Pono ea Bibele
Na Molimo o Tsotella Liphoofolo?
BOPHELO ba liphoofolo bo maqakabetsing. Bo-rasaense ba bangata ba lumela hore tsela eo liphoofolo li felang ka eona e ntse e eketseha ka sekhahla. Liphoofolo li anngoe hampe ke tsela eo batho ba sebelisang lefatše ka eona. Indasteri ea lijo, lipapali tse sehlōhō tsa tšollo ea mali le ho lahla liphoofolo tsa lapeng kherehloa ho mpefatsa tlokotsi ena eo liphoofolo li leng ho eona.
Leha ho le joalo, ba bang ba nahana hore boemo boo bo ke ke ba qojoa kaha batho ba ntse ba eketseha. Empa na Molimo o ne a rerile hore ho be joalo? Na o lahlile liphoofolo kherehloa e le hore batho ba li tšoare hampe? Re tseba joang hore Molimo o tsotella liphoofolo?
Ho Tloha Qalong ho Bonahetse Hore oa li Tsotella
Ka mor’a hore Molimo a bōpe litlhapi, linonyana le liphoofolo tsa naha, o ile a khahloa ke seo. Bibele e re o ile “a bona hore ho molemo.” (Genese 1:21, 25) Libōpuoa tseo tsohle, ho tloha ho tse nyenyane ka ho fetisisa ho ea ho tse khōlō ka ho fetisisa, ’Mōpi o ne a li hlokometse ka lerato. Molimo ha aa ka a li bōpa feela li le “bohlale ka tlhaho,” empa hape o ile a etsa tokisetso ea hore li khone ho phela tikolohong ea tsona. Ka nepo, mongoli oa Bibele o ile a re: “Kaofela ha tsona—li lula li u letetse hore u li fe lijo tsa tsona ka nako ea tsona. Li nka seo u li fang sona. U bula seatla sa hao—li khotsofatsoa ke lintho tse molemo.”—Liproverbia 30:24; Pesaleme ea 104:24, 25, 27, 28.
Ke ’nete hore Molimo o ne a entse hore liphoofolo li laoloe ke motho oa pele, e leng Adama. Li ne li sa bōptjoa li e-na le bokhoni ba ho beha mabaka kapa ho nahana ka lintho tsa moea. (2 Petrose 2:12; Juda 19) Ho fapana le seo, Adama e ne e le sebōpuoa se nang le bophelo bo phahameng, se entsoeng “ka setšoantšo sa Molimo.” O ne a khona ho bontša botho ba Mōpi oa hae, e leng Jehova. (Genese 1:27; Pesaleme ea 83:18) Empa sena se ne se sa bolele hore batho ba na le tokelo ea ho busa liphoofolo ntle ho tataiso ea ’Mōpi oa bona.
Ka mohlala, Adama o ile a qala ho reha liphoofolo mabitso hobane Jehova o ne a mo file tokelo eo. Ho feta moo, Jehova o ile a thusa Adama ka hore ‘a tlise [liphoofolo] ho eena ho bona hore na e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona o tla e reha eng.’ (Genese 2:19) Motho o ne a ka atleha ho hlokomela liphoofolo hafeela a latela tataiso ea ’Mōpi oa hae.
Ehlile Molimo oa li Tsotella!
Ka masoabi, Adama o ile a fetohela ’Mōpi oa hae. Bofetoheli ba hae bo ile ba tlisetsa moloko oa batho le lintho tsohle tse phelang liphello tse bohloko. Leha ho le joalo, ’Mōpi o ile a bontša ka ho hlaka tsela eo liphoofolo li lokelang ho tšoaroa ka eona. Le hoja qetellong motho a ile a lumelloa hore a li sebelisetse ho etsa lijo le ho phetha mabaka a mang a utloahalang, ha ho mohla Molimo a kileng a lumella hore li tšoaroe hampe. Bibele e re: “Ea lokileng o hlokomela moea oa phoofolo ea hae e ruuoang, empa mehauhelo ea ba khopo e sehlōhō.”—Liproverbia 12:10.
Molimo o ile a ba a fa sechaba sa boholo-holo sa Iseraele melao e neng e bua ka boiketlo ba liphoofolo. Tokisetso ea Sabatha, e leng letsatsi la ho phomola ka ho feletseng beke ka ’ngoe, e ne e boetse e le molemong oa liphoofolo tsa Baiseraele ka hore le tsona li phomole. (Exoda 23:12) Re lokela ho hlokomela hore le hoja batho ba ne ba sa lumelloa ho etsa mosebetsi leha e le ofe ka letsatsi leo le halalelang, ba ne ba lokela ho thusa phoofolo e tsielehileng. (Luka 14:5) Molimo o ile a boela a laela hore likhomo li se ke tsa tingoa lijo ha li ntse li sebetsa ’me liphoofolo li se ke tsa jarisoa haboima. (Exoda 23:5; Deuteronoma 25:4) Ho kenya poho le esele jokong e le ’ngoe ho ne ho thibetsoe, e le ho qoba ho li utloisa bohloko. (Deuteronoma 22:10) Ka ho hlakileng, Bibele e ruta hore liphoofolo li ne li lokela ho tšoaroa ka tsela e loketseng, ka tlhompho le ka kutloelo-bohloko!
Le hoja batho ba bangata ba amehile ka lithahasello tsa bona ’me ba hlokomoloha tsela eo liphoofolo li amehang ka eona, Molimo o li utloela bohloko. Ha moprofeta Jonase a ne a bontša ho hloka mohau nakong eo baahi ba Ninive ba bakang ’me ba qoba kahlolo ea Molimo, Jehova o ile a re: “Na ha kea tšoanela ho utloela Ninive motse o moholo bohloko, oo ho oona ho nang le batho ba fetang likete tse lekholo le mashome a mabeli bao ho hang ba sa tsebeng phapang pakeng tsa letsoho la bona le letona le letsoho la bona le letšehali, ho phaella liphoofolong tse ngata tse ruuoang?” (Jonase 4:11) Ka sebele ’Mōpi o ile a hauhela esita le liphoofolo!
O Tiisa Hore o Tla li Hlokomela ka Moso
Ho hlakile hore Molimo o tsotella tsela eo liphoofolo li tšoaroang ka eona. Mora oa hae ea ratoang, e leng Jesu, o bile a re ha ho serobele se le seng se oelang fatše kantle le hore Ntate oa hae a tsebe. (Matheu 10:29) Ho fapana le hoo, esita le ha batho ba etsa lintho ka sepheo se setle, ha ba utloisise ka ho feletseng tsela eo liketso tsa bona li amang tikoloho ka eona. E le hore batho ba phele ka tsela e bontšang hore ba hlompha bophelo ba liphoofolo ba lokela ho fetola tsela eo ba nahanang ka eona.
Ho thabisang ke hore Bibele e hlalosa hore nakong eo ’Muso oa Molimo o busang, “ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova.” (Esaia 11:9) Tsebo e joalo e tla etsa hore batho ba mamelang ba fumane thuto le koetliso tseo ba li hlokang hore ba hlokomele lefatše hantle. Ka matla a hae, joale ’Mōpi o tla tiisa hore ho rena khotso pakeng tsa batho le liphoofolo, kahoo a tsosolose maemo ao a neng a rerile hore lefatše le be ho ’ona qalong.
Bibele e hlalosa phetoho e tla etsahala ka nako eo ’me e re: “Phiri e tla lula ka nakoana le konyana e tona, lengau le bothe le potsanyane, ’me namane le taoana e moetse le phoofolo e fepehileng hantle li be hammoho; moshanyana o tla li etella pele. Khomo e tla fula le bere; manamane a tsona a tla botha hammoho. Le tau e tla ja joang joaloka poho. Ka sebele ngoana ea anyang o tla bapalla mokoting oa masumu; ngoana ea khoesitsoeng o tla kenya letsoho mokoting o kenyang leseli oa noha e chefo.” Eo ke tšepo e thabisang hakaakang eo re ka nahanang ka eona!—Esaia 11:6-8.
NA U KILE UA IPOTSA?
● Na Molimo o tsotella tsela eo liphoofolo li tšoaroang ka eona?—Liproverbia 12:10; Matheu 10:29.
● Na ho ka khoneha hore ho be le kutloano ka ho feletseng pakeng tsa batho le liphoofolo?—Esaia 11:6-9.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]
Hore batho ba hlomphe bophelo ba liphoofolo ba lokela ho fetola tsela eo ba nahanang ka eona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 11]
La Voz de Galicia/Fotógrafo: Víctor Mejuto