Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 2/8 maq. 19-21
  • Ho Hlepha ha Boitšoaro ho Jele Setsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlepha ha Boitšoaro ho Jele Setsi
  • Tsoha!—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsahetse’ng ka Boitšoaro?
    Tsoha!—1993
  • Na Melao ea Boitšoaro E-ea Hlepha?
    Tsoha!—2003
  • 7 Mekhoa e Metle
    Tsoha!—2018
  • Ho Etsahala Eng ka Lintho Tsa Bohlokoa?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 2/8 maq. 19-21

Ho Hlepha ha Boitšoaro ho Jele Setsi

Ho Ama Likarolo Tsohle tsa Mokhatlo oa Batho

KAJENO mokhatlo oa batho ha o sa na litekanyetso tsa boitšoaro. O tsekolloa ke mekhoa e mengata ea bophelo. Ba bangata ba nahana ka tsela ena: ‘Mokhoa o mong le o mong oa bophelo ke tsela e ’ngoe e amohelehang. U lokela ho mamella mokhoa oo ke phelang ka oona, le ’na ke tla mamella mokhoa oo u phelang ka oona. Etsa seo u se ratang, le ’na ke tla etsa seo ke se ratang. E mong le e mong a ke a iketsetse se mo thabisang. Ho na le litsela tse ngata tsa ho etsa lintho, ’me tsela e ’ngoe le e ’ngoe e nepahetse; ha ho letho le fosahetseng. Sebe ha se sa le eo. Loanela litokelo tsa hao. Ha u ntse u ipelaetsa ka mokhoa o nang le khotso, ha ho ea tla u utloa; haeba u batla hore motho e mong le e mong a utloe boipelaetso ba hao, u lokela ho sebelisa pefo. Pefo ke mokhoa o mong oa ho bua ka bolokolohi. U ka kopanela likamano tsa botona le botšehali le mang kapa mang eo u khethang ho li kopanela le eena esita le ka tsela efe kapa efe eo le batlang ho li kopanela ka eona. Puo e litšila ke mosebetsi o bontšang tsebo le matla a ho nahana. Phela ka tsela eo u ratang ho phela ka eona, ’me u tlohele ba bang ba phele ka tsela eo ba lakatsang ho phela ka eona.’

Kapa na ‘ho phela ka tsela eo u ratang ho phela ka eona le ho tlohela ba bang hore ba etse se tšoanang ho bolela bophelo? Kapa ho bolela lefu’? Ho tla fihlela bohareng ba lekholo la bo20 la lilemo, batho ba ne ba e-na le tsebo e hlakileng haholo ea se nepahetseng le se fosahetseng, seo e leng boitšoaro bo botle le seo e leng ho hloka boitšoaro, se hlomphehang le se sa hlompheheng—’me ba bangata ba sa ntsane ba e-na le tsebo e hlakileng joalo. Empa ho ba bang ka bo-1950 ho ile ha qaleha phetoho e ileng ea ’na ea ipha matla ka mor’a moo. Ho ile ha etsoa hore likhopolo tsohle tse mabapi le bokhabane, boitšoaro, tlhompho, le litekanyetso tse amohelehang li bonahale e le tse sa utloahaleng, tse sa lumellaneng le litlhoko tsa batho, le tse sa amoheleheng. Likhopolo tse ileng tsa hlahella li ne li buella ho bonahatsa ha motho ka mong seo a leng sona. Li ne li buella pono ea hore motho ka mong a phele ho ea ka lipakane tseo a ipehetseng tsona. Joale maikutlo a amohelehang e ne e lokela ho ba ho mamella, ho fapa-fapana, le ho se ahlole. Filosofing ena e ncha, ho thibela ho thibetsoe.

Liphello tse sisimosang tsa filosofi ena li ’nile tsa tsoela pele ho eketseha ho fihlela ha ka bo-1980 li ne li se li phaellane ka mokhoa o tšosang, ’me li sa ntsane li eketseha lilemong tsena tsa bo-1990. Mona ho thathamisitsoe litlaleho tse ’maloa feela tsa liphello tse sisimosang, ho qala ka puo e mabapi le litekanyetso tsa boitšoaro eo motlatsi oa molula-setulo oa mokhatlo o mong a ileng a fana ka eona sebokeng sa litekanyetso tse amohelehang khoebong Motseng oa New York:

“Bo-ralipolotiki ha ba tšepahale ho batho ba ba khethileng. Babuelli ba thepa le litšebeletso tsa khoebo ba qhekella bareki. Batsamaisi ba libanka tsa lipolokelo le likalimo tsa lichelete ba liha libanka tsa bona ebe ba tlohela batho ba lefang lekhetho hore ba lefe molato oo. Baruti le bo-nkhetheng ha ba tšepahale ho basali ba bona. Bana ha ba tšepahale litlhahlobong, ’me ba limillione ba intša kotsi ba bile ba ntša ba bang kotsi ka tšenyo e bakoang ke lithethefatsi le tlōlo ea molao. . . . Halofo ea manyalo ’ohle e fella ka tlhalo. Karolo ea 22 lekholong ea bana bohle ba hlahang kajeno ke bana ba matšeho, ’me karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea bana bohle ke ba tla phela le balekane ba nyalaneng le batsoali ba bona ka mor’a tlhalo pele ba e-ba lilemo li 18. Ka ho hlakileng, ho qhalana ha malapa ke kobo-anela. Haeba u hopola hore ho hahoa ha litekanyetso tsa boitšoaro ho qala lapeng—bonyenyaneng—hoa totobala hore na ke hobane’ng ha litekanyetso tse amohelehang li senyehile.”—Vital Speeches of the Day, September 1, 1990.

Letsatsi le leng le le leng likoranta, limakasine, litaba, libaesekopo, le mananeo a thelevishene li bontša ho theoha ha litekanyetso tsa boitšoaro tse tloaelehileng. Puong eo a ileng a fana ka eona Univesithing ea Chicago, molula-setulo oa Chase Manhattan Corporation o ile a re:

“Ho sa tsotellehe hore na u qala ka ho phetla maqephe a koranta a buang ka lipapali, tlaleho ea motse oa Washington, kapa karolo ea litaba tsa khoebo, bopaki boa tšoana. Maqephe a litaba tsa lipapali a tletse mahlabisa-lihlong a morao-rao a libapali tsa bolo tse fuoang tjotjo e le hore li se ke tsa kora, lithimi tsa likoleche tse behelletsoeng ka thōko ka baka la litlōlo tsa ho batla libapali, le libapali tse lefuoang tse sebelisang lithethefatsi. Litaba tse hlahang Washington ke tsa linyeoe tsa ho beha bopaki ba bohata, ho qosoa ha baahloli ba khethiloeng ke ’muso o kopanetsoeng, ho batla tjotjo e le hore motho a tle a fane ka melemo e khethehileng ho batho ba itseng, le moetsi oa melao oa morao-rao eo Komiti ea Litekanyetso tse Amohelehang ea Ntlo ea Baemeli e ntseng e hlahloba taba ea hae. Ha u phetla karolo ea litaba tsa khoebo u fumana moo ho pepesoang khoebo e etsang phaello ka matsete a k’hamphani ao batho ka kakaretso ba sa a tsebeng le lintho tse joalo.”—Vital Speeches of the Day, August 1, 1990.

Letoto la litlōlo ke le sa khaotseng hoo batho ba seng ba sa tšohe ha ba utloa ka litlōlo tseo. Mahlabisa-lihlong ana ha a sa ba nyarosa. Morupeli ea sa tsoa qotsoa o ile a hlalosa tjena tabeng ena: “Maamerika a mangata ha a sa halefisoa ke litaba tsa ho oa ho hong ha litekanyetso tse amohelehang. Batlōli ba molao ba ahlotsoeng ha e sa le batho ba sa batleheng sechabeng. Ke batho ba hlomphuoang. Ba memeloa meketjaneng e khethehileng ea boithabiso. Ke bangoli ba libuka tse ratoang ka ho fetisisa.”

Ivan Boesky oa Wall Street o ile a phetha puo eo a ileng a fana ka eona ho liithuti sekolong sa khoebo ka ho phahamisa matsoho ho etsa pontšo ea tlhōlo eaba o re: “E se eka meharo e ka hlōla!” Hamorao meharo ea hae e ile ea mo susumelletsa ho kena khoebong e etsang phaello ka matsete a k’hamphani ao batho ka kakaretso ba sa a tsebeng, ’me o ile a qosoa, a ahloloa, a lefisoa a ba a kenngoa teronkong. O ile a lefisoa liranta tse limillione tse 275, empa o ile a khona ho ipolokela liranta tse fetang limillione tse sekete. Michael Milken, eo ka ho tšoanang a ileng a sebelisa chelete ea Wall Street molemong oa botho, o ile a lefisoa liranta tse limillione tse 1 650 ka baka la ho reka matsete a nang le likotsi tse ngata ka chelete e tlaase—o ne a fumana hoo e ka bang chelete e kaalo ka selemo! O ile a khona ho ipolokela liranta tse limillione tse 4 000.

Makasine oa Industry Week o ile oa hatisa taba eo sehlooho sa eona se ileng sa botsa potso, “Na Motho a ka Hlokomoloha Litekanyetso tse Amohelehang—Eaba oa Atleha Khoebong?” Moeletsi e mong oa Utah o ne a nahana hore litekanyetso tse amohelehang tse kopanetsoeng li se li senyehile ’me o ile a re: “Seo ke se hlokomelang se bontša hore haeba rakhoebo a atleha haholoanyane, o itšoara ka mokhoa o bontšang ho se natse litekanyetso tse amohelehang haholoanyane.” Mookameli e mong oa Michigan o ile a re: “Re na le leano le mabapi le litekanyetso tse amohelehang, empa baokameli ba leng boemong bo bohareng ba hlokomoloha melao ka ho beha mabaka ka hore, ‘Seo ha se khahlanong le litekanyetso tse amohelehang, e mpa e le khoebo ea batho ba masene.’” Motsamaisi e mong oa Miami oa tletleba: “Litekanyetso tse amohelehang li ntse li senyeha ka potlako; phaello ke eona ntho ea bohlokoahali ho sa tsotellehe se hlokahalang bakeng sa ho e fumana.” Bo-rakhoebo ba bang ba ile ba bua pepenene haholoanyane, e mong o ile a re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea amoheleha.” E mong a phaella ka mantsoe ana: “Leano la rōna ke hore haeba u ka khona ho etsa ntho u sa tšoaroe, u e etse.”

Hase bo-rakhoebo feela ba tlatsetsang ho senyeheng hona ha litekanyetso tsa boitšoaro. Boikutlo bo senyang litekanyetso tsa boitšoaro bo se bo hasane ho kenella karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea mokhatlo oa batho. Babuelli ba bangata ba molao ba tsoa molao tlaase ho fapana le ho o hlompha. Bo-rasaense ba bangata ba itlosa seriti ka boitšoaro bo bobe le ho qhekella e le hore ’muso o ba fe tšehetso ea chelete. Lingaka tse ngata haholo li ntse li iketsetsa botumo ba hore li thahasella chelete e ngata eo mokuli a e lefang ho e-na le ho thahasella mokuli ka boeena—’me bakuli ba bangata ba tsona ba ntse ba rera litsela tsa ho li qosa ka tšebeliso e mpe ea tsebo ea tsona.

Libaka tsa boahisani li hlaseloa ke tšusumetso ea lithethefatsi, tlōlo ea molao, le lintoa tsa likenke. Ho se tšepahale lenyalong ho senya malapa. Bana ba banyenyane ba hlaseloa ke ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali, ho akarelletsa ho sebelisoa ha bana libukeng le litšoantšong tsa bootsoa. Likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 li baka likemaro, ho ntšoa ha limpa, le bana ba sa tsotelloeng. Barekisi ba lithethefatsi ba hlasela likolo. Bana ba sekolo ba tsamaea ka lithipa le lithunya, ’me matla a bana a ho bala a ntse a tsoela pele ho theoha. Koetliso e molemohali eo e leng pheko ea sena ke batsoali ba ballang bana ba bona, empa hangata batsoali ba tšoarehile haholo ka boipheliso kapa ka lipakane tsa bona tsa ho ikhotsofatsa.

Khoebo ea ’mino e tlatsetsa ho hlepheng ha boitšoaro, ka ho khethehileng e tlatsetsa ka lihlopha tse ling tse binang ’mino oa rock o nang le morethetho o matla, o khahlanong le litekanyetso tse amohelehang. Moeletsi oa mokhatlo o mong o ile a hlalosa: “’Mino oa rock o ile oa ipaka e le mocha o phethahetseng oa ho phatlalatsa le ho hasa khopolo ea liketso tsa botona le botšehali tse bontšang ho se tsotelle le tse sa lekanyetsoang esita le mocha oa ho phatlalatsa tšebeliso ea lithethefatsi tse sa lumelloeng ke molao. ’Mino oa rock e ile ea boela ea e-ba tšusumetso e matla e ileng ea khothalletsa ho hloka tlhompho ho batsoali, ho batho ba baholo le ho litsi tsa kahisano tse neng li loantša mokhoa oa bophelo ba boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, oa ho sebelisa lithethefatsi.”

E ’ngoe ea lipakane tsa tsona ke ho khopisa le ho nyarosa le ho hapa tlhokomelo ka mantsoe a pina a hlahisang litšila tse fetelletseng, tsa boitšoaro bo hlephileng, tse nyelisehang, le tse nyonyehang, tse tletseng tšebeliso e mpe e sehlōhō ea basali. Ho kenya setho sa botona ka hanong le ka morao ho hlalosoa ka litsela tse ngata, ho khothalletsoa ka matla tšebeliso e mpe ea likamano tsa botona le botšehali, ho rorisoa peto e mabifi hoo litho tsa botšehali li senyehang—ho rorisoa lipuo tse litšila ka tsela e fetelletseng le e se nang moeli. Ha sehlopha se seng sa ’mino se ne se qositsoe ka lekhotleng ka baka la puo e litšila, moprofesa e mong oa Univesithi ea Duke o ile a se rorisa ka hore ke sa batho ba bohlale haholo ba rutehileng ’me a buella lipuo tsa sona tse litšila ka ho fetelletseng ka hore ke tsa bohlokoa mosebetsing o bontšang tsebo le matla a ho nahana. Baahloli ba ile ba lumela, ba fihlela qeto ea hore mantsoe a pina e ne e se puo e litšila empa e ne e le mosebetsi o bontšang tsebo le matla a ho nahana.

Bopaki bo tšoanang ba ho senyeha ha litekanyetso tsa boitšoaro mokhatlong oa batho ke ’nete ea hore selemong se fetileng e ’ngoe ea li-album tsa ’mino o binoang ka mokhoa oa moqoqo tse hlalosang lintho tse litšila tseo e seng tsa sebele ‘e ile ea rekisoa ka likopi tse ngata haholo (tse fetang millione) ka nako ea libeke tse tharo ka mor’a ho lokolloa ha eona hoo e ileng ea nyolohela boemong ba pele. Hoo ho bolela hore e ne e le eona e ratoang ka ho fetisisa khoebong ea ’mino nakong eo.’ Mabitso a khethiloeng bakeng sa lihlopha tsena tsa ’mino oa rock a lumellana le mantsoe a lipina: “Bonyane ho na le lihlopha tsa ’mino tse 13 tse rehelletsoeng ka litho tsa botona, tse 6 tse rehelletsoeng ka litho tsa botšehali, tse 4 tse rehelletsoeng ka peō ea botona, tse 8 tse rehelletsoeng ka ho ntšoa ha mpa le se le seng se rehelletsoeng ka lefu le tšoaetsanoang la setho sa botšehali.”—U.S.News & World Report.

Moprofesa e mong Univesithing ea Boston o ile a hlalosa tjena ka pontšo ea lintho tsa morao-rao ea Mapplethorpe: “Ke ile ka e bona Setsing sa Mesebetsi ea Mehleng Ena e Bontšang Tsebo le Matla a ho Nahana se Boston. Moo, joaloka libakeng tse ling kaofela, mesebetsi eo e ne e hlophisitsoe ka likarolo tse itseng. Litšoantšo tsa ‘liketso tse litšila tsa botona le botšehali’ e ne e le . . . tse tletseng bootsoa ka tsela e tšosang ka hohle kamoo u ka nahanang. Ha ke tsebe haeba e ne e le tsa ‘bosodoma,’ empa e ne e le litšoantšo tse neng li senola liketso tseo ’na ka bonna ke neng nke ke ka nahana hore li ka etsahala, ke se ke sa re letho ka hore e ka ba tse nyakallisang.” Nyeoe ea hore pontšo eo ea lintho tsa morao-rao e ne e le e litšila e ile ea buuoa ka lekhotleng, ’me baahloli ba ile ba fana ka kahlolo ea hore ho ba litšila ha eona e ne e le mosebetsi o bontšang tsebo le matla a ho nahana. Ho hang seo hase mosebetsi o bontšang tsebo le matla a ho nahana, ka sebele hase boitšoaro bo bontšang ho ba le boikarabelo, e bile ke bopaki ba ho fela ha litekanyetso tsa ’nete tsa boitšoaro ho baqapi ba mesebetsi e bontšang tsebo le matla a ho nahana le ho bashebelli.

Re hloka meeli e itseng. Re hloka melao e tataisang e fanang ka botsitso. Re hloka lipakane tseo re lokelang ho li hahamalla. Ho hlokahala hore re khutlele mohloling oa pele-pele oa litekanyetso tsa ’nete tsa boitšoaro.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela