Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 9/15 leq. 13
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Tlhōlisano ea Makhaola-khang” ea Southern Baptist
  • Pefo Lipapaling
  • Ha ba ‘Khomarele Mosebetsing oa Bona’
  • Pefo Lipapaling—Ke Hobane’ng ha e Eketseha?
    Tsoha!—1989
  • Ho Etsahala Eng Lipapaling?
    Tsoha!—1989
  • Papali ea Bolo ea Mohope oa Lefatše—Na ke Papali Kapa ke Ntoa?
    Tsoha!—1991
  • Li Tla Fela Neng Kaofela?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 9/15 leq. 13

Ho Nyarela ka Litabeng

“Tlhōlisano ea Makhaola-khang” ea Southern Baptist

Thahasello e ne e phahame haholo sebokeng sa bolumeli se neng se tšoaretsoe Dallas Convention Center ka Phuptjane. Baromuoa ba fetang 45 000 ba Baptiste ba ne ba teane ho seo The New York Times Magazine e se hlalositseng e le “tlhōlisano ea makhaola-khang pakeng tsa Maprotestanta a khomaretseng melao le mekha ea Maprotestanta a sa khomarelang melao bakeng sa bookameli ba Kopano ea Southern Baptist,” mokha o moholo oa Boprotestanta United States. Qetellong, Charles Stanley Moprotestanta ea khomaretseng molao haholo a khethoa ho ba mookameli ’me Winfred Moore ea neng a tsekisana le eena empa e le Moprotestanta ea sa khomarelang melao haholo ha a ka a khethoa. Kopano eo ha ea etsa letho ho felisa khohlano pakeng tsa litho tsa eona.

Ma-Southern Baptist a lumela hore Bibele e bululetsoe, empa mokha o mong oa Maprotestanta a sa khomarelang melao ha o lumele hore Mangolo a phethahetse. Mabaptiste a khomaretseng molao a tšaba hore Mabaptiste a sa khomarelang molao a koenehela lithuto tsa Baptiste. Ka lehlakoreng le leng, Mabaptiste a sa khomarelang molao haholo a halefisoa ke lebaka la hore baena ba bona ba khomaretseng molao ha ba etse hore Kereke le ’Muso li arohane empa ba itšunyatšunya lipolotiking, ba buella hore thapelo e kenyeletsoe sekolong le hore ho ntšoa ha limpa ho thibeloe. Liphapang tsa mekha ena e sa le qaka. Ka hona boemo ha bo lumellane le khothatso ea moapostola Pauluse mabapi le hore Bakreste ba ’nete ba “bolele bohle taba e le ’ngoe” ’me ba “phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.”—1 Ba-Korinthe 1:10.

Pefo Lipapaling

“Mabala a lipapali tsa bolo Europa a se a tšoana le mabala a lipapali tsa ntoa mehleng ea Roma oa boholo-holo.” Ho hlokometse makasine Time ha o tlaleha ka pefo pakeng tsa balateli ba bolo ba Brithani le ba Italy moo ho ileng ha shoa ba 38 lipapaling tsa makhaola-khang tsa Mohope oa Europa Brussels ka Motšeanong. Pefo ea balateli ba lipapali ke bothata bo hōlang likarolong tse ling tsa lefatše. Ka Motšeanong, barati ba lipapali ba Machaena Peking ba ile ba etsa moferefere—ba thuba libese, ba phetola makoloi, le ho hlasela baeti—ha sehlopha sa bona sa bolo se hlōloa ke Hong Kong tsekisanong ea Mohope oa Lefatše.

Ke ka baka la’ng ha barati ba lipapali ba felloa ke boitšoaro? Batsebi ba litaba ba bolela hore ke ka baka la hore barati ba bangata ba lipapali ba futsanehile, baa teneha, ’me ha ba hlakisoa ka ho lekaneng ho jara boikutlo ba ho hlōloa kapa ho kokobetsoa. “Empa boemo ba batho sechabeng kapa boemo ba bona ba lichelete ha se oona mabaka a motheo,” ho bolela Dr. Jeffrey H. Goldstein, setsebi litabeng tsa pefo ea lipapali. “Bothata ke bochaba. Mehleng ena ea mekhoa ea kapele-pele ea puisano, batho ba bangata ba fetola litseko tsa sechaba ho li etsa litseko tsa machaba lipapaling, ’me batho ba susumetsoa ke liketso tsa lipampiri tsa litaba, bahlokomeli ba lipapali, mapolotiki le limathi ka botsona.” Goldstein o eketsa ka hore ho barati ba lipapali “lipapali tsa machaba li fetoha sekala sa ho lekanya ho nepahala kapa ho fosahala ha lipheo tsa bona.”

Le hoja bochaba bo susumetsa barati ba bangata ba lipapali ho itšoara ka mabifi, Bakreste ba ’nete ke babuelli ba sa nkeng lehlakore le ba ratang khotso ba ’Muso oa Molimo. Ho feta moo, ba qoba moea oa lefatše oa tlhōlisano.—Johanne 17:16; Ba-Roma 12:18; Ba-Galata 5:26.

Ha ba ‘Khomarele Mosebetsing oa Bona’

“Ntho e ’ngoe e ’makatsang ka babishopo ba rōna ba buang haholo ka lipolotiki ho bonahala ba lahlehetsoe ka ho feletseng ke boikutlo ba lintho tsa bohlokoa tsa Bokreste,” ho ngotse joalo mohlophisi oa koranta Paul Johnson ho The Daily Telegraph ea London. O boletse hore babishopo ba kereke ba sebelisa nako e ngata haholo litabeng tsa lipolotiki ’me ba hlokomoloha mathata a bohlokoa haholo. Johnson o re: “United States le Brithani ho na le bothata bo hōlang ba bofuma ka baka la malapa a motsoali a le mong,” ’me hangata bo hlahisoa ke bacha ba itšoarang hampe. “Le hoja ho ka makatsa, e se e le nako e telele ke sa utloe moruti leha e le ofe, ke se ke sa bue ka mobishopo, a bua ka liketso tse mpe tsa bofebe.” Haeba babishopo “ba ne ba ka khomarela mosebetsi oa bona oa sehlooho e le basireletsi ba boitšoaro bo botle,” o fihlela qetong ea hore ba ne ba ka “ba le karolo ea bohlokoa ho fokotseng bothata ba moruo.”

Lihlaloso tsa Johnson li re hopotsa boemo bo neng bo le Iseraeleng oa khale. Baetapele ba bolumeli mehleng eo ba ile ba hlōleha ho ruta lentsoe la Molimo hore batho ba ‘sokolohe mekhoeng ea bona e mebe.’ Molimo o buile sena ho baetapele ba joalo: “Ke na le tseko le baprofeta ba utsoang mantsoe a ka, e mong ho e mong.” (Jeremia 23:22, 30) Ka ho tšoanang, baruti ba mehleng ena ba hlōlehang ho ruta ka nepo melao e lokileng ea boitšoaro ba Bokreste, ba sebelisang hampe Iitemana tsa Bibele ka mabaka a bopolotiki kapa a mang, ba ka lebella hore Molimo o se khahlisoe ke bona.—Bapisa Luka 11:52.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela