Ho Etsahetse’ng ka Boitšoaro?
BAHLANKA ba ’muso. Bo-nkhetheng ba lipolotiki. Baeta-pele ba bolumeli. Re lebeletse hore banna ba boemo boo e be mehlala ea boitšoaro bo botle. Leha ho le joalo, morao tjena, banna ba maemo ana ba sebelelitse e le ba ka sehloohong ba kenellang boitšoarong bo bongata bo hlabisang lihlong. Boitšoaro ba bona bo bobe bo feletse ka tšenyeho e feletseng—ho tloha bofebeng le leshanong le kotsi ho ea litšebelisanong tsa bomene-mene litabeng tsa chelete le bosholung.
Buka The Death of Ethics in America ea belaela: “Le hoja sechaba se ne se tšoarehile ka lefu le bolaeang . . . Acquired Immune Deficiency Syndrome [Lefu le Sitisang Tšebetso ea ’Mele ea ho Thibela Mafu leo Motho a ka le Tšoaetsoang], ho ile ha bonahala ho na le mofuta o mong oa AIDS [Acquired Integrity Deficiency Syndrome] eo ho bonahalang e fetohile seoa. Empa eona ha ea ka ea susumeletsa batho hore ba e fumanele pheko e potlakileng.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Makasine oa Time o bolela hore United States e “itahletse ka setotsoana qhafutsong ea boitšoaro bo bobe.”
Qhafutso ea boitšoaro bo bobe ha e United States feela. Morao tjena Chaena, Fora, Greece, India, Indonesia, Iseraele, Japane, Jeremane, le tsona li ’nile tsa tšoenngoa ke mahlabisa lihlong a amang banna ba tummeng. ’Me ha hoa lokela ho makatsa hore ebe boitšoaro bo khahlanong le litekanyetso tsa boitšoaro bo amohelehang ba baeta-pele ba sechaba bo mpa bo bonahatsa ba sechaba ka kakaretso. Tona-khōlō ea Thailand e bitsitse bobolu bo leng naheng ea hae “kankere.” O ile a phaella ka hore sechaba kaofela se boemong bo sa lokelang bo metseng ka metso meharong le litekanyetsong tsa sechaba tse khopamisitsoeng.
Ka nepo batho baa ipotsa: ‘Ho fetoha hona ha boitšoaro ho bakoa ke’ng? Habohlokoa haholoanyane, ho lebile kae?’
Ha ‘ho Utsoa e se ho Utsoa’
Columbus, Ohio, U.S.A., monyako o ka morao oa vene e tsamaisang chelete e ngata o ile oa buleha, ’me mekotla e ’meli ea chelete e ile ea oa. Ha chelete eo ho hakanngoang hore ke liranta tse limillione li tšeletseng e fokaela moeeng ’me e hasana ’mileng o moholo, bakhanni ba bangata ba ile ba tsoa likoloing tsa bona e le hore ba ka tlatsa lipokotho tsa bona le lipache ka chelete ena ea pampiri. Bakhanni ba bang ba ile ba laetsa ba bang ka mohala hore ba kopanele bosholung bona.
Likōpo tse tiileng tsa ’muso le moputso oa karolo ea 10 lekholong o tšepisoang ba khutlisang karolo leha e le efe ea chelete ena li ile tsa hlokomoluhuoa ke ba bangata. Batho ba bangata ba ile ba ikhethela ho sebetsa tumellanong le polelo e reng “hobane ke e fumane, ke na le tokelo ea ho e boloka.” Ke karolo e seng kae feela ea chelete ena e ileng ea fumanoa. Monna e mong o bile a lokafatsa bosholu bona ka ho bolela hore chelete ena ke “mpho e tsoang ho Molimo.” Leha ho le joalo, liketsahalo tse kang tsena hase mekhelo. Batho ba fetang ka tsela ba ile ba bonahatsa meharo e tšoanang ha chelete e qhalana likoloing tse tsamaisang chelete San Francisco, California, le Toronto, Canada.
Taba ea hore ho ka ba bonolo hakaalo hore batho bao ka tloaelo ba tšepahalang ba bileng ba leng khabane ba theole litekanyetso tsa bona e le hore ba ka utsoa e na le liphello tse ferekanyang. Bonyane, e bontša hore na likhopolo tse tloaelehileng tsa boitšoaro li khopame hakaakang. Thomas Pogge, motlatsi oa moprofesa oa filosofi Univesithing ea Columbia e New York, o pheha khang ka ho re le hoja batho ba bangata ba nka ho utsoetsa motho e le ho hloka boitšoaro, ka tsela e itseng ba talima ho utsoetsa mokhatlo e le ho sa nyatseheng hakaalo.
Litekanyetso tsa Boitšoaro ba Botona le Botšehali tse Hlephileng
Pono e khopameng ea boitšoaro hape e bonoa liketsong tsa likamano tsa botona le botšehali. Phuputso e sa tsoa etsoa e bontšitse hore ka tsela e makatsang batho ba mamella bo-nkhetheng ba lipolotiki ba ikenyang bofebeng. Mongoli e mong o etsa tlhahiso ea hore batho ba voutang ba joalo ba ka ’na ba tsila-tsila ho nyatsa bofebe hobane ‘bona ka bobona ba keneletse bofebeng.’
Ruri, lipalo-palo tsa morao tjena li senola hore karolo ea 31 lekholong ea banyalani bohle United States ba bile le linyatsi kapa ba na le tsona hona joale. Bongata ba Maamerika, karolo ea 62 lekholong, “a nahana hore ha ho letho le fosahetseng boitšoarong” ka ho etsa joalo. Likhopolo tse mabapi le likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo li lumelloa ka ho tšoanang. Phuputso e ileng ea etsoa ka 1969 e bontšitse hore karolo ea 68 lekholong ea sechaba sa United States ka nako eo e ne e nyatsa likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. Kajeno, ke feela karolo ea 36 lekholong e li nyatsang. Lilemong tsa bo-1960, hoo e ka bang halofo ea basali bao ho ileng ha buisanoa le bona e ne e le baroetsana letsatsing la bona la lenyalo. Kajeno, ke feela karolo ea 20 lekholong ea basali bao e neng e le baroetsana letsatsing la bona la lenyalo.
Ke’ng Seo e Leng Boitšoaro bo Amohelehang?
Ho hlepha ha boitšoaro ho bonahala le khoebong. Ka 1970 ke feela karolo ea 39 lekholong ea banna ba sa tsoa qeta kolecheng bao ho ileng ha buisanoa le bona ba neng ba nahana hore “ho atleha licheleteng ho ne ho le bohlokoa kapa ho hlokahala.” Ka 1989 lenane lena le ile la batla le imena habeli. Ho hlakile hore ho etsa chelete ke ntho e khōlō monahanong oa bacha ba bangata—ka liphello tsa boitšoaro tse tšosang.
Ha ho ne ho buisanoa le liithuti tse 1 093 tsa tlelase ea ho qetela sekolong se phahameng, karolo ea 59 lekholong e ile ea bolela hore e ka thabela ho etsa litokisetso tsa tšebelisano ea tlōlo ea molao e ka etsang liranta tse limillione tse 30—esita leha ba ka ba kotsing ea ho kena teronkong ka likhoeli tse tšeletseng ba letetse kahlolo! Ho feta moo, karolo ea 67 lekholong e ile ea bolela hore ka bolotsana e ka eketsa litšenyehelo tseo e lokelang ho li buseletsoa ke mohiri; karolo ea 66 lekholong e ile ea bolela hore e ka qala leshano e le hore e ka finyella pakane e itseng ea khoebo. Leha ho le joalo, bacha ba mpa ba arabela tšekamelong ea se amohelehang boitšoarong e behiloeng ke batho ba baholo. Ha baokameli ba khoebo ba 671 ba ne ba botsoa ka pono ea bona ka boitšoaro bo amohelehang khoebong, hoo e ka bang karolo ea bone e ile ea bontša hore se amohelehang boitšoarong se ka kena-kenana le ho batla ha bona mosebetsi o ka ba atlehisang. Ba ka holimo ho halofo ba ile ba lumellana le taba ea ho khopamisa melao tumellanong le merero ea bona ka bobona e le hore ba ka atleha.
Ka morero oa ho hanyetsa tšekamelo ena e ferekanyang, likoleche tse ling li fana ka lithuto tsa se amohelehang boitšoarong. Empa ba bangata ba na le pelaelonyana mabapi le ho atleha ha boiteko bo joalo. Rakhoebo e mong ea tummeng oa Canada o ile a re: “Ha ke bone hore na ke joang litlelase tsa se amohelehang boitšoarong li tlang ho thusa. Liithuti tse nang le litekanyetso tse utloahalang li ke ke tsa ithuta ho hongata ho hocha ho tsona, ’me liithuti tse neng li ntse li sa tšepahale li ka ’na tsa sebelisa temohisiso eo li e fumanang bakeng sa ho fumana mokhoa o mong oa ho sebetsana le liketso tsa boitšoaro bo bobe tseo li neng li ntse li tla li etsa.”
Ka ho tšoanang, likhoebo tse ngata li thehile tsamaiso ea melao-motheo. Leha ho le joalo, litsebi li bolela hore melao-motheo e joalo e sebelisoa feela bakeng sa ponahalo ea ka ntle e thetsang e kang e molemo ’me ke ka seoelo e fuoang tlhokomelo e ngata—ka ntle le ka mor’a mahlabisa lihlong a senyang. Ka ho makatsang, phuputso ea morao tjena e ile ea senola hore lifeme tse nang le melao-motheo e ngotsoeng ea se amohelehang boitšoarong li ile tsa qosoa ka boitšoaro bo sa amoheleheng hangata ho feta tse se nang eona!
E, likarolong tsohle tsa mosebetsi ho hlakile hore boitšoaro bo hlephile, ’me ha ho ea bonahalang a tseba moo a eang teng. Motsamaisi e mong oa khoebo o re: “Matšoao a neng a re bolella se nepahetseng le se fosahetseng ha a sa le eo. A sentsoe butle-butle.” Ke hobane’ng ha matšoao a joalo a boitšoaro a nyametse? A nkeloa sebaka ke’ng? Litaba tsena li tla hlahlojoa lihloohong tse latelang.