Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 6/8 maq. 17-19
  • Kamoo Thelevishene e Fetotseng Lefatše ka Teng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Thelevishene e Fetotseng Lefatše ka Teng
  • Tsoha!—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Thelevishene e U Fetotse?
    Tsoha!—1991
  • Laola Thelevishene Pele e U Laola
    Tsoha!—1991
  • Ho Sebelisa Thelevishene ka Bohlale
    Tsoha!—2000
  • Litsela Tsa ho e Laola
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 6/8 maq. 17-19

Kamoo Thelevishene e Fetotseng Lefatše ka Teng

LEHLABULENG le fetileng, (karolong e ka leboea ea lefatše) TV e ile ea fetola lefatše lebala la lefatše lohle la lipapali. Ho ne ho se na batho literateng tsa Roma, Italy. Mataliana a ka bang limillione tse 25 a ne a shebelletse litlhōlisano tsa papali ea bolo ea Mohope oa Lefatše. Ka ho tšoanang Buenos Aires, Argentina, literata li ne li se na batho ka baka le tšoanang. Cameroon, Afrika Bophirimela, khanya e tšoanang e boputsoa bo botala e ne e ntse e hlaha ’me e nyamela ka mokhoa o makatsang lifensetereng ha batho ba limillione ba ne ba hlaba litlatse ka mokhoa o lumellanang. Lebanon e tsekollotsoeng ke ntoa masole a ne a behile lithelevishene tsa oona holim’a litanka tsa ntoa tse sa sebetseng hore a shebelle. Nakong eo tlhōlisano e fihlang sehlohlolong sa eona, baahi ba lefatše ba lekanyetsoang ho ba karolo ea bohlano ba ne ba shebelletse, ba huletsoe lebokoseng lena joaloka lirurubele khanyeng, lifahleho tsa bona li bonesitsoe ke ’mala oa TV o moputsoa.

Ketsahalo ena e khōlō ea TV e ne e le e sa tloaelehang. Ka 1985 ho batlang e le karolo ea boraro ea baahi ba lefatše—batho ba ka bang 1 600 000 000—ba ile ba shebella konsarete ea ’mino oa rock e bitsoang Live Aid. Li-satellite tse ngata li ile tsa hasa lenaneo leo linaheng tse ling tse 150, ho tloha Iceland ho fihla Ghana.

TV—lebokose lena le fumanoang hohle e bile sesosa se seholo sa phetoho e tlileng ka mokhoa o bolotsana. Theknoloji e tloha ho li-screen tse nyenyane tse panya-panyang tsa bo-1920 le bo-1930 ho ea ho li-screen tse rarahaneng tsa kajeno tse ’mala o hlakileng le o khanyang ’me ka nako e tšoanang li ntse li atlehisa moruo oa lefatše. Ka 1950 ho ne ho e-na le lisete tsa thelevishene tse ka tlaase ho limillione tse hlano lefatšeng. Kajeno, ho na le tse ka bang 750 000 000.

Liketsahalo tse kang litlholisano tsa Mohope oa Lefatše li mpa li bontša feela matla a TV a ho kopanya lefatše lohle ka boitsebiso bo le bong ba liteishene tsa thelevishene tse hokelletsoeng hammoho. TV e fetotse tsela eo batho ba ithutang lefatše le ba potolohileng ka eona. E thusitse ho hasa litaba le likhopolo esita le meetlo le lintho tsa bohlokoa ho tloha naheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ’me e iphetela mohoalotso meeling ea lipolotiki le ea naha eo pele e neng e thibetse maqhama a joalo. TV e fetotse lefatše. Ba bang ba bolela hore e ka u fetola.

Batho ba bangata ba lumela hore Johannes Gutenberg o ile a fetola lipuisano tsa batho ha Bibele ea pele e qetoa ho hatisoa khatisong ea hae ka 1455. Hona joale ka ho panya ha leihlo molaetsa o le mong o ka finyella ho batho ba bangata ka nakoana, hape ka tšenyehelo e fokolang haholo. Kapele ’mebuso e ile ea hlokomela matla a likoranta ’me ea leka ho a laola ka melao ea tumello ea khatiso. Empa likoranta li ’nile tsa finyella ho batho ba bangata le ho feta. Mathoasong a bo-1800 rahistori Alexis de Tocqueville o ile a hlokomela hore likoranta li na le matla a maholo haholo a ho jala khopolo e tšoanang likelellong tse 10 000 ka letsatsi le le leng.

Joale nahana ka thelevishene. E ka jala khopolo e tšoanang likelellong tse makholo a likete—ka nakoana e tšoanang! ’Me ho fapana le likoranta, ha e hloke hore babōhi ba eona ebe batho ba tsebang ho bala kapa ho ba kōpa hore ba iketsetse litšoantšo tsa kelello le maikutlo. E fetisa melaetsa ea eona ka litšoantšo le molumo le tšusumetso eohle eo li ka fanang ka eona.

Ha hoa nka nako e telele hore bo-ralipolotiki ba bone matla a maholo a thelevishene. United States, Dwight D. Eisenhower o ile a sebelisa TV ka bohlale letšolong la hae la 1952 la likhetho tsa ho ba mopresidente. Ho latela Tube of Plenty—The Evolution of American Television, Eisenhower o ile a hlōla likhethong hobane o ile a ipaka e le ‘nkhetheng ea buang ka tsela e hohelang’ khasong. Buka eo e bontša hore mohlomong TV e phethahalitse karolo e khōlō tlhōlong ea John F. Kennedy ho Richard M. Nixon likhethong tsa 1960. Ha bo-nkhetheng ba ne ba bua ho TV, babōhi ba ile ba fa Kennedy lintlha tse ngata ho feta Nixon. Leha ho le joalo, batho ba utloileng lipuisano tsa bona sea-le-moeeng ba bile le maikutlo a hore baa lekana ka lintlha. Ke hobane’ng ha ho na le phapang? Nixon o ne a bonahala a le mosoeu-soeu ’me a sohlokehile ha Kennedy a ne a le matla a le mosootho, a bontša ho itšepa le sehlahlo. Ka mor’a likhetho, Kennedy o ile a re ka thelevishene: “Re ne re ke ke ra rapela ka ntle ho sesebelisoa seo.”

“Sesebelisoa seo” se tsoetse pele ho etsa hore matla a sona a utloahale lefatšeng ka bophara. Ba bang ba ile ba qala ho se bitsa matla a maholo a boraro. Theknoloji ea satellite e nolofallelitse bahasi ho hasa melaetsa ea bona ho tšela meeli ea machaba esita le maoatle. Baeta-pele ba lefatše ba sebelisitse TV bakeng sa ho fumana tšehetso ea machaba le ho nyatsa bao ba qothisanang lehlokoa le bona. Mebuso e meng e e sebelisitse ho hasa lipuo tsa eona tsa bohata linaheng tseo e loantšanang le tsona. ’Me feela joaloka mebuso e lekile ho laola khatiso e qapiloeng ke Gutenberg hang ha e utloisisa matla a eona, mebuso e mengata e ile ea itšoarella ka matla thelevisheneng. Ka 1986 hoo e batlang e le halofo ea lichaba tsohle e ne e hasa feela mananeo a laoloang ke ’muso.

Leha ho le joalo, theknoloji e entse hore ho be thata haholo ho laola TV. Li-satellite tsa kajeno li tsamaisa maqhubu a ka amoheloang le matlung a nang le li-antenna tse nyenyane tse khakelelitseng maqhubu a khaso. Likh’amera tsa video tse nyenyane le li-videocassette, hammoho le bo-maithutoane ba nkang litšoantšo ba bangata ba entse litšoantšo tse ngata ka ho sa khaotseng tsa liketsahalo tsohle tsa bohlokoa.

Mokhatlo o mong oa Khaso oa U.S., oa Turner CNN (Cable News Network), o bokella litlaleho tsa litaba linaheng tse ka bang 80 ’me o li hasa lefatšeng lohle. Khaso ea eona ea litaba ea lefatše lohle ea bosiu le motšehare e ka fetola ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe taba ea machaba ka motsotsoana.

Ka ho eketsehileng thelevishene e fetohile ho tloha khatisong ea litaba tsa lefatše ho fihlela e rera liketsahalo tsa lefatše. TV e ile ea phetha karolo ea bohlokoa letotong la liphetohelo tse ileng tsa thefula Europe Bochabela ka 1989. Prague le Czechoslovakia, matšoele a ile a bina literateng a batla “khaso e otlollohileng” ho TV. ’Me le hoja bafetoheli ba kile ba tšolla mali ho leka ho sireletsa mehaho e meng ea ’muso, liqhobosheane, kapa libaka tse sireletsehileng tsa sepolesa, bafetoheli ka 1989 ba ile ba qala pele ho loanela ho fumana tumello ea ho kena liteisheneng tsa thelevishene. Ha le e hantle, puso ena e ncha ea Romania e ile ea qala ho busa naha seteisheneng sa thelevishene! Kahoo, ho bitsa TV matla a maholo a boraro ke ’nete.

Empa TV e entse ho fetang ho ba le tšusumetso lipolotiking. Joale e bile e fetola meetlo ea sechaba ea lefatše hammoho le lintho tsa bohlokoa. Hangata United States e qosoa ka ‘puso ea meetlo,’ e leng e qobellang meetlo ea eona lefatšeng ka ho sebelisa thelevishene. Kaha United States e ne e le naha ea pele ea ho hlahisa mananeo a mangata a khoebo lilemong tsa bo-1940 le bo-1950, baetsi ba mananeo a Amerika ba ne ba khona ho rekisetsa lichaba tse ling mananeo ka karolo ea seo ba neng ba tla se lefa ho hasa mananeo a bona.

Bofelong ba lilemo tsa bo-1980 Kenya e ne e romella litšoantšo tsa eona tsa TV tse fihlang karolong ea 60 lekholong mose; Australia karolo ea 46 lekholong; Ecuador karolo ea 70 lekholong; ’me Spain, karolo ea 35 lekholong. Bongata ba mananeo ana a romelletsoeng mose a ne a tsoa United States. Lenaneo le leng la Amerika, Little House on the Prairie, le ne le hasoa linaheng tse 110. Lenaneo, Dallas le hasitsoe linaheng tse 96. Batho ba bang ba ile ba ipelaetsa ka hore mananeo a ratoang haholo sebakeng seo a ntse a fokotseha thelevisheneng ho potoloha lefatše le hore moetlo o meharo oa Amerika khoebong le linthong tse bonahalang o ntse o ja setsi.

Lichaba tse ngata li halefesitsoe ke ‘puso ea meetlo.’ Nigeria liboholi li ile tsa tletleba ka ho kenella ha mananeo a lichaba tse ling a senyang meetlo ea sechaba; li tšoenyeha ka hore babōhi ba Nigeria ba bonahala ba na le boitsebiso bo bongata ka United States le Brithani ho feta Nigeria. Baahi ba Europe ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Sebokeng sa haufinyana sa lipuisano tsa U.S., seboholi se seng se atlehileng khoebong Robert Maxwell se ile sa bua se halefile: “Ha ho na sechaba se lokelang ho lumella meetlo ea sona ho laoloa ke sechaba se seng.” Ka baka leo linaha tse ling li ile tsa qala ho lekanyetsa mananeo a tsoang ka ntle ho naha ao liteishene li ka ’nang tsa a hasa.

‘Puso ea meetlo’ e ka senya ho fetang meetlo feela. E ka boela ea senya lefatše. Mokhoa oa Bophirimela oa ho batla lintho tsohle hona joale o meharo o bile le karolo ho silafatseng moea le metsi ka chefu le ho senya lefatše ka kakaretso. Ho joaloka mongoli oa koranta ea London, The Independent, a ho hlalosa: “Thelevishene e tlisitse tebello e khanyang ea tokoloho ea lintho tse bonahalang—tsa katleho ea Bophirimela—e leng e thetsang, hobane e ka finyelloa feela ka hore e senye tikoloho ea tlhaho ka mokhoa o ke keng oa lokisoa.”

Ka ho hlakileng kajeno thelevishene e fetola lefatše, ’me hase ka mehla e leng bakeng sa ho molemo. Empa e boetse e na le liphello tse ngata tse khethehileng ho batho ka bomong. Na u ka hlaseloa habonolo?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 18]

Likoranta li ka kenya khopolo likelellong tse likete tse leshome ka letsatsi

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Thelevishene e ka kenya khopolo likelellong tse ma-kholo a limillione hang-hang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela