Thuso Bakeng sa Bana ba Hōlileng ba Makhoba a Tahi
“Haeba u hōletse lelapeng la bokhoba ba tahi, u lokela ho fetola boitšoaro bo sa nepahalang le ho ferekana maikutlo ho ileng ha tlisoa ke khōliso ea mofuta oo. E ke ke ea qojoa.”—Dr. George W. Vroom.
LESOLE le lemetseng hampe le rapaletse le ntse le lutla mali lebaleng la ntoa. Thuso e fihla kapele, ’me lesole le lemetseng le potlakisetsoa sepetlele. Lesole lena le pholohile, empa le sa ntse le e-na le mathata. Maqeba a lona a lokela ho phekoloa, khatello ea maikutlo e bakoang ke phihlelo e bohloko eo le fetileng ho eona e ka ’na ea nka lilemo tse ngata.
Ho bana ba motsoali eo e leng lekhoba la tahi, lelapa le ka tšoana le lebala la ntoa moo litlhoko tsa motheo li hlaseloang. Bana ba bang ba hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali; ba bang ba hlaseloa ’meleng; ba bangata ba lahliloe boikutlong. Mohlankana e mong, ha a hopola nako ea bongoana ba hae o re: “Ho ba le tšabo e ngata e tšoanang le eo ngoana a bang le eona ha a utloa liqhomane li oela kapa lithunya li thunya ka nģa tsohle tsa ntlo eabo.” Ha ho makatse hore ebe bana ba bangata ba makhoba a tahi ba na le matšoao a khatello e matla le ho tepella maikutlo a joaloka a bang teng ho batho bao e kileng ea ba masole!
Ke ’nete hore bana ba bangata ba pholoha khatello ena ea maikutlo ’me qetellong ba tloha hae. Empa e e-ba batho ba baholo ba nang le maqeba ao, le hoja a sa bonahale, e leng a sebele ebile e le a liehang ho fola joaloka a lesole le lemetseng. Gloria o re: “Hona joale ke lilemo li 60, ’me bophelo ba ka bo ntse bo angoa ke khatello ea maikutlo e amanang le ho hlahela lelapeng la motsoali eo e leng lekhoba la tahi.”
Ke’ng se ka etsoang ho thusa batho ba joalo? Bibele ea eletsa: ‘Le be le bona mahlomoleng a bona.’ (Ba-Roma 12:15, Phillips) E le hore motho a ka etsa sena o tlameha ho utloisisa bohloko boo hangata bo tlisoang ke ho phela tikolohong ea bokhoba ba tahi.
“Ha ke e-s’o be Boemong ba Bongoana”
Ho hlokahala hore ngoana a hōlisoe, a hlokomeloe, ’me nako le nako a fuoe kholiseho. Ka lapeng la lekhoba la tahi, hangata tlhokomelo e joalo ea haella. Maemong a mang likarolo tseo litho tsa lelapa li li phethang lia fetoha, ’me ngoana o lebelletsoe ho hōlisa motsoali. Ka mohlala, Albert e ne e le eena ea sebetsang le ho hlokomela lelapa ha a le lilemo li 14! Ngoanana ea bitsoang Jan o ne a phetha karolo e khōlō ea mesebetsi ea lelapa bakeng sa motsoali eo e leng lekhoba la tahi. Hape e ne e le mohlokomeli ea ka sehloohong oa banaba’bo ba banyenyane—o ile a qala ho etsa sena sohle ha a le lilemo li tšeletseng!
Bana hase batho ba baholo, ’me ba ke ke ba sebetsa joaloka batho ba baholo. Ha likarolo tsa bana le batho ba baholo li fetotsoe, bana ba phethang karolo ea motho e moholo kajeno ba fetoha batho ba baholo ba kamoso bao litlhoko tsa bona tse tloaelehileng tsa bongoana li sa khotsofatsoang. (Bapisa le Ba-Efese 6:4.) Moeletsi oa malapa John Bradshaw oa ngola: “Ba hōla ho re ba be le ’mele ea batho ba baholo. Ba shebahala le ho bua joaloka batho ba baholo, empa ka hare ho bona ho na le ngoana e monyenyane ea sa khotsofalang eo le ka mohla litlhoko tsa hae li sa kang tsa khotsofatsoa.” Bana ba joalo ba ka ’na ba ikutloa joaloka Mokreste e mong: “Ke ntse ke na le bohloko bo sa feleng ka baka la ho se khotsofatsoe ha litlhoko tsa ka tsa maikutlo tseo e hlileng e leng tsa motheo ha ke ne ke sa le ngoana.”
“E Tlameha Hore ebe ke Phoso ea ka”
Ha Robert a ne a le lilemo li 13, ntate oa hae o ile a shoa kotsing. A lihile mahlo Robert oa hopola: “Ke ile ka leka hore ke be motho ea molemo. Kea tseba hore ke ne ke etsa lintho tseo a neng a sa li rate, empa ke ne ke se ngoana e mobe.” Robert o ile a jara moroalo o boima oa molato oa bokhoba ba tahi ba ntate oa hae ’me sena se ile sa nka lilemo tse ngata. Robert o ne a le lilemo li 74 ha a ne a pheta litaba tse ka holimo!
Ho tloaelehile hore bana ba jare boikarabelo ba batsoali ba bona bao e leng makhoba a tahi. Ho itjarisa molato ho etsa hore ngoana a ithetse ka hore a ka laola boemo bona. Ho joalokaha Janice a bolela: “Ke ile ka nahana hore haeba ke ne ke bile ngoana ea molemo haholoanyane, ntate o ne a ke ke a khutlela mokhoeng oa hae oa ho noa.”
’Nete ke hore ha ho ngoana—kapa motho e moholo—ea ka susumelletsang, a laola, kapa a thibela motho ofe le ofe ho noa. Haeba motsoali oa hao e le lekhoba la tahi, ho sa tsotellehe hore na u bolelletsoe eng kapa motho e mong o u file maikutlo afe ka tsela e sa tobang, ke feela hore ha u na molato! ’Me ho ka ’na ha hlokahala hore u nahane ka hloko hore na joaloka motho e moholo, u ntse u ikutloa ka ho sa hlokahaleng u ikarabella bakeng sa liketso le boitšoaro ba batho ba bang.—Bapisa le Ba-Roma 14:12; Ba-Filippi 2:12.
“Ha ke Tšepe Mang Kapa Mang”
Tšepo e theiloe holim’a botsoalle le botšepehi. Tikoloho ea lekhoba la tahi e theiloe holim’a lekunutu le ho iphapanyetsa ’nete.
Joaloka mocha, Sara o ne a tseba ka bokhoba ba tahi ba ntate oa hae. Leha ho le joalo, oa hopola: “Ke ne ke ikutloa ke le molato esita leha ke nahana lentsoe lena hobane ha ho lea mong ka lapeng ea neng a le bitsa.” Susan o pheta phihlelo e tšoanang: “Le ka mohla ho ne ho se ea neng a bua ka se neng se etsahala ka lapeng, ba ne ba sa thaba, kapa re khopisoa ke [ntate oa bobeli oa lekhoba la tahi]. Ke nahana hore ke ile ka iphapanyetsa boemo bona.” Kahoo boemo ba sebele ba motsoali eo e leng lekhoba la tahi hangata bo koaheloa ke ho iphapanyetsa ’nete. Susan o re: “Ke ile ka ithuta ho hlokomoloha lintho hobane ke ne ke bone tse lekaneng.”
Tšepo e boetse e senngoa ke boitšoaro ba lekhoba la tahi bo feto-fetohang. O ne a hlasimolohile maobane, empa kajeno oa nyahamisa. Martin eo e leng ngoana ea hōlileng oa ’mè eo e leng lekhoba la tahi o re: “Le ka mohla ke ne ke sa tsebe nako eo pefo e tla qala ka eona.” Lekhoba la tahi ha le boloke litšepiso, eseng ka baka la bohlasoa, empa feela ka baka la tahi. Dr. Claudia Black oa hlalosa: “Ho noa ho fetoha ntho e tlang pele bophelong ba lekhoba la tahi. Lintho tse ling tsohle li ba sebakeng sa bobeli.”
“Ke Ipolokela Maikutlo a ka”
Ha maikutlo a sa arolelanoe ka mokhoa o khotsofatsang, bana ba ithuta ho a boloka. Buka Adult Children—The Secrets of Dysfunctional Families e bolela hore ba ea sekolong ba “bososela ba na le maikutlo a hatelletsoeng,” ’me ha ba na sebete sa ho arolelana mehopolo ea bona le ba bang ka baka la ho tšaba ho senola lekunutu la lelapa. Ponahalo ea bona e ka ntle e bontša hore ha ba na mathata; ka kelellong ba na le maikutlo a hatelletsoeng a qalang ho ba halefisa.
Ha ba se ba hōlile boiteko leha e le bofe ba ho leleka maikutlo ana ka ho re ‘ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsamaea hantle’ hangata ponahalo ea sefahleho ea maiketsetso ea hlōleha. Haeba maikutlo a ke ke a buuoa, a ka ’na a iponahatsa ’meleng—ke hore, ka liso tsa mala, hlooho e sa foleng, le maloetse a mang. Shirley o re: “Ka sebele maikutlo a ne a hlile a nqeta. Ke ne ke tšoeroe ke boloetse bo bong le bo bong ba ’mele bo leng teng.” Dr. Timmen Cermak oa hlalosa: “Bana ba hōlileng ba sebetsana le khatello ka ho latola hore ba na le eona, empa u ke ke oa thetsa Tlhaho. . . . ’Mele o leng tlas’a khatello le pherekano ka lilemo tse ngata o qala ho fokola.”
Ka ’Nģane ho Pholoho
Bana ba hōlileng ba makhoba a tahi ba matla; hore ebe ba pholoha ho ferekana hoo ba bileng le hona esale bana ke bopaki ba ’nete eo. Empa ho hlokahala ho hongata ho feta ho pholoha. Lelapa le tlameha ho ithuta likhopolo tse ncha. Ho ka ’na ha hlokahala hore le tobane le maikutlo a ho ba molato, ho halefa, le boikutlo ba ho se itšepe. Bana ba seng ba hōlile ba makhoba a tahi ba tlameha ho etsa ka matla hore ba apare seo Bibele e se bitsang “botho bo bocha.”—Ba-Efese 4:23, 24, NW; Ba-Kolosse 3:9, 10.
Mosebetsi ona ha o bonolo. LeRoy, eo e leng ngoana ea hōlileng oa motsoali eo e leng lekhoba la tahi, o ile a loanela ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ka lapeng la hae ka lilemo tse 20. “Ha ke fumana keletso e lerato e tsoang ho Mokhatlo ka buka ea Lelapa le litokollo tse ling, ke ne ke sitoa ho utloisisa khopolo e akaretsang ea tsona.a Phello e bile hore ha kea ka ka sebelisa boitsebiso bona ka mokhoa o molemo. . . . Ka baka la ho hloka cheseho, ke ile ka leka ho fumana le ho sebelisa melao ka tloaelo, joaloka Bafarisi.”—Bona Mattheu 23:23, 24.
Ho motho ea kang LeRoy, kōpo e bonolo ea ho “ba ea ratang haholoanyane” kapa ho “buisa” kapa ho “laea bana ba hao” e ka ’na eaba ha ea lekana. Hobane’ng? Hobane e ka ’na eaba le ka mohla ngoana ea hōlileng ha a e-s’o be le phihlelo ea ho sebelisa litšoaneleho tsena kapa matla a ho sebelisa tsebo, kahoo ke joang a neng a ka li bonahatsa kapa hona ho li etsisa? LeRoy o ile a batla phekolo ea lefu la kelello e le hore a ka utloisisa phello eo bokhoba ba tahi ba ntate oa hae bo bileng le eona ho eena. Sena se ile sa bula tsela bakeng sa tsoelo-pele ea moea. O re: “Le hoja ena e bile nako e bohloko haholo bophelong ba ka, e bile nako ea khōlo e khōlō ea moea. Ruri ke ikutloa hore ke qala ho tseba ka nepo seo lerato la Molimo le leng sona.”—1 Johanne 5:3.
Mosali oa Mokreste ea bitsoang Cheryl o ile a rua molemo thusong e tsoang ho mosebeletsi oa sechaba ea nang le phihlelo litabeng tsa bokhoba ba tahi ka lapeng. Hape o ile a tšepa moholo ea leng mohau. O re: “E bile feela ka mor’a hore ke bolele ‘makunutu ’ohle a ka a soabisang’ ke ileng ka ikutloa ke na le khotso le Jehova le ’na ka bonna. Hona joale ke talima Jehova joaloka Ntate oa ka (e leng ntho eo ke neng nke ke ka e etsa pele), ’me ha ke sa ikutloa ke qhekelletsoe ke ntate oa ka oa lefatšeng eo le ka mohla a sa kang a mpha lerato le tataiso tseo ke neng ke li hloka.”
Amy, morali ea hōlileng oa lekhoba la tahi, o ile a hlokomela hore ho sebeletsa ho ntlafatsa “tholoana ea Moea” ho ile ha mo thusa haholo. (Ba-Galata 5:22, 23) Hape o ile a ithuta ho tšepa moholo ea utloisisang bakeng sa mehopolo ea hae le maikutlo. Amy o re: “O ile a nkhopotsa ka kamohelo eo ho hlileng ho hlokahalang hore ke e batle, ea Jehova Molimo le Jesu Kreste. Ho batla lerato la bona le kamohelo le ka mohla e ke ke ea ba ho intša kotsi.”
Ho Fola ka ho Felletseng
Bibele e na le tšepiso e ngotsoeng ea Jesu Kreste ea hore ba tlang ho eena ba imetsoe ke matšoenyeho ba tla khatholoha. (Mattheu 11:28-30) Ho phaella moo, Jehova o bitsoa “Molimo oa matšeliso ’ohle, o re tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna.” (2 Ba-Korinthe 1:3, 4) Maureena o re: “Ke ile ka tseba Jehova joaloka Eo le ka mohla a ke keng a ntahla ’meleng, kelellong kapa boikutlong.”
Re phela mehleng eo Bibele e e bitsang mehla ea bofelo, nakong eo batho ba bangata—esita le tikolohong ea lelapa—e leng ba ‘mekhoa e mebe, ba se nang lerato la tlhaho, le ba bohale.’ (2 Timothea 3:2, 3, The New English Bible) Empa Molimo o tšepisa hore haufinyane o tla tlisa lefatše le lecha la khotso moo o tla felisa meokho le masoabi. (Tšenolo 21:4, 5) Mokreste e mong ea hōletseng lelapeng la bokhoba ba tahi o re: “Re tšepa hore rōna bohle re tla kena lefatšeng leo le lecha, moo re tla fola ka ho felletseng ’me ke Jehova feela ea ka fanang ka seo.”
’NETE EA HISTORI
“Ke ngoana ea hōlileng oa lekhoba la tahi. Ntate e bile lekhoba la tahi ha ke le lilemo li robeli. Nakong eo a noeleng ka eona, o ne a ba mabifi. Ke hopola tšabo eo lelapa lohle le neng le e-ba le eona. Ha ke ne ke lokela ho ba le nako ea bongoana e thabisang, ke ile ka ithuta ho boloka maikutlo, litlhoko, litakatso, le tšepo ea ka e le lekunutu. ’Mè le Ntate ba ne ba tšoarehile haholo ba sebetsana le bothata bona e le ba sa fumaneheng bakeng sa ka. Ba ne ba ke ke ba senya nako ea bona ka ’na. Ke ile ka ikutloa ke le ea se nang thuso. Ha ke le lilemo li robeli mosebetsi oo ke neng ke lokela ho o etsa o ile oa nqobella hore ke emise ho ba ngoana—hore ke hōle ka ho panya ha leihlo le ho jara mesebetsi ea lelapa. Sena se ile sa kena-kenana le bophelo ba ka.
“Boitšoaro ba ntate oa ka bo ne bo soabisa hoo masoabi a hae a neng a fetela ho ’na. E le hore ke itšelise ke ile ka leka ho ba ea phethahetseng. Ke ile ka ba ea fanang boikutlong, ka leka ho reka lerato, le ka mohla ha kea ka ka ikutloa ke loketse ho ratoa tlas’a maemo afe le afe. Bophelo ba ka bo ile ba fetoha tšebeletso, maikutlo a ka a sa fetohe. Lilemo tse ’maloa ka mor’a moo monna oa ka le bana ba ka ba ile ba mpolella hore ke roboto, e etsang lintho ka tloaelo feela. Ke bile lekhoba la bona ka lilemo tse 30, ka tela litlhoko tsa ka tsa boikutlo molemong oa tsa bona, ke ile ka ba sebeletsa joalokaha ke ile ka sebeletsa batsoali ba ka ka mehla. Na ena e ne e le tsela eo ke lebohuoang ka eona? E bile bohloko ba ho qetela!
“Ka baka la bohale, ho ferekana, le ho tepella, ke ile ka ikemisetsa ho fumana hore na ke’ng se phoso ka ’na. Ha ke ntse ke bua le ba bang ba ileng ba hōlela malapeng a makhoba a tahi, maikutlo a mangata a hatelletsoeng a ile a qala ho tsoa, lintho tseo le ka mohla li sa kang tsa hopoloa pele, lintho tse neng li bakile litlhaselo tseo ke neng ke thulana le tsona khafetsa le ho tepella maikutlo ho fokolisang. Ho ne ho tšoana le ho jarolloa moroalo, ho lokoloha khatellong. E bile khatholoho e kaakang ho tseba hore ha ke mong, hore ba bang ba kopanela le ’na le ho utloisisa pherekano e bileng teng khōlisong ea ka lelapeng la bokhoba ba tahi!
“Ke ile ka retelehela sehlopheng se bitsoang Bana ba Hōlileng ba Makhoba a Tahi ’me ka qala ho sebelisa liphekolo tse ling tsa bona. Libuka tsa Mathata a Lokelang ho Rarolloa li ile tsa nthusa hore ke fetole maikutlo a fosahetseng. Ke ile ka ngola boikutlo ba ka ba letsatsi le letsatsi e le hore ke hlahise maikutlo a eketsehileng, maikutlo a neng a patiloe ka lilemo tse ngata. Ke ile ka mamela litheipi tse rutang batho hore na ba ka ithusa joang. Ke ile ka shebella lipuisano tsa TV tse neng li tšoeroe ke monna eo e leng ngoana ea hōlileng oa lekhoba la tahi. Buka Feeling Good, e tsoang Sekolong sa Bongaka sa Univesithi ea Pennsylvania, e ile ea nthusa hore ke hahe boikutlo ba ho itšepa le ho ntlafatsa mekhoa ea ka e fosahetseng ea ho nahana.
“Tse ling tsa litsela tsena tse ncha tsa ho nahana li ile tsa fetoha kofuto, lipolelo tse nthusang ho sebetsana ka katleho le bophelo le ho sebelisana le batho. Tse ling tsa tsona tseo ke ileng ka ithuta tsona le ho li sebelisa ke tsena: Seo e leng taba hase se ileng sa re etsahalla, ke tsela eo re se talimang kapa re se utloisisang ka eona. Maikutlo haa lokela ho hatelloa ka hare empa ho hlokahala hore a hlahlojoe le hore a buuoe ka tsela e tla tlisa phetoho e molemo kapa a hlokomolohuoe. Kofuto e ’ngoe ke polelo e reng ‘nka bohato ba ho nahana ka tsela e nepahetseng.’ Ketso e entsoeng ka makhetlo a ’maloa e ka haha sebōpeho se secha sa boko.
“Kofuto ea bohlokoa ka ho fetisisa ke Lentsoe la Molimo, Bibele. Ho eona le liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova, hammoho le ho baholo ba tsona le ho Lipaki tse ling tse hōlileng tsebong, ke ile ka fumana ho fola ho molemo ka ho fetisisa moeeng, ’me ke ithutile ho ithata ka tsela e loketseng. Ke boetse ke ithutile hore ke motho ea nang le botho bo khethehileng, hore ha ho motho ea tšoanang le ’na bokahohleng. Habohlokoa ka ho fetisisa kea tseba hore Jehova oa nthata, le hore Jesu o shoele bakeng sa ka le batho ba bang.
“Hona joale, selemo se le seng le halofo hamorao, nka bolela hore ke boemong bo molemo haholoanyane ka karolo ea 70 lekholong. Ho fola ka ho felletseng ho tla tla feela ha tsamaiso e ncha ea ho loka ea Jehova e se e nketse lefatše le khopo la hona joale le molimo oa lona, Satane Diabolose sebaka.”
QETELLO
Bibele e re: “Keletso e leng ka pelong ea motho e tšoana le metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho ke ea tla e ntša.” (Liproverbia 20:5, NW) Motho ea thusang motho ea tepelletseng maikutlo u tlameha hore a be le temoho e le hore a ka atleha ho ntša lintho tse mo tšoenyang ka metsing a tebileng a pelo. Ho molemo haholo “ha baeletsi ba le bangata” haeba ba na le temoho. (Liproverbia 11:14) Maele a latelang le ’ona a bontša bohlokoa ba ho batla keletso ho ba bang ha a re: “Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.” (Liproverbia 27:17) Ha batho ba tšoenyehileng ba buisana, “ba ka ’na ba khothatsana.” (Ba-Roma 1:12, NW) ’Me e le hore ba ka sebetsa tumellanong le khothatso ea Bibele e reng: “le tšelise ba pelo li tepeletseng.”—1 Ba-Thessalonika 5:14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng, e hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]
Bana ba bangata ba makhoba a tahi ba na le matšoao a khatello e matla le ho tepella maikutlo a joaloka a bang teng ho batho bao e kileng ea ba masole!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
Tikoloho ea lekhoba la tahi e theiloe holim’a lekunutu le ho iphapanyetsa ’nete
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]
Ba ea sekolong ba “bososela ba na le maikutlo a hatelletsoeng”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]
“Hona joale ke talima Jehova joaloka Ntate oa ka (e leng ntho eo ke neng nke ke ka e etsa pele)”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]
Kofuto ea bohlokoa ka ho fetisisa ke Lentsoe la Molimo, Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
“Ka sebele maikutlo a ne a hlile a nqeta”