba bang.”
Ho Arola Moloko oa Batho ka Lihlopha
Ka hona, ka ho fuputsa lefatše, mefuta e fapaneng ea batho e ile ea felisoa lipaleng le litšōmong. Batho ba ne ba ka eloa hloko le ho ithutoa. Ha nako e ntse e tsamaea, bo-rasaense ba ile ba leka ho ba arola ka lihlopha.
Ka 1735 setsebi sa thuto ea limela sa Lesweden Carolus Linnaeus se ile sa hatisa buka ea sona Systema Naturae. Ho eona se ile sa bitsa motho Homo sapiens, e bolelang “motho ea bohlale,” lentsoe leo mongoli e mong a boletseng hore ke tlhaloso ea boikhohomoso bo bothoto ka ho fetisisa bo kileng ba neoa mefuta leha e le efe ea libōpuoa! Linnaeus o ile a arola moloko oa batho ka lihlopha tse hlano, tseo a li hlalositseng tjena:
MOAFRIKA: O motšo, hase se-fela-peloana, o iketlile. Moriri o motšo, o harane; letlalo le na le mohoete; nko e sephara; molomo o lisuma; ke lemenemene; o botsoa; ha a tsotelle; o itlotsa ka mafura; o laoloa ke maikutlo.
MOAMERIKA: O ’mala o bosootho ba koporo; o halefa kapele; o tsepame; moriri o motšo, o otlolohile, o motenya; linko li famohile; sefahleho se bohale; litelu li nyenyane; o manganga, ha a khotsofale; o itaka ka mela e mesesaane e metle e mefubelu; o laoloa ke meetlo.
MOASIA: O tepelletse, ha a tenyetsehe; moriri o motšo; mahlo a matšoana; o sehlōhō, oa ikhohomosa; o meharo; o apara liaparo tse sa mo tiiseng; o laoloa ke likhopolo.
MOEUROPE: O hloka leeme, o na le tšepo, o matla; moriri o mosehla, o mosootho, o lepelletse; mahlo a maputsoa; o mosa, o bohlale; o qapa lintho; o apara liaparo tse mo lekanang; o laoloa ke melao.
MOTHO EA HLAHA: O na le maoto a mane, ke semumu, o na le mohoete.
Hlokomela hore le hoja Linnaeus a arola batho ka lihlopha ho latela litšobotsi tse fumanoeng ka liphatsa tsa lefutso (’mala oa letlalo, mofuta oa moriri, le tse ling), o ile a boela a bua mantsoe a bontšang khethollo. Linnaeus o ile a tiisa hore Maeurope “a mosa, a bohlale, a qapa lintho,” leha ho le joalo o hlalositse Maasia e le a ‘sehlōhō, a ikhohomosang, a meharo,’ ’me Maafrika e le a ‘bomenemene, a botsoa, a sa tsotelleng’!
Empa Linnaeus o ne a fositse. Litšobotsi tse joalo tsa botho ha li eo tlhophisong ea kajeno ea ho arola batho ka lihlopha, hobane phuputso ea saense e bontšitse hore morabeng o mong le o mong, ho na le phapang e tšoanang ea boikutlo hammoho le tekanyetso e tšoanang ea bohlale. Ka mantsoe a mang, re fumana litšobotsi tse ntle le tse mpe morabeng o mong le o mong oa batho.
Mekhatlo ea kajeno e arola batho ka lihlopha tse tharo motheong oa liphapang tsa ponahalo ea ’mele feela: (1) Makhooa a na le letlalo le letle le moriri o otlolohileng kapa o haraneng; (2) Maasia a na le letlalo le lesehla le likobo tsa mahlo tse tenya ho potoloha mahlo; ’me (3) Manegro a na le letlalo le letšoana le moriri o kang boea. Empa hase e mong le e mong ea tšoanelehang hantle ho se seng sa lihlopha tsena.
Ka mohlala, batho ba morabe oa San le Khoikhoi ba ka boroa ho Afrika, ba na le ’mala oa letlalo o bosootho ba koporo, moriri o kang boea, le litšobotsi tsa sefahleho tse kang tsa Maasia. Maindia a mang a na le letlalo le letšoana empa a na le litšobotsi tsa Makhooa. Batala ba Australia ba na le letlalo le letšoana empa moriri oa bona o kang boea hangata o mosehla. Maassia a mang a na le mahlo a kang a Makhooa. Ha ho phapang e hlakileng.
Mathata ana a entse hore litsebi tsa saense ea batho li tlohele ho leka ho arola batho ka lihlopha, ba bolela hore lebitso “morabe” ha le na tlhaloso ea saense kapa bohlokoa.
Liqeto tsa UNESCO
Mohlomong liqeto tsa saense tse amohetsoeng ka ho fetisisa tabeng ea morabe ke tse entsoeng ke sehlopha sa litsebi tse kopantsoeng hammoho ke UNESCO (United Nations Educational, Scientific, and Cultural Organization). Liboka li ile tsa tšoaroa ka 1950, 1951, 1964, le 1967 nakong eo sehlopha sa litsebi tsa saense ea batho, litsebi tsa saense ea liphoofolo, lingaka, litsebi tsa ho buuoa le ba bang ba ileng ba kopanela tlhahisong ea liqeto tse ’nè ka morabe. Qeto ea ho qetela e ile ea hatisa bohlokoa ba lintlha tse tharo tse latelang:
A “Batho bohle ba phelang kajeno ke ba mofuta o tšoanang ’me ba tsoa mohloling o tšoanang.” ’Nete ena e tiisoa ke matla a phahameng haholoanyane. Bibele e re: “[Molimo] o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang [a Adama] ho aha sebakeng sa lefatše lohle.”—Liketso 17:26.
Qeto ea UNESCO e tsoela pele:
B “Ho aroloa ha moloko oa motho hore e be ‘merabe’ ke ntho e tloaelehileng ’me e batla e le khetho ea motho ebile ha e bolele hore sehlopha leha e le sefe sa morabe o mong se phahametse morabe o mong. . . .
C “Tsebo ea joale ea saense ea bophelo ba batho ha e re lumelle ho amahanya lintho tseo batho ba li finyelletseng le phapang ea matla a liphatsa tsa lefutso. Liphapang tsa lintho tse fapaneng tse finyelletsoeng ke batho ba fapaneng li lokela ho amahanngoa ka ho felletseng le histori ea setso sa bona. Ho bonahala kajeno batho ba lefatše ba na le matla a lekanang a ho finyella boemo leha e le bofe ba tsoelo-pele.”
Seoa sa Khethollo ea Morabe
Kahoo ha ho na motheo oa ho lumela hore ka tlhaho morabe o mong o phahametse o mong kapa o na le tokelo ea ho hatella o mong. Empa hase ka mehla batho ba ’nileng ba sebetsa tumellanong le linnete tsena. Ka mohlala, nahana ka khoebo ea ho rekisa Maafrika a entsoeng makhoba.
Nakong eo ha Makhooa a qala ho thea mebuso ea likolone, ho ne ho le molemong oa oona moruong hore a sebelise batho bao ka tlhaho ba phelang libakeng tse ling hampe. Empa ena e ne e le taba e ikhanyetsang. Maafrika a limillione a ne a qobelloa ho tloha malapeng a oona, a ne a hulanngoa, a tlangoa, a shapuoa, a tšoauoa ka tšepe e chesang, a rekisoa joaloka liphoofolo, ’me a qobelloa ho sebetsa ntle ho tefo ho fihlela mohla a shoang. Boitšoaro bona bo ne bo ka lokafatsoa joang ke lichaba tse ipolelang e le tsa Bokreste le tseo li neng li loketse ho rata moahelani oa tsona joalokaha li ithata?—Luka 10:27.
Tharollo eo li ileng tsa e khetha e bile ho felisa litšobotsi tsa botho tsa bahlaseluoa ba tsona. Lena e bile lebaka le fanoeng ke setsebi sa saense ea batho lilemong tsa bo-1840:
“Haeba Manegro le Maaustralia hase libōpuoa tse tšoanang le rōna kapa hase ba lelapa le le leng le rōna empa e le libōpuoa tse tlaasana, ’me haeba boikarabelo ba rōna ho bona ha boa ka ba tsotelloa . . . melaong efe le efe e fanoeng eo boitšoaro ba Mokreste bo theiloeng holim’a eona, likamano tsa rōna le merabe ena li tla bonahala li sa fapana haholo le likamano tseo ho nahanoang hore li teng mahareng a rōna le morabe oa litšoene.”
Ba ratang ho tšehetsa khopolo ea hore batho bao eseng makhooa e ne e le ba tlaasana, ba sebelisitse thuto ea Darwin ea ho iphetola ha lintho. Ba ile ba phea khang hore, batho ba likolone ba karolong e tlaasana lethathamong la ho iphetola ha lintho ho feta makhooa. Ba bang ba ile ba bolela hore batho bao eseng makhooa ke phello ea mofuta o fapaneng oa ho iphetola ha lintho ’me e ne e se batho ka botlalo. Ba bang ba ile ba qotsa Bibele, ba sotha mangolo ho tšehetsa lipono tsa bona tsa khethollo ea morabe.
Ha e le hantle, batho ba bangata ha baa ka ba lumela khopolo ena. Khoebo ea ho rekisa makhoba e felisitsoe lichabeng tse ngata tsa lefatše. Empa khethollo le leeme la morabe li ’nile tsa tsoela pele ’me li saballetse lichabeng tseo e neng e le merabe feela likhopolong tsa batho. Moprofesa e mong oa saense ea bophelo ba liphoofolo o itse: “Kaha ho bonahala motho e mong le e mong a na le tokelo ea ho bōpa merabe e lumellanang le khopolo ea hae, bo-ralipolotiki, babuelli ba molao ba khethehileng, le batho ba sebelisang leeme molemong oa bona ba ile ba kenella tabeng ea ho arola batho ka lihlopha. Ba qapile mabitso a thetsang a morabe ho fana ka likhopolo tsa bona tseo ba li ratang haholo le leeme la bona sebōpeho se hlomphehang sa ‘saense.’”
Melao ea khethollo ea morabe ea Jeremane ea Bonazi ke mohlala o ka sehloohong. Le hoja Adolf Hitler a ile a phahamisa morabe oa Aryan, ho latela saense ea bophelo ba batho ha ho ntho e joalo. Ha ho mohla e kileng ea ba teng. Ho na le Bajode ba basehla, ba mahlo a maputsoa Sweden, Bajode ba batšo Ethiopia, le Bajode ba Maasia Chaena. Leha ho le joalo, Bajode le ba bang e bile bahlaseluoa ba khethollo ea morabe. Khethollo eo e felletse ka hore ba isoe likampong tsa mahloriso, liphaposing tsa ho bolaoa ka khase, le polao e sehlōhō ea Bajode ba limillione tse tšeletseng le ba bang, joaloka batho ba morabe oa Maslav ba tsoang Poland le Soviet Union.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Phuputso ea saense e bontšitse hore sechabeng se seng le se seng, batho ha ba tšoane ka bohlale
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
‘Bo-ralipolotiki, babuelli ba molao ba khethehileng, le batho ba sebelisang leeme molemong oa bona ba qapile mabitso a thetsang a morabe ho fana ka likhopolo tsa bona tseo ba li ratang haholo le leeme la bona sebōpeho se hlomphehang sa “saense”’
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Joalokaha litsebiso tsena li bontša, Maafrika a ne a phatlalatsoa likoranteng le ho rekisoa joaloka likhomo