Lengau—Katse e Itšehlang Thajana
KA MONGOLLI OA TSOHA! KENYA
LETSATSI le ne le likela. Re ne re qetile letsatsi re shebile le ho nka litšoantšo tsa liphoofolo tse hlaha tse hlollang tsa Masai Mara Game Reserve, Kenya. Pele re robala sebakeng sa marobalo se entsoeng ka litente, re ne re tla bona pono e thabisang. Re ne re se re le malala-a-laotsoe ha e mong oa litho tsa sebakeng sa marobalo a tšela Nōka ea Talek ka ropo, a jere mokhekhetho oa nama ea pōli lehetleng. O ile a faseletsa nama lekaleng le kang fereko holimo sefateng sa leoka.
Ha mebala ea nako e khutšoanyane ea shoalane sebakeng se chesang se mongobo e koaheloa ke lefifi, lengau le leholo le letona le ile la ngoangoarela sefate ho se hloa ka lenyele ’me la qala ho hula le ho tsekolla nama. Le ne le khantšitsoe ke mabone a moo re neng re shebeletse teng. Leha ho le joalo, kaha lengau le ne le ikemiselitse ho thabela lijo tsa lona, le ile la re hlokomoloha ha re le shebile ka ho hlolloa le ka ho makala. Hamorao re ile ra bolelloa hore le ne le tloaetse ho tla sefateng sena se behiloeng nama, ka lilemo tse ka bang tse tšeletseng. Kahoo bosiung bo hlahlamang re ile ra bona pono e tšoanang hape!
Re ile ra khona ho utloisisa lebaka la hore ebe lengau le ’nile la bitsoa “katse e phethahetseng ka ho fetisisa ho likatse tse khōlō, e shebahalang hantle le e tsamaeang ka tsela e hohelang.” Lengau le boima ba lik’hilogramo tse 60 kapa ho feta moo, ’me ke e ’ngoe ea liphoofolo tse nang le mesifa e matla ka ho fetisisa, le bophahamo ba lisenthimithara tse 60 ’me bolelele ba lona ho tloha nkong ho ea ntlhaneng ea mohatla ke limithara tse peli. Ha re sheba matheba a lona a matšo ao e ka reng ke lirosa letlalong la lona le lesootho bo bosehla, re hopotsoa potso e kileng ea botsoa ke moprofeta Jeremia: “Na mo-Ethiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na?”—Jeremia 13:23.
Haholo-holo se hapang tlhokomelo ke mahlo a lona a matala bo phatsimang. A na le lera la lisele tse khethehileng—tapetum—tse le fang pono e fetang e tloaelehileng ea bosiu. Lengau le ka bona khanyeng e etsang karolo ea botšelela ea tekanyo ea khanya eo mahlo a motho a e hlokang ho bona. Lisele tsena, tse bonahatsang leseli ka retina, li hlahisa ho phatsima ho bang teng ha ho khantšoa mahlo a lona bosiu.
Haeba u ka bona lengau le phomotse motšehare, u tla hlokomela hore le hemela holimo hoo ekang le khathetse haholo. Leha ho le joalo, ho hema ha lona ka potlako ke karolo ea tsamaiso e atlehang ea ho ipholisa. Ka ho hemela holimo ha lona ka makhetlo a ka bang 150 ka motsotso, mongobo o tsoa lelemeng la lona, molomong, le masobeng a linko.
Kaha lengau ke lona le khonang ho lumellana le maemo har’a likatse tse khōlō, le ka fumanoa mahoatateng le merung; lithabeng le pel’a leoatle; linaheng tse fapaneng joaloka Chaena, India, le Kenya. Ho sa tsotellehe hore motho o kena-kenane le boholo ba sebaka seo lengau le phelang ho sona, bo-rasaense ba lekanya hore ho na le a ka bang milione Afrika le Asia feela. Esita leha ho le joalo, ka makholo a lilemo lengau le ile la phonyoha thuto e tebileng ea saense. Nka ka mohlala, lengau la Sinai. Ho fihlela morao tjena ha le boela le sibolloa lehoatateng la Judea, lengau lena ho ne ho nahanoa hore ke khale le felisitsoe!
Katse ea Mo-ema-osi
Lengau le qoba ho hlokomeloa ke batho joang? Le etsa sena ka hore haholo-holo e be setsetse—’me ebile e le se nyenyelepang le se itšehlang thajana. Libakeng tseo ho tsona motho a bakang tšokelo, lengau ka bohlale lea khutsa. Ke feela ha le halefisitsoe le tlang ho rora joaloka tau le ho bohla ka mokhoa o tšosang. Tlas’a maemo a tloaelehileng, lentsoe la lona ha le tšose: molumo o makherehloa o sehang—o tšoanang le molumo oa sakha ha e sakha patsi. Ho latela buka ea Animals of East Africa, ka C. T. Astley Maberly, ha e le hantle o utloahala joaloka “Krrr-ha! Krrr-ha! Krrr-ha! Krrr-ha!—eo hangata e fellang ka ho feheloa.” Tumellanong le ho rata ha lona ho lula le le leng, lengau le boetse le ntša melumo e tlaase e sa tšoaneng, eo boholo ba eona e ke keng ea utluoa ke batho.
Ho feta moo, ho fapana le tau e botsoalle, lengau hase katse e botsoalle. Le hoja ka linako tse ling a ka bonoa a le mabeli, mangau ke litsomi tsa mo-ema-osi. E le ho fokotsa ho teana le tse sa lebelloang kapa tlhaselo, lengau le ipha sebaka sa lisekoere-k’hilomithara tse ka bang 25 ho ea ho 65. Le nyanyatsa lero le tsoang litšoeleseng tse khethehileng ho tšoaea meeli ea sebaka sa lona. Monko ona o tšoaeang o ka tsebisa mangau a mang ka bong, lilemo, boemo tabeng ea likamano tsa botona le botšehali, esita le hore na “mong’a sebaka” ke mang.
Ho tsoma ho etsoa ka mokhoa oa lengau oa ho nyenyelepa. Mehleng ea Bibele le ne le tsejoa ka ho lalla pel’a litoropo, le loketse ho tlōlela holim’a liphoofolo tsa hae ka sekhahla se bolaeang. (Jeremia 5:6; Hosea 13:7; Habakuke 1:8) E le ho sireletsa khapo ea lona ho liphoofolo tse jang liphoofolo tse shoeleng, tse kang mafiritšoane le liphokojoe, le boloka liphoofolo tse khōloanyane tseo le li bolaileng sefateng se nang le makala a kang fereko limithara tse ka bang 9 kapa 12 holimo. Empa le khona joang ho nyollela setopo sa letsa kapa namane ea thuhlo e mithara e le ’ngoe le halofo holimo joalo? Sena hase sephiri seo lengau le se senolang feela-feela. Empa bashebelli ba nang le mamello ba bolela hore se etsoa ka matla a ’mele. Mangau a rata ho ja a iketlile, ’mele o lepeletse feela holim’a makala a sefate, a ipatile ka ho feletseng, a patiloe ke makala le makhasi.
Ha le sa phephetsoe, lengau le lihlong ’me ha le atamele ’me le tla qoba ho loantša motho. Kahoo le hoja mangau a mang a se a sa tšabe batho ’me a se a fetohile a jang batho, a mangata ha a na kotsi ho batho. Leha ho le joalo, haeba le ntšitsoe kotsi kapa le hlahiloe lesumatha, lengau ha le bontše tšabo le e nyenyane ho sera sa lona. Jonathan Scott ho The Leopard’s Tale o re: “Lengau le halefileng, le tletse mabifi, . . . le khona ho sebelisa matla ’ohle a lona tlhaselong ea nako e khutšoanyane ka lebelo le kang la lehalima.”
Mangau a Batsoetse
Kahoo ha ho makatse hore mangau le ’ona a hōlisa malinyane a ’ona sephiring. Malinyane a sa tsoa tsoaloa aa patoa, hangata ka lehaheng, likhoeling tsa pele tse peli a tsoetsoe. Le hoja ntate a sa phethe karolo ea letho ho hōliseng malinyane, ’mè o haha kamano e ntle le ’ona ka ho a fepa le ho a hloekisa le ho a boloka a futhumetse. Hamorao, ’mè a ka ’na a isa malinyane a hae a mabeli kapa a mararo lehaeng le lecha, a a nka ka molomo haeba a sa le manyenyane kapa a a bitse feela hore a mo latele ha a se a le maholoanyane.
Lengau la ’mè le boetse le leka ho boloka malinyane a lona hōle le lira tse kang litšoene. Empa haeba litšoene li hlasela malinyane a lona, le tla li hlasela, le ipehe kotsing e le hore malinyane a lona a fumane monyetla oa ho balehela moo ho sireletsehileng. Le boetse le ipeha kotsing e khōlō ha le fepa malinyane a lona. Katse eo ka tloaelo e sa atameleng e tla tsamaea har’a mohlape oa litlou tse entseng lerata ho tlisa nama baneng ba eona ba lapileng.
Ka ho thahasellisang, mangau a manyenyane ha a bontše moea oa boitaolo ka nakoana. Malinyane a khoesoa ha a le likhoeli tse ka bang tšelela empa ha a ipolaele phoofolo ea ’ona ho fihlela a ka ba le selemo. A matona ha a fetohe malinyane a maholo a itšehlang thajana ho fihlela a ka ba lilemo li peli le halofo. Malinyane a matšehali a ka tsoela pele ho lula sebakeng sa ’m’a ’ona leha a se a le maholo.
Lengau—Na le Tla Qetella le E-na le Khotso?
Empa malinyane ao a bonojoana boo ekang u ka a nka ha a hōla a fetoha babolai. Kahoo ho ka ’na ha bonahala ho le thata ho lumela hore mantsoe a moprofeta Esaia a tla phethahala: “Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane.”—Esaia 11:6.
Boiteko ba morao tjena ba ho thapisa mangau ha boa atleha hakaalo. Sieuwke Bisleti van der Laan le monna oa hae ba ile ba hōlisa malinyane polasing ea bona e Afrika. Malinyane a ne a thabela “tokoloho e feletseng” ’me hangata a ne a feptjoa ke motho ka letsoho. Empa ha ho mohla a kileng a thapa e le kannete. Sieuwke Bisleti oa ngola: “Hang ha lengau le hōla ka ho lekaneng, le ikela ka tsela ea lona. Kamehla tau e tla u rata ’me e u utloe; kamehla lengau le tla u hlokomela empa le iketsetsa qeto ea hore na le tla itšoara joang ka nako e itseng.”
Qetellong ho ile ha bonahala ho le kotsi hore malinyane a hōlileng a ’ne a tsekele polasing. Ho ile ha etsoa qeto ea hore a khutlisetsoe naheng. Na ho hōlisetsoa har’a batho ba botsoalle ho ile ha senya mangau a manyenyane? Le hanyenyane. Matsatsi a mararo ka mor’a ho lokolloa, le letona le ile la bonoa le lutse pel’a letsa leo le le bolaileng.
Leha ho le joalo, katleho e joalo e lekanyelitsoeng ha ho thapisoa mangau ha e hlakole boprofeta ba Esaia bo bululetsoeng ba khotso pakeng tsa lengau le potsanyane. Ketsahalo ena e makatsang e tla etsahala, eseng ka boiteko ba batho, empa ka ho kenella ha Molimo lipakeng. Leha ho le joalo, puso ea Molimo e tla etsa ho fetang feela ho tlisetsa liphoofolo khotso. Esaia o ile a bolela esale pele: “Lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.” (Esaia 11:1-9) Ka hona esita le batho ba tla tlohela boitšoaro ba bona ba bophoofolo bo hlahisitseng ntoa le karohano. Ka nako e tšoanang, boikutlo ba batho mabapi le liphoofolo le bona bo tla fetoha. Liphoofolo e ke ke ea hlola e e-ba bahlaseluoa ba polao e sa laoleheng. Leha e le hore motho o tla senya moo li phelang teng kapa a behe boteng ba tsona kotsing, hobane Jehova o tla be a ‘sentse ba senyang lefatše.’—Tšenolo 11:18.