Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 4/8 maq. 3-4
  • Litšitiso tsa Khotso Mahareng a Motho le Phoofolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litšitiso tsa Khotso Mahareng a Motho le Phoofolo
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motho ke Eena Tšitiso
  • Libatana tse Jang Batho
  • Ho Profetiloe ka Khotso ea Lefatše Lohle
  • Lengau—Katse e Itšehlang Thajana
    Tsoha!—1995
  • Ho Loana le Libata Tse Peli Tse Bohale ka ho Fetisisa
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
  • Lengolo la Tšenolo le Bolela’ng ho Lira Tsa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Na Motho le Phoofolo ba ka Phela ka Khotso?
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 4/8 maq. 3-4

Litšitiso tsa Khotso Mahareng a Motho le Phoofolo

Litšoantšo tse kang tse sekoahelong sa makasine ona ke tseo bana ba li ratang haholo. Hangata batho ba baholo le bona ba khahloa ke litšoantšo tse joalo.

Ke hobane’ng ha batho ba arabela ka tsela ee? Na khotso ea sebele mahareng a motho le liphoofolo esita le liphoofolo tse hlaha ka ho fetisisa e mpa e le toro ea bongoana? Kapa na see se tla fetoha ntho ea sebele?

Motho ke Eena Tšitiso

Tšitiso e khōlō bakeng sa khotso e joalo ke motho ka boeena. Maele a boholo-holo a re: “Motho o busa motho e mong ho mo ntša kotsi.” (Moeklesia 8:9, NW) Histori ea motho ea ho ntša motho e mong kotsi e bonahetse ka tsela eo a ileng a tšoara liphoofolo ka eona.

Ka mohlala, ho ile ha tšoaroa liphoofolo tse ngata tse hlaha ’me ha etsoa hore li loane mabaleng a lipapali a Roma ea boholo-holo. Ho tlalehoa hore ka 106 C.E., moemphera oa Moroma Trajan o ile a hlophisa lipapali moo batho ba 10 000 ba loanang le liphoofolo tse 11 000 ba ileng ba bolaoa bakeng sa ho khotsofatsa takatso ea bashebelli ba nyoretsoeng mali.

Ke ’nete hore boithabiso bo joalo ka ho khethehileng ha e sa le bo tloaelehileng kajeno. Empa lenane le eketsehang la liphoofolo tse felang le tse leng kotsing ea ho fela le netefatsa hore ho na le ho hong ho phoso ka tsela eo motho a tšoarang libōpuoa tsena tse hlaha ka eona. Ha lenane la baahi le ntse le eketseha, lehae la tlhaho la liphoofolo tse hlaha le ntse le fokotseha. ’Me ka baka la meharo, motho o batla matlalo a liphoofolo tsa libaka tse ling, manaka a tsona, le meno a tsona. Litsebi tse ling li tšohile hore mefuta ea liphoofolo tse ngata tsa litonanahali e tla qetella e se e fumaneha lirapeng tsa pontšo ea liphoofolo feela.

Libatana tse Jang Batho

Ho bonahala tšitiso e ’ngoe ea khotso e le libatana tse ling ka botsona. Afrika le Asia ke ntho e tloaelehileng ho bala ka litlaleho tsa libatana tse ileng tsa hlasela batho le ho ba bolaea. The Guinness Book of Animal Facts and Feats e bolela hore liphoofolo tse oelang mofuteng oa katse “mohlomong li ikarabella ka hoo e batlang e le mafu a 1000 selemo le selemo.” India feela, mangau a bolaea batho ba fetang 50 selemo le selemo. Naheng eo linkoe le tsona li fetohile libatana tse jang batho.

Bukeng ea hae Dangerous to Man, Roger Caras o hlalosa hore ka linako tse ling linkoe li fetohile libatana tse jang batho ka mor’a ho ja litopo tsa batho ka mor’a lefu la seoa. O hlalosa hore mafu a joalo a seoa hangata a ’nile a lateloa ke “likhoeli tsa tšabo ha linkoe li lakatsa nama ea motho eo li neng li sa tsoa e latsoa ’me li qala ho bolaea batho.”

Empa Caras o hlokometse hore hase mafu ana a seoa feela a ikarabellang bakeng sa litlhaselo tsohle tsa linkoe. Lebaka le leng ke ho halefa kapele ha phoofolo eo, haholo-holo ha e le haufi le malinyane.

Lilemong tsa bo-1918 ho ea ho bo-1926, nkoe e le ’ngoe e ile ea bolaea batho ba 125 India, ho ea kamoo Mokolonele J. Corbett a tlalehang ka teng bukeng ea hae The Man-Eating Leopard of Rudraprayag. Lilemo tse mashome hamorao, linkoe li ile tsa bolaea bonyane batho ba 82 seterekeng sa Bhagalpur.

Mohlokomeli oa serapa sa liphoofolo se Tanganyika (eo hona joale e seng e le karolo ea Tanzania) o pheta kamoo a neng a qete likhoeli tse hlano ka teng ka 1950 a ntse a leka ho thunya nkoe e neng e bolaea batho motsaneng oa Ruponda empa a sa atleha. Qetellong, ka mor’a hore e bolaee bana ba 18, e ile ea tšoaroa ke moahi e mong oa motsaneng oa Afrika. Nkoe e ’ngoe e ile ea bolaea basali le bana ba 26 motsaneng oa Masaguru.

Ho boetse ho na le tau ea Afrika. Ha e e-ja batho, hangata e hlasela banna ba hōlileng. C. Ionides oa ngola bukeng ea hae Mambas and Man-Eaters, “Lilemong tsa ka tse 23 Lefapheng la Liphoofolo, ke se ke thuntse litau tse fetang 40 ’me boholo ba tsona e ne e le tse jang batho, ha tse ling mohlomong li ne li le tseleng ea ho ja batho kapa ho bolaea liphoofolo tse ruiloeng.” Ho latela Ionides, litau li fetoha tšokelo ho batho ha motho a felisa liphofu tsa tsona tse tloaelehileng ka tšohanyetso.

Ho Profetiloe ka Khotso ea Lefatše Lohle

Ho sa tsotellehe litšitiso tse joalo tsa khotso mahareng a motho le liphoofolo, Bibele e boletse: “Mefuta eohle ea liphoofolo . . . e na le ho thapisoa, ’me e se e kile ea thapisoa ke batho.”—Jakobo 3:7.

Ho Ezekiele 34:25 Bibele e profetile: “[’Na Molimo] Ke tla ba etsetsa selekane sa khotso, ke etse hore libatana li hlokahale lefatšeng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung.”

Na boprofeta bo joalo ba Bibele e mpa e le toro feela? Pele u latola litebello tsa khotso ea lefatše lohle mahareng a motho le liphoofolo, ak’u nahane ka bonnete ba seo Bibele e se bolelang. Ho fanoe ka bopaki ba mehlala e makatsang ea kutloano mahareng a batho ba tsotellang le liphoofolo tse kotsi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela