Ho Fumana Hantle Seo U Leng Sona
HA U icheba ka seiponeng, u bona’ng? U bona setšoantšo sa hao. Empa na ka sebele se u bolella hantle seo u leng sona? Na se u bolella kamoo batho ba bang ba u talimang ka teng joaloka motho? Na ka sebele u itseba hantle hore na u mang? Na ua tseba hore na boitšoaro ba hao bo qalile joang ka lekhetlo la pele? E, uena joaloka motho, botho ba hao bo ile ba hōla joang?
Ha u ema nakoana u hlahlobisisa lintho tsohle tse ileng tsa bōpa botho ba hao, u ka ’na ua hlokomela hore litšusumetso tse ngata u ile ua li susutlelloa—e bang ke batho ba bang kapa lintho tse ling. Lilemong tsa bongoana ba rōna, boholo ba rōna re entse ho fokolang feela ho hōlisa litloaelo tsa rōna le mekhoa. Kahoo ha re boneng tse ling tsa litšusumetso tsena tse bōpang boitšoaro tseo u ileng ua li susutlelloa—tseo tse ling tsa tsona u ileng ua li susutlelloa nako e telele pele u ba le monyetla oa ho etsa eng kapa eng ka boitšoaro ba hao.
Lefutso le Phethahatsa Karolo ea Bohlokoa
Lefutso le u amme hakae? DNA e fumanoang ho li-chromosome tse fetisang litšobotsi tsa lefutso e na le litlhaloso le melao e hlakileng bakeng sa khōlo ea motho e mong le e mong. Kahoo boitšoaro ba motho ka mong bo hlile bo susumetsoa ke lefutso hakae? Ho bonahala ho sa ntsane ho e-na le bothata ba ho fumana bopaki bo tiileng ba kamano leha e le efe pakeng tsa liphatsa tsa lefutso le botho. Leha ho le joalo, ho na le mehato e isang moo e bonahalang e le e molemo. Ka mohlala, litšobotsi tsa hao tse ngata tseo u li futsitseng li hlile li na le phello e itseng boitšoarong ba hao. Kahoo batho ba bangata ba futsitse sebōpeho sa ho se bue haholo, ha ba bang ka tlhaho e le ba phuthulohileng haholoanyane.
Mosali oa moimana a ka tlisetsa ngoana ea e-song ho hlahe molemo kapa hona ho mo ntša kotsi ka liketso tsa hae, menahano le maikutlo. Ke khotso e kae kapa ho halefa tseo u ileng ua li susutlelloa ha u ntse u le ka popelong ea ’mè oa hao? U ithutile ho hongata hakae molumong oa mantsoe a batsoali ba hao le ’minong oo ba neng ba o mamela? Lijo tseo ’mè oa hao a neng a li ja li ile tsa u ama hakae? Haeba o ne a noa joala kapa a sebelisa lithethefatsi, li ile tsa mo ama hakae? Mohlomong nakong eo u hlahang ka eona u ne u se u e-na le litšekamelo tse itseng ’me ho thata ho li fetola.
Ho Thoe’ng ka Lijo, Metsoako e Kulisang Motho le Tikoloho?
Ha u ntse u hōla ’me u fetoha motho e moholo, mohlomong metsoako e meng lijong tsa hao e bile le phello e itseng boitšoarong ba hao. Metsoako e natefisang lijo, metsoako ea maiketsetso e fang lijo mebala le metsoako e bolokang lijo hore li se bole—kaofela e ka ba le tšusumetso e sa bonahaleng boitšoarong ba hao. Ho ba mafolo-folo ka tsela e tlōlisang, khatello e eketsehileng ea maikutlo, ho halefisoa ke lintho tse fokolang, bohloko ba methapo ea hlooho le liketso tse sa bontšeng ho leka-lekana le tse sa laoleheng ke tse ling tsa liphello. Tšilafalo ea moea e bakoang ke mosi oa makoloi, le tšifalo e bakoang ke lifeme hammoho le lichefu tse ling tikolohong li boetse li fetola boitšoaro. Kapa boemong ba hao ba botho, mohlomong u na le motsoako o u kulisang o u amang ka ho tebileng empa o se na liphello tse kotsi ho ba u potolohileng.
Ho phaella litšusumetsong tsena, boitšoaro ba batsoali ba hao, lintho tseo ba li ratang le tseo ba sa li rateng, hammoho le leeme la bona leo u phetseng le lona ho tloha bongoaneng, li bile le phello e itseng ho uena esita le ho bōpa botho ba hao ho isa bohōleng bo itseng. Phello ke hore litsela tsa hao tse ngata le pono ea hao ka kakaretso bophelong e mpa e le setšoantšo sa litsela le lipono tsa bona. U na le tšekamelo ea ho halefisoa ke lintho tse ba halefisang. U na le tšekamelo ea ho mamella lintho tseo ba li mamellang. Ke ka seoelo u hlokomelang hore u etsisa boitšoaro ba bona ho fihlela ha motho e mong a u bolella hore u itšoere joaloka ntate oa hao kapa ’mè oa hao. Boemo ba bona ba lichelete le ba sechaba le tsona li ile tsa ba le phello e itseng, li ile tsa u ama joaloka sebaka seo u lulang ho sona le tikoloho ea sekolo. Metsoalle ea hao le lithaka le eona e bile le tšusumetso e khōlō ho uena. Mohlomong kotsi e tšabehang (e hlahetseng uena kapa motsoalle oa hao ea haufi), tlokotsi e hlahileng sebakeng seo u lulang ho sona, kapa mohlomong le liketsahalo tsa lefatše tse sa jeseng litheohelang li u amme. Mohlomong ho ka etsahala hore bothata bo bong, bo kang tlhalo kapa ho kula ho tebileng, li siile tšobotsi e hlahelletseng bothong ba hao.
Na ha u se u nahanisisa u ka khetholla litšusumetso leha e le life tse joalo?
Bolumeli bo Phethahatsa Karolo Efe?
Kamoo ho nahanoang ka teng, bolumeli bo lokela ho u thusa ho ba motho ea molemo haholoanyane, ho ntlafatsa boitšoaro ba hao, mekhoa e metle le bophelo ba letsatsi le letsatsi. Ke litekanyetso tse kae le liketso tsa hao tse anngoeng ke bolumeli? Le hoja bolumeli bo lokela ho sebetsa joaloka thibelo tabeng ea ho hloka boikarabelo le boitšoaro ba bonokoane, batho ba bangata ba angoa ke ho kopana ha bona le bolumeli ka tsela e fapaneng. Ba hlokomela boikaketsi bo bongata le khatello ea lintho tse bonahalang ho e-na le litekanyetso tsa moea likerekeng tsa bona ’me sena sea ba halefisa. Hape ba ka fetoha bao e seng balumeli, ba amohiloeng bomoea le tšepo.
Mohlomong u ka nahana ka litšusumetso tse ling tse ka ntle tse laolang boitšoaro bo joalo. Ak’u nahane ka metsotsoana e se mekae ka lintho leha e le life tseo mohlomong li ileng tsa u ama ho fihlela hona joale. Na u ka bolela tse ling tsa tsona? Ha ho bonolo ho susumetsoa ke linnete feela ka ho hloka leeme le ho nahana sena ka tsela ena, empa se tšoaneloa ke boiteko ’me se ka u thusa. Joang?
Bonneteng, haeba u ka tseba ho khetholla litšusumetso tse itseng kapa lisosa tsa tloaelo e mpe boitšoarong ba hao, ’me ka ho khethehileng, haeba u ka tseba ho khetholla sesosa seo litšusumetsong tse ling, u tla ba boemong bo molemo ba ho laola tšusumetso eo, mohlomong le ho e fetola hamorao. Haeba u ka tseba ho e laola, kapa hona ho felisa tšusumetso e sa rateheng, u ka ba motho ea fetohileng, ea nang le boikutlo bo botle haholoanyane ka batho ba bang.
Ha e le hantle, seo ke phephetso. Empa kaha litšusumetso tse ngata boitšoarong ba hao ke tseo u li susutlelletsoeng ke batho ba bang kapa maemo ao u neng u sa tsebe ho a laola, ke hobane’ng ha u sa nke bohato ba pele le ho etsa ho hong ka boemo boo ka bouena? Haeba sena se bolela ho ntlafatsa, ke hobane’ng ha u sa fetole seo u leng sona?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Liketso le boikutlo ba mosali oa moimana li ka ama ngoana oa hae ea e-song ho hlahe