Bala Litšenyehelo Tsa ho Falla!
KA MONGOLLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA
NA U nahana ka ho fallela naheng e ’ngoe? Na u balile litšenyehelo? Ha re bolele litšenyehelo tsa lichelete feela. Etsoe, batho ba bangata ba nahana ho falla ka lebaka la tšireletseho ea moruo. Re bolela litšenyehelo tse patehileng tse hlahellang ka ho hlaka ka mor’a hore ho hle ho falloe. Hangata ka nako eo e be e se e le morao haholo hore u ka menahana le mehlala. Lintlha tse latelang ha lia rereloa ho u tšosa, empa ke habohlokoa ho li nahanela:
“Ho ithuta puo e ncha ho hloka boikokobetso le boiteko. Hoa nyahamisa ho motho e moholo ho fumana hore esita le bana ba banyenyane ba nahana hore ke sehole kaha ha ba mo utloisise. Ba bangata ba fumana e le teko ea boikokobetso ba bona ho lula ba tšehuoa ha ba ntse ba etsa liphoso. Bophelo bo bosula ka ho makatsang ho melata e sitoang ho bua puo e buuoang sebakeng seo.”—Rosemary, moromuoa Japane.
Mohlomong u ikutloa hore u tseba puo ka ho lekaneng bakeng sa ho phela ka eona. Empa na u kholisehile hore lelapa lohle la hao le e tseba ka ho lekaneng hoo le ka thabelang ho falla?
Phello e tla ba efe ho lelapa haeba litho tse ling li qobeletsoe ho falla khahlanong le thato ea tsona? Koranta ea Psychology of Women Quarterly e re: “Basali ba bang [ba Mexico], ha ho karolo eo ba e phethang ho etsoeng ha qeto ea ho falla ’me ha ba batle ho falla ntlheng ea pele, leha e hore ba rata ho lula United States ka mor’a hore ba falle.” Maemong a joalo, ho qobelloa ho falla ho ka senya bonngoe ba lelapa. Empa ho thoe’ng haeba setho se hlokometseng lelapa se falla se le seng?
Bukeng e bitsoang Population, Migration, and Urbanization in Africa ho hakanngoa hore naheng e ’ngoe e nyenyane, Afrika e ka boroa, karolo e fetang 50 lekholong ea “banna ba tiileng e ba sieo ka nako e itseng.” Bosieo bona bo ka amoha lelapa khotsofalo le botsitso. Bo boetse bo bula monyetla oa hore balekane ba bang ba lenyalo ba oele boitšoarong bo bobe. Ho molemo hakaakang ha lelapa, ebang le rera ho falla kapa che, le khona ho lula le ntse le le ’moho! Bonngoe ba lelapa ke ntho e ’ngoe eo chelete e ke keng ea e reka.
Ho boetse ho na le khatello e matla ea ho tobana le leeme. Motho e mong oa India ea ileng a falla oa hopola: “Hoba ke fallele Engelane ke ile ka qala ho utloa ‘khethollo ea ’mala.’ [Ho hlokomela] seo ho ne ho le bohloko haholo. E ne e le ho tšosang haholo. Ke ne ke batla ho khutlela hae, ho balehela tsena tsohle.”—The Un-melting Pot.
Kahoo pele u falla, ipotse: ‘Menyetla e meng eo re ka e sebelisang ke efe? Na re ke ke ra etsa liphetoho hona moo lapeng? Na ho fallela naheng e ’ngoe ho tla hle ho re tsoele molemo?’ Ho ka ’na kapa ho ka ’na ha se ke ha e-ba molemo, empa pele u etsa qeto, nahana ka keletso ena e molemo ea Jesu: “Ke mang oa lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?”—Luka 14:28.