Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 6/8 leq. 21
  • Lekhoba la Tahi ka Lapeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lekhoba la Tahi ka Lapeng
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bokhoba ba Tahi le ho Itšetleha ha e Mong ka e Mong
  • Lelapa le ka Thusa Joang?
    Tsoha!—1992
  • Motsoali oa Ka ke Lekhoba la Tahi—Nka Tobana le Boemo ka Katleho Joang?
    Tsoha!—1992
  • U ka Hlōla Mathata a Senyang Lelapa
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ho Hlaphoheloa ke Ntho e ka Etsahalang
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 6/8 leq. 21

Lekhoba la Tahi ka Lapeng

“Bokhoba ba tahi bo akarelletsa makhoba a tahi . . . Le hoja ho ka ba le lekhoba le le leng feela la tahi ka lapeng, lelapa kaofela le ba le phihlelo ea bokhoba ba tahi.”—Dr. Vernon E. Johnson.

ALICE ea lilemo li hlano o robetse betheng, leoto la hae le ntse le thothomela ke bohloko. Ho ile ha hlokahala hore a kenngoe samente e koahelang leoto kaofela ka baka la leqeba leo a bileng le lona matsatsing a mabeli a fetileng. Empa samente ena e ne e tiile haholo, ’me leoto la hae le ne le ruruha ka baka la khatello. Alice o ile a kōpa batsoali ba hae hore ba mo ise ngakeng, empa ntate oa hae o ne a tšoeroe ke babalasi, ’me ’mè oa hae o ne a ferekane, a sa tsebe hantle hore na ke mang ea hlokang tlhokomelo e ngata.

Ka mor’a matsatsi a seng makae, leoto la Alice le ile la shoa bohatsu. ’Me monoana oa hae o ne o qhitsa lero le letšo, qetellong batsoali ba Alice ba ile ba mo potlakisetsa sepetlele. Ha samente e tlosoa, ponahalo ea leoto lena e ile ea tšosa mooki e mong haholo. Mofetše o ile oa etsa hore leoto la Alice le khaoloe.

Bokhoba ba Tahi le ho Itšetleha ha e Mong ka e Mong

Mahlomola a ketsahalo ena a feta ho lahleheloa ke leoto. Ntate oa Alice e ne e le lekhoba la tahi. Ka baka leo o ne a se na nako ea ho ba le morali oa hae ka boikutlo le ka seqo nakong eo morali oa hae a neng a mo hloka ka tieo. Moeletsi Toby Rice Drews o re: “Bokhoba ba tahi bo batla hore lekhoba la tahi le behe lithahasello tsa lelapa la hae—ka mor’a tahi le sohle seo e se batlang.”

Ho thoe’ng ka ’mè oa Alice? Le eena o ne a e-na le seo a itšetlehileng ka sona, eseng ka tahi, empa ka monna oa hae oa lekhoba la tahi. Ka sebele molekane eo e seng lekhoba la tahi o tšoarehile ka ho felletseng boitekong ba ho thibela molekane oa hae eo e leng lekhoba la tahi ho noa kapa bonyane ho sebetsana ka katleho le boitšoaro ba hae bo ke keng ba tsejoa esale pele.a O nahana ka thata ka mathata a molekane eo e leng lekhoba la tahi hoo a nang le matšoao a ho itšetleha ka ho hong a tšoanang le a molekane oa hae—empa ao e seng a tahi. Ka baka leo, hangata batho ba kang ’mè oa Alice ba bitsoa batho ba itšetlehileng ka ba bang.

Lekhoba la tahi le motho ea itšetlehileng ka lona ba laoloa ke ntho e ’ngoe kapa motho e mong osele ba sa ikemisetsa. Bobeli ba bona ba iphapanyetsa ’nete. Ha ba fumanehe bakeng sa litlhoko tsa boikutlo tsa bana ba bona. Ba tšoasitsoe bophelong ba ho ferekana maikutlong, hobane joalokaha lekhoba la tahi le sa khone ho laola ho noa ha lona, motho ea itšetlehileng ka lona a ke ke a le laola, ’me ha ho lea mong oa bona ea ka laolang phello eo bokhoba ba tahi bo tla ba le eona baneng ba bona.

Empa thuso e teng bakeng sa lekhoba la tahi le lelapa la lona. Lihlooho tse latelang li tla bua ka taba ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja re bua ka lekhoba la tahi e le motho e motona, melao-motheo e bontšitsoeng mona e sebetsa ka tsela e tšoanang ho motho e motšehali eo e leng lekhoba la tahi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela