Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 1/8 maq. 6-8
  • Europe Bochabela—Na ho Tsosolosoa Bolumeli?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Europe Bochabela—Na ho Tsosolosoa Bolumeli?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo Lintho li Fetohileng ka Teng!
  • Liphetoho Albania
  • Lipaki tsa Jehova Europe Bochabela
    Tsoha!—1991
  • Bolumeli bo Nka Lehlakore
    Tsoha!—1994
  • Na Bonngoe ba Bokreste ke Ntho e ka Finyelloang?
    Tsoha!—1991
  • ‘’Me Lerako le Ile la Heleha’
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 1/8 maq. 6-8

Europe Bochabela—Na ho Tsosolosoa Bolumeli?

KHATELLO ea ho bua ka bolokolohi lilemong tse ’maloa tse mashome tse fetileng linaheng tsa Europe Bochabela e ile ea kopanyelletsa lithibelo tse matla bolumeling. Ho se lumele hore Molimo o teng ho ile ha rutoa ka cheseho e khōlō, likereke tse ling li bile tsa etsoa litsi tsa polokelo ea lintho tse tšehetsang tumelo ea hore Molimo ha o eo, joaloka se seng se eteloang ke bahahlauli ba bangata Leningrad. Baruti leha e le bafe ba neng ba sebeletsa ba ile ba fetoha bathusi ba puso ea nakong eo. Kaha libaka tsohle tsa borapeli, joaloka matlo a baitlami, likereke, likereke tsa Mamosleme, li ne li koetsoe ka molao ka 1967, Sea-le-moea sa Tirana se bile sa tsebahatsa Albania e le “naha ea pele e latolang boteng ba Molimo lefatšeng.”

Hona joale, ka lebaka la tokoloho e tletseng hohle Europe Bochabela joaloka lishoeshoe tsa selemo, ho etsahala’ng ka bolumeli? Sengoli sa Fora Jean-François Kahn se ngotse: “Bolumeli bo felisitsoeng matla ke khatello bo ka kopana le sechaba se felisitsoeng matla ke khatello. Sena se etsahetse maobane Iran. Sea etsahala kajeno Soviet Azerbaijan. Hosane se ka saballa hohle Russia ka potlako e khōlō.” Esita le hona joale malumeli a mang a ikamahanya le likhopolo tsa bochaba le litšusumetso ’me a fetoha e ’ngoe ea likofuto tse khōlō tsa boipelaetso ba lipolotiki, li halaletsa sena ka lebaka la boteng ba baprista ba K’hatholike le Orthodox le baruti ba Luthere.

Bolumeli bo tsoela pele joang tlas’a maemo a macha a tsamaiso ea puso ea sechaba ka sechaba?

Kamoo Lintho li Fetohileng ka Teng!

Malumeli a maholo a Europe Bochabela, haholo-holo Kereke ea K’hatholike, a nkile mohato o potlakileng hore a ngolisoe ka molao mebusong e mecha. Ka mohlala, L’Osservatore Romano e tlalehile hore “ka la 9 February [1990], ho ile ha tekeneloa Tumellano mahareng a Tikoloho e tlas’a puso ea mopapa le Rephabliki ea Hungary.” Ka tumellano ena, mekha ena e ’meli e ile ea fihlela tumellano ea ho simolla maqhama a botsoalle. (Vatican e talingoa e le naha e ipusang e ikemetseng.)

Tlaleho e ’ngoe e tsoang Vatican e bolela hore Kereke ea K’hatholike ea Borapeli ba Ukraine, e ’nileng ea hatelloa ho tloha ka 1946, e kōpile hore e ngolisoe ka molao ’me e kenetse lipuisano “le ’Muso hammoho le Kereke ea Russia ea Orthodox mabapi le litlhahiso tse sebetsang ka bophelo ba Kereke Ukraine.”

Ka April 1990, mopapa o ile a etela Czechoslovakia ’me o ile a khahlametsoa ke “bahlanka ba phahameng ba Kereke le Naha, ho akarelletsa le . . . Mong. Vaclav Havel, Mopresidente oa Rephabliki,” boema-fofaneng ba Prague. (L’Osservatore Romano) Ho boetse ho hōla boikutlo bo bocha ba bolumeli sebakeng sena.

Ka mehla Kereke ea K’hatholike e bile le matla a hore e ngolisoe ka molao Poland. Hona joale, ka lebaka la tokoloho ea eona e ncha, e bontšitse matla a eona ka ho boela e tsosolosa lithuto tsa bolumeli likolong. Moprista e mong o ile a re: “Likolo ke thepa ea sechaba. Sechaba sa Poland se fetang karolo ea 90 lekholong ke Mak’hatholike. . . . Ka lebaka la tlhompho e loketseng bakeng sa malumeli a mang, thuto ea bolumeli sekolong e tla tsosolosa tokoloho ea matichere, le . . . ea ba boholong hobane e sebetsana le boitšoaro ba motheo ba batho.”

Tlaleho ka Kereke ea Orthodox Romania e itse: “Mobishopo e Moholo le babishopo ba bang ba bangata ba neng ba sebelisana hammoho le puso [ea Ceauşescu] ba ile ba qobelloa hore ba itokolle mosebetsing. Ho ile ha khethoa Komiti e neng e tla tsosolosa Kereke. Batho ba bangata bao pele e neng e se balumeli joale ba sekametse bolumeling ’me ba tlatsa likereke tsa sebaka ka seng . . . Kereke ea K’hatholike ea Byzantine e Romania, e ileng ea qobelloa ho tsekoloha lilemong tse 40 tse fetileng, joale e lumelletsoe ho boela e hlophisa lintho bocha.”—Orthodox Unity, July 1990.

Liphetoho Albania

Ho latela litlaleho tsa likoranta, ho etsahala liphetoho tse makatsang butle-butle Albania naheng e nyenyane e lithaba e nang le likotara tse tharo tsa baahi ba limillione ’me hape e le mahareng a Lebōpo la Adriatic mahareng a Yugoslavia le Greece. Koranta ea Jeremane Die Welt e tlalehile: “Albania, qhobosheane ea ho qetela e matla ea bokomonisi ba mehleng ea boholo-holo Europe, batho ba qalile ho vouta ka hore ba e balehele” ka ho batla tšireletseho matlong a boemeli Bophirima, e leng moo ba ileng ba lumelloa teng ho ikela Italy, Jeremane, le linaheng tse ling.

Tlaleho eo e tsoela pele ho re: “Ka May 1990 baahi ba Albania ba ile ba tšepisoa libukana tsa ho eta le ho felisoa ha melao e thibelang lithahasello tsa bolumeli.” (Mantsoe ana a qotsitsoe ho The German Tribune, July 15, 1990) Moprofesa oa histori Denis R. Janz o ngotse: “Boiteko ba nako e telele le bo matla bakeng sa ho beha lintho taolong e felletseng ea sechaba ho bonahala bo qheletsoe ka thōko.” Leha ho le joalo, oa phaella: “Ho na le bopaki . . . ba hore ha e le hantle, bolumeli bo ’nile ba tšoaroa ka tsela e mpe sechabeng sena.”

Tabeng ena, Lipaki tsa Jehova li sa ntse li bolokile tloaelo ea tsona ea ho se nke lehlakore ho sa fetoheng. Motheong oa melao-motheo ea Bibele, ha li itšunya-tšunye likarohanong tsa lipolotiki le tsa bochaba. Li tšepile hore Molimo ke oona o tlang ho li neha tsamaiso ea khotso bakeng sa ho phethahatsa thōmo ea tsona lefatšeng ka bophara ea ho bolela ka ’Muso oa Molimo.—Mattheu 22:21; 1 Timothea 2:1, 2; 1 Petrose 2:13-15.

Kahoo, ho thoe’ng ka Lipaki tsa Jehova Europe Bochabela? Na li ile tsa ’na tsa tsoela pele tlas’a thibelo? Na ho na le tokoloho ea bolumeli bakeng sa tsona?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na batho ba sa tla khutlela likerekeng Europe Bochabela?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela