Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g94 12/8 maq. 23-27
  • Ho Hōlisa Ngoana ea sa Laoleheng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hōlisa Ngoana ea sa Laoleheng
  • Tsoha!—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lekanyetsa Lintho le ho Kenella
  • Bana ba Khathetseng ka Lebaka la Khatello
  • Fokotsa Khohlano
  • Ho Laola Boitšoaro
  • Ho Babatsa, Eseng ho Nyatsa
  • Phihlelo ea Ntate oa Greg
  • Ho Hlōla Phephetso
    Tsoha!—1997
  • “Lula U Tsitsitse ’me U Mamele!”
    Tsoha!—1997
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Karolo ea Hao Joaloka Motsoali
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—1994
g94 12/8 maq. 23-27

Ho Hōlisa Ngoana ea sa Laoleheng

SUSAN o ile a botsa mor’a hae Jimmy ha a palama koloing ha a mo lata sekolong: “U hlotse hantle kajeno?” Ka ho se khotsofale, oa mo hlokomoloha. Ka kutloelo-bohloko o re: “Mohlomong ha ua hlola hantle kajeno. Na u batla ho bua ka seo?”

U araba ka ho korotla: “Ak’u khaohane le ’na.”

“Ke ne ke mpa ke tšoenyehile ka uena. Ho bonahala u sa thaba. Ke batla ho thusa.”

Oa hoeletsa: “Ha ke batle thuso ea hao! Ak’u khaohane le ’na! Ke u hloile. Hoja ebe ke shoele!”

Susan o hula moea: “Jimmy! U se ke ua bua le ’na joalo, ho seng joalo—ke tla u shapa! Ke ne mpa feela ke rata ho ba molemo. Ha ke utloisise hore na ho etsahala’ng ka uena. Ha ho letho leo ke le buang kapa ho le etsa le u thabisang.”

A ferekane le ho halefisoa ke mosebetsi oa hae oa letsatsi, Susan o ile a fohla har’a sephethe-phethe a ntse a ipotsa hore na o fumane ngoana ea joalo kae. O ikutloa a ferekane, a tsielehile, a halefile, ebile a e-na le lehloeo ho mor’a hae, ’me boikutlo ba ho ba molato bo ne bo mo hlokofatsa. Susan o ne a tšaba ho ea le eena lapeng—ngoana eo e leng oa hae. Ha a batle ho tseba se etsahetseng sekolong kajeno. Mohlomong tichere e tla letsa hape. Ka linako tse ling Susan o ne a sa khone ho mamella.

Ka hona liketsahalo tse sa reng letho li fetoha maikutlo a matla a tletseng matšoenyeho. Bana ba nang le ADD/ADHD kapa bao ka tsela e ’ngoe ba bitsoang ba “sa laoleheng,” ba arabela ka sekhahla ha ba talimane le mathata. Ba ka potlakela ho halefa, ba siea batsoali ba halefile, ba maketse ’me khathetse matla.

Ho Lekanyetsa Lintho le ho Kenella

Hangata bana bana ba bohlale, ba khona ho inahanela lintho, ’me ba ameha maikutlo ka tsela e fetelletseng. Ke habohlokoa ho hlokomela hore ke bana ba phetseng hantle ba nang le litlhoko tse khethehileng, bao qetellong ba hlokang kutloisiso e tebileng ka ho khethehileng. Mona ho latela melao-motheo e itseng le maikutlo tseo batsoali ba bana ba joalo ba li fumaneng li sebetsa ka ho atlehileng.

Pele, ke habohlokoa ho ithuta ho elelloa maemo le lintho tse khopisang ngoana. (Bapisa le Liproverbia 20:5.) Ke habohlokoa hore batsoali ba hlokomele matšoao baneng a hlokomelisang esale pele ka qhoebeshano ea maikutlo le ho kenella litaba kapele. Letšoao le ka sehloohong ke ponahalo ea sefahleho e bontšang ho eketseha ha pherekano le ho hlōleha ho sebetsana le boemo bo itseng. Ho bua mantsoe a mosa a ho hopotsa ngoana hore o tlameha ho itšoara, kapa haeba ho hlokahala, ho mo tlosa boemong boo mohlomong ho ka ba molemo. Ka mohlala, linako tsa khefu li molemo, eseng haholo ka tsela ea kotlo empa e le tsela ea ho neha ngoana le motsoali monyetla oa ho iphumana, ho fumana khutso le ho tsoela-pele ka kutloisiso.

Mohlaleng o fanoeng, Jimmy o ile a arabela ka mokhoa o fetelletseng lipotsong tse bonolo. Bona ke boitšoaro ba letsatsi le letsatsi ba Jimmy. Le hoja ho ka ba bonolo hore motsoali a halefe le ho ba le lehloeo, ke habohlokoa ho hlokomela hore hangata bana bana ba lahleheloa ke kutloisiso (ho bea mabaka) ha ba se ba fihletse ntlha eo ba ke keng ba khona ho mamella khatello. Ka hona, ke habohlokoa ho sebetsa ka temohisiso. (Liproverbia 19:11) Tabeng ea Jimmy, Susan o ne a ka kokobetsa boemo ka ho se tsitlallele ho ba le puisano le ho neha mor’a hae nako ea ho laola maikutlo a hae, ’me mohlomong hamorao ba ne ba ka buisana ka liketsahalo tsa letsatsi.

Bana ba Khathetseng ka Lebaka la Khatello

Ha ho mohla lelapa la moloko oa batho le kileng la talimana le mathata a maholo hakana, likhatello le matšoenyeho a hlasetseng lefatše la hona joale. Linako li fetohile, litlhoko li matla haholoanyane, ’me ho hlokahala se sengata ka ho eketsehileng ho bana. Mabapi le taba ena, buka Good Kids, Bad Behavior e re: “Ho bonahala mathata a mangata ao bana ba bang le ’ona a bakoa kapa ho susumetsoa ke litebello tse fetohang tsa sechaba.” Ho bana ba nang le ADD/ADHD, sekolo ke phihlelo e tšosang. Ha ba ntse ba etsa boiteko bo matla ba ho loantšana le mefokolo ea bona, ba qobelloa ho ikamahanya le theknoloji e tsoelang pele eo ka potlako e tsoelang pele ho fetoha boemong bo ka bonahalang bo le mabifi le ho ba kotsi, ho phaella matšoenyehong a bona. Bana ha baa hōla ka ho lekaneng maikutlong bakeng sa ho sebetsana le mathata ana kaofela. Ba hloka thuso ea batsoali ba bona.

Fokotsa Khohlano

Bakeng sa ho ba le bana ba thabileng haholoanyane, le ba phetseng hantle, ke habohlokoa ho nehelana ka tikoloho e nang le taolo le botsitso. Leano le sebetsang la ho fokotsa khohlano ka lapeng e ka ba ho qalisa mokhoa o bonolo oa bophelo. Kaha bana bana ba nkeha maikutlong, ba sitisoa habonolo, le ho fetelletsa lintho, ke habohlokoa ho fokotsa phello ea khalefo e fetelletseng. Fokotsa lenane la lintho tsa ho bapala tseo bana ba joalo ba lumelloang ho bapala ka tsona ka nako e le ’ngoe. Leka ho etsa mosebetsi o le mong ka nako ho fihlela o phethiloe. Kaha bana bana ka bobona ba haelloa ke tlhophiso, ho hlophisa lintho ho fokotsa pherekano. Haeba ho e-na le lintho tse fokolang tseo ba ka li finyellang habonolo tseo ba ka li sebelisang, ho bonolo haholo ho laola seo e leng sa bohlokoa.

Tsela e ’ngoe e sebetsang ea ho fokotsa khatello lapeng ke ho etsa kemiso e nang le morero, eseng e thata-thata, e tenang, empa e nehang bana boikutlo ba botsitso. Nako eo lintho li etsahalang ka eona hase ea bohlokoa joaloka tatellano ea liketsahalo. Sena se ka finyelloa ka ho sebelisa litlhahiso tse sebetsang tse kang tse boletsoeng mona. Fana ka phepo e ntle ea lijo tse nang le phepo le lijo tse bobebe ka linako tsohle. Etsa hore mekhoa e tloaelehileng ea ho robatsa ngoana e be e mofuthu, e lerato, le e khathollang. Ho ea mabenkeleng ho ka ferekanya bana ba sa khoneng ho lula sebakeng se le seng, kahoo lokisetsa esale pele ’me u leke ho se ee mabenkeleng a mangata haholo. ’Me ha le tsamaile, hlalosa boitšoaro boo u bo lebelletseng. Likemiso tse hlakileng li tla thusa ngoana ea nang le litlhoko tse khethehileng ho laola boitšoaro ba hae. Ho feta moo, ho thusa ho tiisa seo batsoali ba tla se lebella esale pele.

Hammoho le tlhophiso, ho molemo ho etsa tsamaiso ea melao le ho akareletsa liphello tsa ho tlōla melao e ke keng ea sekisetsoa. Beha meeli e tsitsitseng, e amohelehang ho balekane ka bobeli, behela bana meeli ea boitšoaro bo amohelehang—le ho ba ruta boikarabelo. Maneha lethathamo la melao sebakeng seo e bonahalang haeba ho hlokahala (hore motsoali le ngoana ba e hopole). Ho tiea ke senotlolo sa tšireletseho maikutlong.

Ho utloisisa lintho tse thabeloang ke ngoana, lintho tseo a li ratang le tseo a sa li rateng, le ho ikamahanya le tsona ho ka etsa ho hongata ho fokotsa khatello e sa hlokahaleng ka lapeng. Ka lebaka la sebōpeho se khethehileng sa bana bana bao hangata ba sa tsitsang ’me ba nkeha maikutlong, ho itsoakanya ha bona le bana ba bang e ka ba phihlelo e thata haholo. Ho arolelana lintho, haholo-holo lintho tsa ho bapala, e ka ba karolo e khethehileng ea liqhoebeshano le bana ba bang, kahoo mohlomong batsoali ba ka lumella bana ba joalo ho ikhethela lintho tseo ba li ratang haholo tseo ba ka li abelanang le ba bang. Ho feta moo, ho laola tekanyetso ea tšusumetso ea tsona ka hore ho be le sehlotšoana se senyenyane sa metsoalle eo a bapalang le eona le ho etsa mesebetsi e ke keng ea mo susumetsa ka ho feteletseng ho ka boela ha thusa ho thibela hore boitšoaro ba bona bo se qholotsoe.

Ke habohlokoa hore batsoali ba lumelle ngoana e mong le e mong ho hōla ka tsela ea hae le ho qoba ho mo hatella ka ho sa hlokahaleng. Haeba ngoana a sa batle mofuta o itseng oa lijo kapa liaparo, se mo qobelle. Ho mo qobella ha ho na thuso. Ha e le hantle, se leke ho laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe. E-ba ea leka-lekaneng, empa ha ho etsoa liqeto ka se amohelehang lelapeng la Bokreste, khomarela liqeto tseo.

Ho Laola Boitšoaro

Bana ba ke keng ba tsejoa esale pele ba hloka taolo e matlanyana. Ka lebaka leo, batsoali ba bangata ba khathatsoa ke boikutlo ba ho ba molato haeba nako le nako ba tlameha ho khalemela ngoana. Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho hlokomela phapang mahareng a taeo le ho hlekefetsa. Ho latela buka A Fine Line—When Discipline Becomes Child Abuse, ho tlalehiloe karolo ea 21 lekholong ea litlhekefetso tsohle e etsahala ha bana ba bonahatsa boitšoaro bo mabifi. Kahoo, phuputso e fihletse qeto ea hore bana ba nang le ADD/ADHD ba “kotsing e khōloanyane ea ho hlekefetsoa ’meleng le ho hlokomolohuoa.” Ntle ho pelaelo, ho hōlisa bana ba nang le litlhoko tse khethehileng e ka ba ho sithabetsang, empa taolo ea bona e lokela ho ba e loketseng le e leka-lekaneng. Kaha hangata bana bana ba bohlale haholo ’me ba na le matla a ho inahanela lintho, ba fana ka phephetso ho batsoali ba sebetsanang le maemo a hlokang mabaka. Hangata bana ba joalo ba itšoarella ka mefokolo e itseng mabakeng a bohlale a motsoali. Se ba lumelle! Boloka matla a hao a ho laela joaloka motsoali.

Ka tsela e mosa, empa ka tieo, hlalosa ka bokhutšoaane; ka mantsoe a mang, u se ke ua hlalosa haholo, ’me u se ke ua sekisetsa melaong e sa fetoheng. “E” ea hao e be e, ’me “che” ea hao e be che. (Bapisa le Mattheu 5:37.) Bana hase bararolli ba liphapang; ka lebaka leo, ho tšoara lipuisano hammoho le bona ho ka lebisa liqhoebeshanong, bohaleng, le pherekanong, ’me ho ka boela ha fetoha lerata le pefo. (Ba-Efese 4:31) Ka ho tšoanang, qoba ho hlokomelisa ka ho feteletseng. Haeba taeo e hlokahala, e tlameha ho fanoa ntle ho tika-tiko. Buka Raising Positive Kids in a Negative World ea phehella: “Khutso, kholiseho, le ho tiea—ke lintho tsa bohlokoa tseo bolaoli bo entsoeng ka tsona.” Ho feta moo, hlokomela litlhahiso tse babatsehang tse ho The German Tribune: “Kamehla buisana le ngoana ka tsela e tla hapa tlhokomelo ea hae: hangata mo bitse ka lebitso, mo shebe ka mahlong le ho sebelisa puo eo a e utloisisang.”

Ho hlekefetsa ho etsahala ha batsoali ba felloa ke boitšoaro. Haeba motsoali a tlatsa lerata, o se a ntse a felletsoe ke boitšoaro. Liproverbia khaolo ea 15 e tšohla taba ea ho hōlisa ngoana hammoho le taeo. Ka mohlala, temana ea 4 e re: “Molomo o motle ke sefate sa bophelo; ha e le o khopo, o sohlokanya moea”; temana ea 18: “Motho ea bohale o hotetsa phapang; empa ea liehang ho hlonama o tima likomang”; ’me qetellong ke temana ea 28: “Pelo ea motho ea lokileng e nahana karabo.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Kahoo, ke habohlokoa ho hlokomela eseng feela seo re se buang empa hape le tsela eo re se buang ka eona.

Ho Babatsa, Eseng ho Nyatsa

Kaha bana ba sa laoleheng ba na le matla a ho inahanela lintho, ho etsa lintho tse makatsang, esita le tsa bohlanya, ho bonolo hore batsoali ba sekamele ho batla liphoso, ho soma, ho omanya le ho hlasela ka mantsoe ka bohale. Leha ho le joalo, ho latela Today’s English Version, Bibele ho Ba-Efese 6:4 e laela batsoali ho hōlisa bana ka “taeo le thupelo ea Bokreste.” Jesu o ile a laea ba etsang liphoso joang? Jesu o ile a sebelisa taeo e rutang e ileng ea koetlisa le ho ruta batho, o ile a sebelisana le bona ka ho hloka leeme le ka tieo. Taeo ke tšebetso e tsoelang pele, mokhoa oa thupelo, oo ha o sebelisoa ho bana, hangata o tlamehang ho etsoa khafetsa.—Bona sehlooho “Pono ea Bibele . . . ‘Thupa ea Taeo’—Na e Siiloe ke Nako?” ho Tsoha! ea September 8, 1992.

Taeo e loketseng e baka tikoloho e loketseng ea ho tšepana, mofuthu, le botsitso; kahoo ha taeo e hlokahala, e lokela ho fanoa hammoho le litlhaloso. Ha ho litharollo tsa hang-hang koetlisong ea bana kaha bana ba ithuta butle-butle ha nako e ntse e feta. Ho hlokahala tlhokomelo e ngata le lerato, nako e ngata le mosebetsi ho hōlisa ngoana e mong le e mong haholo-holo eo ho leng thata ho mo laola. Mohlomong ho ka ba molemo ho hopola mantsoe ana: “Phelela seo u se buang.”

E ’ngoe ea litšobotsi tse ferekanyang ka ho fetisisa ea bothata ba ho sebetsana le bana ba nang le boitšoaro bo tšoenyang ke tlhokomelo e fetelletseng eo ba e batlang. Hangata tlhokomelo eo ba e fumanang ke e seng molemo. Leha ho le joalo, potlakela ho hlokomela, ho babatsa, kapa ho putsa bakeng sa boitšoaro bo botle kapa mosebetsi o entsoeng hantle. Sena ke khothatso e khōlō ho ngoana. Lekhetlong la pele boiteko ba hao bo ka bonahala eka bo fetelletse, empa bo tšoaneloa ke boiteko. Bana ba batla meputso e menyenyane empa e fanoe nakong eo.

Phihlelo ea Ntate oa Greg

“Ho ile ha hlokomeloa hore mor’a rōna Greg o na le ADHD ha a le lilemo li hlano, ha a ne a sa le sekolong sa bana ba banyenyane. Nakong eo re ile ra bonana le ngaka ea khōlo ea bana e ileng ea tiisa hore Greg o hlile o tšoeroe ke ADHD. E ile ea re bolella: ‘Hase phoso ea hae, kapa ea lōna. A ke ke a fetola boemo bona, empa lōna le ka bo fetola.’

“Hangata re ne re hopola mantsoe ao hobane a ne a re hlakisetsa hore rōna joaloka batsoali, re na le boikarabelo bo boholo ba ho thusa mor’a rōna ho sebetsana le ADHD ka katleho. Letsatsing leo ngaka e ile ea re neha libuka hore re li bale, ’me re ile ra lumela hore tsebo eo re bileng le eona lilemong tse tharo tse fetileng e ne e le ea bohlokoa haholo ho phethahatsa boikarabelo ba rōna ba botsoali ho Greg.

“Ke habohlokoa haholo ha u hōlisa ngoana ea nang le ADHD ho hatisa boitšoaro bo loketseng le ho fana ka litlhokomeliso, ’me haeba ho khoneha, le kotlo bakeng sa boitšoaro bo sa lokang. Haeba u tsitsitse haholoanyane, u tla bona liphello tse molemo haholoanyane. Mohlomong lipolelo tsena tse bonolo e bile senotlolo sa bohlokoa ho hōlisa ngoana ea nang le ADHD. Leha ho le joalo, kaha ho hlokahala hore u etse sena hangata ka letsatsi, ho bua ka sona ho bonolo ho feta ho se etsa.

“Sesebelisoa seo re fumaneng se atleha haholo ke khefu. Nako le nako ha re sebelisa khefu bakeng sa ho fetola boitšoaro bo sa lokelang, re boetse re qalisa lenaneo le matlafatsang ho khothalletsa boitšoaro bo loketseng ka ho eketsehileng. Matlafatso ena e ka ba lentsoe la kananelo, ho kopa, esita le mpho kapa tokelo. Re ile ra ea lebenkeleng ho ea reka chate ea li-sticker. Ka holimo-limo re ngola seo e leng boitšoaro bo loketseng. Lekhetlo ka leng ha re bona Greg a itšoere hantle, re mo neha sticker hore a se khomaretse chateng ea hae. Ha chate e tletse, mohlomong e na le li-sticker tse 20, o fumana moputso. Hangata sena ke seo a thabelang ho se etsa, joaloka ho ea serapeng sa boikhathollo. Sena sea thusa hobane se mo susumeletsa ho etsa hantle. O khomaretsa li-sticker le ho hlokomela kamoo a seng a atametse moputso kateng.

“Mokhoa o mong oo re fumaneng o atleha ke ho neha Greg likhetho. Ho e-na le ho fana ka taelo e tobileng, re mo neha khetho. A ka itšoara hantle kapa a hlokomela liphello tsa boitšoaro bo sa lokang. Sena se ruta ho ba le boikarabelo le ho etsa liqeto tse loketseng. Haeba ho e-na le ntho e ’ngoe e tsoelang pele ho ba bothata, joaloka ho itšoara hampe lebenkeleng kapa ntlong ea ho jela, re ka sebelisa chate ea li-sticker ka mokhoa o nang le moputso. Kahoo o hlokomela molemo oa boitšoaro bo botle, ’me le rōna re hlokomela moo a ntlafatsang teng.

“Batho ba bangata ha ba hlokomele hore ADHD e ama matla a ngoana a ho laola boitšoaro ba hae le litsela tseo a arabelang ka tsona. Batho ba bangata ba lumela hore bana bana ba khona ho laola nako ea ho tsitsisa mohopolo le boitšoaro ba bona haeba ba ikitlaetsa ka ho eketsehileng, ’me ha ba hlōleha, batsoali ba jarisoa molato.

“Ha ho etsahale hore ngoana ea nang le ADHD a lule a khutsitse lihora tse peli libokeng tsa phutheho Holong ea ’Muso. Re ke ke ra lebala ha Greg a le lilemo li hlano kamoo a neng a lla kateng pele ho seboka se seng le se seng ’me a re botsa, ‘Na seboka see se selelele kapa se sekhutšoaane?’ O ne a lla haholo ha e le seboka sa lihora tse peli hobane a tseba hore a ke ke a khona ho lula a khutsitse nako e telele joalo. Re ile ra fa bothata bona hammoho le liphello tseo li bo tlisang sebaka. Rea tseba hore Jehova o utloisisa bothata bona hamolemo ho feta motho leha e le ofe, ’me seo ke mohloli oa matšeliso. Hona joale Greg o ntse a sa noe meriana ’me ke seithuti sekolong.

“Ho tšepa Jehova le ho tsitsisa mohopolo oa rōna lefatšeng le lecha hoa re tšehetsa. Tšepo ea rōna e se e ntse e bolela ho hongata haholo ho Greg. O hlile o thaba e le kannete, esita le ho seka meokho ha a nahana kamoo Jehova a tla felisa ADHD lefatšeng la Paradeise.”

[Lebokose le leqepheng la 26]

Seo mohlomong e ka bang meputso ea boitšoaro bo botle: 1. 1.THORISO—thoriso ea molomo feela bakeng sa mosebetsi o entsoeng hantle; bontša kananelo bakeng sa boitšoaro bo botle, e tsamaisane le lerato, ho kopa, le litšobotsi tsa sefahleho tse bontšang mofuthu.

2. TSAMAISO EA CHATE—e manehoe moo e bonahalang, e be le li-sticker kapa linaleli tse hohelang tse khothalletsang boitšoaro bo botle.

3. LETHATHAMO LA LINTHO TSE NTLE—tsa se amohelehang le molemo oa se finyeletsoeng. Lekhetlo ka leng ha ngoana a etsa ntho hantle, ho sa tsotellehe hore na e bonahala e le nyenyane hakae, e ngole fatše, ’me u e balle setho sa lelapa.

4. SESUPO SA BOITŠOARO—ho itšetlehile ka lilemo tsa ngoana, phaella ka lipompong ha ngoana a etsa ntho e itseng hantle (ho bontša hore boitšoaro ba hae boa ananeloa). Morero oa sena ke ho tiisa hore ho fumana lintlha bakeng sa boitšoaro ho ka akarelletsa ntho e ’ngoe eo lelapa le neng le tla e etsa, e kang ho ea baesekopong, ho thellisa lehloeng, ho ea ja ntlong ea lijo. Ho e-na le ho hatella ngoana ka hore: “Haeba o sa itšoare hantle, re ke ke ra tsamaea,” leka ho re: “Haeba o itšoara hantle re tla tsamaea.” Ntho ea bohlokoa ke ho fetola monahano o mobe hore e be o motle ha u ntse u lekanyetsa lintho hantle hore ho etsahale phetoho.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ka linako tse ling lipuisano li ka bontša maikutlo a matla

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ha ho etsoa liqeto, li hlalose, ’me u li khomarele

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Ka thabo o phaella ka “sticker” se secha chateng ea hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela