Ho Hlaphoheloa ke Ntho e ka Etsahalang
“Re tobane le khetho: Ho khaotsa ho noa le ho hlaphoheloa, kapa ho tsoela pele ho noa le ho shoa.”—Lekhoba la tahi le hlaphoheloang.
AK’U nahane u tsoha ka tšohanyetso bosiung bo bong ’me u fumana hore ntlo ea hao ea cha. Metsotso e seng mekae hamorao thuso ea fihla, ’me qetellong mollo oa tingoa. Na u ne u ka khutlela ka tlung eo ’me u iphapanye joalo ka hoja ha hoa etsahala letho? Ka sebele u ke ke ua etsa joalo. Ntlo e senyehile, ’me ho tla hlokahala hore e lokisoe pele bophelo bo tloaelehileng bo ka qalisa.
Phephetso e tšoanang e tobane le lekhoba la tahi ha le qala ho hlaphoheloa. Bophelo ba lona bo sentsoe ke joala, mohlomong ka lilemo tse ngata. Hona joale le tlohela lino tse tahang. “Mollo” o timme, empa tokiso e khōlō maikutlong, mokhoeng oa bophelo, le boitšoarong e tla ba tsa bohlokoa haeba lekhoba la tahi le tla lula le sa noe. Litlhahiso tse latelang li ka thusa lekhoba la tahi hore le khone ho lula le hlaphohetsoe ka mehla.
1. Tseba Sera
Bibele e bolela hore litakatso tsa nama li “loantša sephefumolohi.” (1 Petrose 2:11, NW) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “loantša” ka ho toba le bolela “ho etsa tšebeletso ea sesole,” ’me le na le mohopolo oa ntoa e timetsang.—Bapisa le Ba-Roma 7:23-25.
Hantle feela joalokaha lesole le tsebang mosebetsi oa lona le nka nako ho ithuta maqiti a sera sa lona, lekhoba la tahi le tlameha ho ithuta seo bokhoba ba tahi bo leng sona le kamoo bo senyang lekhoba la tahi le batho ba leng haufi le lona.a—Ba-Heberu 5:14.
2. Fetola Mokhoa oa ho Noa le Monahano
Ngaka e ’ngoe e itse: “Ho hlaphoheloa ke mokhoa oa ho lahla botlolo le ngoana.” Ka mantsoe a mang, lintho tse ngata ho feta ho noa li lokela ho fetoha; le motho oa ka hare o lokela ho fetoha.
Ka bohlale Bibele ea lemosa: “Le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna.” (Ba-Roma 12:2) “Le hlobole motho oa khale le liketso tsa hae.” (Ba-Kolosse 3:9) Haeba liketso li fetoha empa botho bo sala, lekhoba la tahi le tla fetohela temalong e ’ngoe e kotsi habonolo—kapa le khutlele ho ea pele.
3. Fumana Motho eo u ka mo Tšepang ea Utloisisang
Maele a Bibele a re: “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.” (Liproverbia 18:1) Esita leha le hlaphohetsoe, lekhoba la tahi le ka inehela habonolo khopolong ea ho ikemela. Kahoo, le hloka motho eo le mo tšepang ea utloisisang empa e be ea tiileng (hangata o bitsoa moemeli). Ho molemo hore motho ea tšeptjoang e be ea hlaphoheloang bokhobeng ba tahi ea ileng a atleha ho thulana le liphephetso tsa ho lula a hlaphohetsoe. (Bapisa le Liproverbia 27:17.) Motho ea joalo ea tšeptjoang o lokela ho hlompha tumelo ea lekhoba la tahi ’me o tlameha ho itela a be a fumanehe bakeng sa ho fana ka tšehetso e tsoelang pele.—Liproverbia 17:17.
4. Mamella
Ho hlaphoheloa ho tla butle-butle. Ho nka nako e telele hore lekhoba la tahi le fetole bophelo ba lona. Ho ka ’na ha ba le khatello ea lichelete, matšoenyeho mosebetsing le pherekano ka lapeng. Ho lokoloha tahing ha ho bolele ho lokoloha mathateng. Lekhoba la tahi le hlaphoheloang ka lekhetlo la pele le ka ’na la tšoenyeha ha le tobana le bophelo le sa noa joala ‘morarolli oa mathata.’ Ha matšoenyeho a joalo a bonahala e le a ke keng a hlōloa, lekhoba la tahi le hlaphoheloang le lokela ho hopola mantsoe a tšelisang a mopesaleme: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.”—Pesaleme 55:22.
5. Batla Metsoalle e Molemo
Ka botšepehi lekhoba la tahi le lokela hore le ipotse: ‘Na metsoalle ea ka e tšehetsa ho hlaphoheloa ha ka kapa ha e phetse ho bua ka “linako tse monate tse fetileng,” e etsa hore ke ikutloe hore ke lahleheloa ke ho hong?’ Liproverbia 18:24 e re: “Motho ea nang le metsoalle e mengata ho eena ke tšenyehelo, empa mohlomong motsoalle e mong o’a khomarele motho ho fetisa ngoan’abo motho.” Ho hlokomela hore na metsoalle ea ’nete ke efe le hore na ke bo-mang bao e ka bang metsoalle e kotsi, ho hloka temoho.
6. Qoba ho Itšepa ho Tlōlisa
“Ke ikutloa ke le holimo—Ha ke sa na takatso ea ho noa ho hang!” Lekhoba la tahi le buang mantsoe ana le phahamisa tsoelo-pele eo le e etsang ka ho fetisisa ’me le khella bokhoba ba lona ba tahi tlaase. Ho hlasimoloha ha mohato o qalang oa ho hlaphoheloa, ho bitsoang boikutlo boo eseng ba sebele, ke ha nakoana. Buka Willpower’s Not Enough ea eletsa: “Hahamalla pono e leka-lekaneng. Ha u se na eona u tla be u etsa hore bothata ba hao ba ho noa bo khutle, ’me ho na le ho hongata hoo u lokelang ho ho etsa ka mor’a mohato o qalang oa ho hlaphoheloa.”—Bapisa le Liproverbia 16:18.
7. Hlokomela Temalo ea Lintho tse Emang Sebakeng
Batho ba bangata ba khaotsa ho noa, empa ebe ba ba le bothata ba ho ja kapa ba iqobella ho sebetsa, ba lemalla ho bapala papali ea chelete, le lintho tse ling. Lekhoba la tahi le hlaphoheloang le ka ’na la beha mabaka: ‘Ke’ng se kotsi ka see? Bonyane ha ke noe.’ Ke ’nete hore mekhoa e meng ea ho khotsofatsa boikutlo bo itseng e ka ’na ea ba e loketseng. Empa ha ntho e ’ngoe kapa ketso e sebelisetsoa ho hapa maikutlo a hao, sena se isa feela tšireletsehong ea bohata le ea nakoana.
8. Mesebetsi e Mecha ea Lelapa
Batho ba bangata bao e leng makhoba a tahi ba sitisa ho hlaphoheloa ha bona ha lintho li qala ho tsamaea hantle! Hobane’ng? Hobane feela ho hlaphoheloa ke phihlelo e ncha. Lekhoba la tahi le ka ’na la ikutloa le hoheloa ke bophelo bo tloaelehileng. Ho phaella moo, ha lekhoba la tahi le hlaphohetsoe, seo se tlisa phetoho ka lapeng. Kahoo, setho se seng le se seng sa lelapa se tlameha ho fetola karolo ea sona. Bukana Recovery for the Whole Family ea hlokomela: “Leqephe leo ho ngotsoeng batšoantšisi bakeng sa tšoantšiso ea lelapa le tlameha ho lahloa ’me ho ngoloe le lecha bakeng sa lona.” Ke ka lebaka le molemo ho hlaphoheloa ho bitsoang taba ea lelapa lohle.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 12:26.
9. Itebele Khahlanong le ho Khutlela Morao Mokhoeng oa Pele
Ho itšepa ho tlōlisa, metsoalle e sa lokang, ho lemalla lintho tse emang sebakeng sa ntho e ’ngoe, le ho itšehla thajana e ka ba mehato ea ho khutlela mokhoeng oa pele. Boloka mecha ea puisano e bulehile le motho eo u mo tšepang ka litšekamelo leha e le life tse joalo.
Motho ea hlaphoheloang bokhobeng ba tahi o re: “Makhoba ’ohle a tahi a khaotsa ho noa. Ba bang ba rōna re bile lehlohonolo hore ebe re khaolitse ho noa re sa ntse re phela.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho na le litsi tse ngata tsa phekolo, lipetlele, le mananeo a ho hlaphoheloa a ka fanang ka boitsebiso bo joalo. Tsoha! ha e khothalletse mokhoa leha e le ofe o khethehileng oa phekolo. Ba lakatsang ho phela ka melao-motheo ea Bibele ba tla rata ho ba hlokolosi hore ba se ke ba kenella liketsong tse tla etsa hore ba sekisetse melao-motheo ea Mangolo. Motho eo e leng e mong oa Lipaki tsa Jehova o tla fumana tataiso e thusang ho Molula-Qhooa oa September 15, 1983, maqephe 8-11.
[Lebokose le leqepheng la 25]
Haeba Phekolo ea Meriana e Hlokahala ka ho Felletseng
Moriana ofe le ofe o nang le tahi o ka tsosa takatso le ho etsa hore a khutlele morao mokhoeng oa pele.
Dr. James W. Smith oa ngola: “Hase ntho e sa tloaelehang bakeng sa mokuli eo e leng lekhoba la tahi hore a boele a khutlele morao mokhoeng oa pele ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho hlaphoheloa ka baka la ho iphekola ka moriana oa sefuba o nang le tahi.” Lekhoba la tahi le ka ntšoa kotsi ke mefuta eohle ea lithethefatsi. Haeba moriana o nang le sethethefatsi o hlile o hlokahala bakeng sa phekolo, lekhoba la tahi le lokela ho . . .
1. ea ho motho ea etsang meriana le lithethefatsi tse phekolang hore a lekanyetse likotsi tse ka ’nang tsa hlaha.
2. tsebisa motho eo le mo tšepang, ’me haeba ho khoneha, le mo bitse pele le noa tekanyo ka ’ngoe.
3. boloka tlaleho ea tekanyo e ’ngoe le e ’ngoe eo le e noeleng.
4. khaotsa ho noa moriana ona kapele kamoo le ka khonang.
5. lahla moriana o setseng ha tšebeliso ea oona e loketseng e khaotsa.