Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 4/8 maq. 10-11
  • Ho Thoe’ng ka Bokamoso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thoe’ng ka Bokamoso?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa Mathomo o tla Phethahatsoa
  • Phela ka ho sa Feleng Lefatšeng la Paradeise
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Liphoofolo—Thabo ea ho ba le Tsona ka ho sa Feleng
    Tsoha!—2004
  • Matsatsi a Borapeli ba Satane a Baliloe
    Tsoha!—1994
  • Na Molimo o Tsotella Liphoofolo?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 4/8 maq. 10-11

Ho Thoe’ng ka Bokamoso?

Ke hobane’ng ha khotso mahareng a motho le phoofolo e le e ipiletsang hakaale? Ke hobane ho tloha qalong batho ba ne ba bōpetsoe ho lula ka khotso le liphoofolo, esita le tse oelang sehlopheng sa tse hlaha.

Ha Molimo o ne o bōpa monna oa pele le mosali, o ile oa ba beha sebakeng sa paradeise lefatšeng hore ba thabele bophelo. Morero oa oona e ne e le hore ba be le bana le hore ba atolose meeli ea Paradeise eo ea mathomo ho fihlela e koahetse lefatše lohle. Bokahohleng bohle, motho o ne a lokela ho busa liphoofolo ka khotso.

Tlaleho ea Genese ea bolela: “[Motho] a buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le makhomo, le lefatše lohle, le lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng. . . . Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo.”—Genese 1:26-31; 2:9.

Motho o ne a sa lokela ho busa liphoofolo ka puso e sehlōhō. Batho le liphoofolo ba ne ba reretsoe hore ba phele hammoho ka khotso. Sena se ka bonoa ’neteng ea hore ha liphoofolo li ne li feta ka pel’a motho hore a li rehe mabitso o ne a sa hlomela ka libetsa. Hape ha ho moo ho boleloang ka tšabo eo motho kapa phoofolo ba ileng ba e bontša.—Genese 2:19, 20.

Morero oa Mathomo o tla Phethahatsoa

Ka thabo, morero oo oa Molimo oa mathomo haufinyane o tla phethahatsoa ha mebuso eohle ea batho e nkeloa sebaka ke ’Muso oa Molimo, o busang o le leholimong. (Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10) Ha puso ea Molimo e se e tsosolositsoe lefatšeng lohle, morero oa Molimo oa mathomo bakeng sa lefatše le batho ba ahileng ho lona hammoho le liphoofolo o tla tsoela pele ho phethatsoa.

Liphello tse fetolang tsa puso e lokileng ea Molimo li hlalositsoe ka bokhabane boprofeteng bo bongata ba Bibele. Ka mohlala, hlokomela seo Esaia a se ngotseng tlas’a pululelo: “Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana. Sethole sa khomo le sa bere li tla fula hammoho, manamane a tsona a robale hammoho; tau e tla fula joang joale ka khomo. ’Me ha ho sa sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.”—Esaia 11:6, 7, 9.

Boprofeta bo bong bo boetse bo bontša ka khotso e felletseng e tlang ho ba teng lefatšeng le lecha la Molimo. Ntlheng ena Mikea o boletse: “Ka lisabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee lisekele; sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”—Mikea 4:3, 4.

Nakong eo ha ho libatana tse tlang ho sitisa khotso ea batho hobane lentsoe la Molimo la boprofeta le re: “Ke tla etsa selekane sa khotso, ke etse hore libatana li hlokahale lefatšeng; ba tla aha lefeelleng ba iketlile, ba robale merung. . . . Ba tla iketla naheng ea bona.”—Ezekiele 34:25, 27.

Kahoo khotso le kutloano hohle Paradeiseng eo e tsosolositsoeng e tla ba tse phethahetseng. Ke ka baka leo bukeng ea ho qetela ea Bibele maemo a hlalositsoeng ka tsela ena: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile. Joale ea lutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha. A ntoo re ho ’na: Ngola hobane lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.”—Tšenolo 21:4, 5.

E, lipolelo tseo li tiile ’me ke tsa ’nete. Sena se bolela hore re ka itšetleha ka litšepiso tsa Molimo, hobane ho fapana le litšepiso tsa batho ba sa phethahalang, oona o na le matla, bohlale, le boikemisetso ba ho phethahatsa merero ea oona. Ho joalokaha e mong oa bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba tšepahalang a boletse: “Ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.”—Joshua 23:14; bona le Esaia 55:11.

Re ka ba le kholiseho e tšoanang ea hore haufinyane, lefatšeng le lecha la Molimo, morero oa oona oa mathomo bakeng sa lefatše, batho, le liphoofolo o tla phethahatsoa. Khotso eo Molimo o fanang ka eona e tla ba ntho ea sebele lefatšeng lohle. Khotso e joalo e ke ke ea rena feela har’a batho empa e tla boela e bonahatsoe le har’a liphoofolo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela