Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 5/8 maq. 6-7
  • Melata—Ke Hobane’ng ha e Falla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Melata—Ke Hobane’ng ha e Falla?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšusumetso le Khoheli
  • Ho Hoheloa ke Lelapa le Metsoalle
  • Melata—Bothata ba Lefatše Lohle
    Tsoha!—1992
  • Melata—E ka Sebetsana le Boemo ka Katleho Joang?
    Tsoha!—1992
  • Melata—U ka e Thusa Joang?
    Tsoha!—1992
  • Bala Litšenyehelo Tsa ho Falla!
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 5/8 maq. 6-7

Melata—Ke Hobane’ng ha e Falla?

MOSALI e mong oa Moafrika, ea falletseng ea bitsoang Elizabeth, o ile a ngolla mohlophisi oa makasine oa National Geographic ka mantsoe ana: “Ha ho motho ea ka nahanang ka likotsi tseo re tobanang le tsona Linaheng tse Tsoelang Pele Moruong . . . le mathata ao re tobanang le ’ona mona moo re falletseng teng e le hore re ka atleha ho phelisa malapa a rōna a leng ha habo rōna.” Mantsoe a hae a senola lebaka le ka sehloohong leo batho ba limillione ba ikemisetsang ho tloha mahaeng a bona ka lona e le hore ba ka qalisa bophelo bo bocha naheng esele.

Ho hlakile hore, mojaki ka mong o na le maemo a hae a khethehileng le mabaka a ho falla. Ba bang, ba kang mosali ea boletsoeng ka holimo, mohlomong ba falletse ka morero oa ho pholoha maemo a thata a bophelo a leng teng linaheng tsa habo bona. William Hance bukeng ea hae Population, Migration, and Urbanization in Africa, o bolela hore lintho tse kang mafu, maloetse a bakoang ke likokonyana, mobu o sa hlahiseng lijalo tse ntle, komello, likhohola, sepenya sa baahi, tlala, ntoa le likhohlano tsa merabe ke lisosa tse ka sehloohong tsa ho falla ha batho ba bangata ba Afrika. Likarolo tse ling tsa lefatše tse nang le maemo a kang ana a lahlisang tšepo le tsona li fetohile libaka tseo batho ba fallang ho tsona ka bongata.

Leha ho le joalo, litsebi tsa likamano tsa batho ba mefuta e sa tšoaneng li hlokometse takatso ea ho pholoha maemo a hatellang a bophelo e le lebaka le leng la ho falla ha batho ba bangata kajeno.

Tšusumetso le Khoheli

Khoheli e isang linaheng tse fanang ka menyetla e molemo haholoanyane bophelong le eona ke tšusumetso e matla ea ho falla. Sena, hammoho le takatso ea ho pholoha maemo a mabe, se hlahisa seo ho thoeng ke tšusumetso le khoheli. Maemo a bohloko a leng lehaeng la motho aa mo sututsa ’me menyetla ea linaha lisele ea mo hula kapa e mo hohela hore a falle. Nka taba ea Nguyen Van Tue, mophaphathehi oa Vietnam ea lulang Japane. Le hoja a ile a utloa bohloko haholo ha a ne a sebetsana le ho ba molata, Nguyen oa lumela: “Ke khotsofetse.” Oa phaella: “Ke lula le lelapa la ka ’me re phela hantle naheng e nang le bolokolohi le e nang le khotso.”

Khoheli ea moruo ke le leng la mabaka a matla ka ho fetisisa a khothalletsang batho ho falla. John Brown eo e leng mongoli ha a bua ka sechaba sa toropo e ’ngoe ea Italy ea batho ba buang Senyesemane bukeng ea hae The Un-melting Pot o re: “Sepheo sa bona se seholo e ’nile ea ba ho bokella chelete.” O phaella ka ho bolela hore ba entse sena ka ho sebetsa “ka thata le ka mokhoa o motle.” Ha motho a hlokomela phapang e khōlō pakeng tsa meputso ea linaha tse sa tšoaneng, ha ho makatse hore ebe batho baa falla. National Geographic ha e bua ka basebetsi ba Mexico ba leng United States, e senola hore “moputso oa hora e le ’ngoe oa mosebetsi libakeng tse ka boroa ho moeli oa [U.S.] ke karolo ea bohlano kapa ea leshome ea moputso oa hora e le ’ngoe United States.”

Ho Hoheloa ke Lelapa le Metsoalle

Ho hlakile hore, batho ba bangata ba falla feela hore ba be haufi le lelapa le metsoalle e falletseng pele ho bona. Ka mohlala, Majode a mangata a Soviet a falletse Iseraele hobane a ikutloa a sireletsehile ha a le moo a leng mangata. A mang a ne a bile a ikemiselitse ho ipeha kotsing West Bank ea Iseraele e tsekolotsoeng ke ntoa.

Khothatso e tsoang ho metsoalle le ho ba habo bona e susumelitse batho ba bangata hore ba falle. Batho ba bangata ba batlang ho falla nakong e tlang ba khothalletsoa ho ea Australia. Hona joale hoo e batlang e le karolo ea 22 lekholong ea baahi ba eona ke melata.

Motho e mong ea ileng a falla Barbados ha a etetse ha habo a tsoa United States o ile a re ho motsoalle oa hae: “U nahana hore [o] phela hamolemo mona,” empa o ile a tiisa hore motsoalle oa hae o ne a “senya . . . nako” ka ho sala sehleke-hlekeng seo. Lilemo tse ngata hamorao, motsoalle oa hae oa lumela hore mantsoe ana a ile a etsa hore a se ke a hlola a khotsofala, ’me qetellong a ile a mo susumetsa hore a falle.

Ka bomalimabe, hangata motho ea tla falla nakong e tlang o bolelloa lehlakore le molemo feela la taba. Ron, mohlankana ea ileng a fallela Canada e le hore a ka pholoha mefere-fere e eketsehang Afrika Boroa o itse: “Ho bonahala metsoalle le beng ka uena ba u bolella lintho tsohle tse thahasellisang . . . ’me ka ho utloahalang ha ba u bolelle tse sa thabiseng.”

Ho sa tsotellehe hore na tšusumetso ea ho falla ke efe, hangata molata o tšoenyeha haholo. Ha ba utloisisa liphello tsa ho falla ka ho felletseng, ba bang ba ba le takatso e matla ea ho khutlela ha habo bona. Kahoo, molata o ka itloaetsa tikoloho e ncha joang ha o ntse o sebetsana ka katleho le tlholohelo ea oona, litlamo tsa lelapa tse khaohileng, ho ikutloa u sa lokoloha ho etsa lintho tse itseng har’a batho bao u sa ba tloaelang, ho se tšoane ha puo, le mathata a mangata a amanang le boemo boo?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Khoheli ea moruo ke le leng la mabaka a matla ka ho fetisisa a khothalletsang batho ho falla

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Ke khotsofetse. Ke lula le lelapa la ka ’me re phela hantle naheng e nang le bolokolohi le khotso.”—Moahi oa Vietnam ea leng Japane

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

Ha motho a hlokomela phapang e khōlō pakeng tsa meputso ea linaha tse sa tšoaneng, ha ho makatse hore ebe batho baa falla

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho motho ea qalang ho falla, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e bonahala e makatsa ebile e le thata

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela