Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 11/8 maq. 25-26
  • Tumelo ea Wyndham—Kamoo e Ammeng ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tumelo ea Wyndham—Kamoo e Ammeng ba Bang
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phello ho Bacha ba Bang
  • E Matlafalitse Tumelo ea Bohle
  • Jehova o Ile a Nthusa Hore ke mo Fumane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na Ehlile ke Sefate?
    Tsoha!—2008
  • “Re fe Tumelo e Eketsehileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Maikutlo a Babali Bukeng ea Bacha Baa Botsa
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 11/8 maq. 25-26

Tumelo ea Wyndham—Kamoo e Ammeng ba Bang

MAKASINE oa Tsoha! (ka Senyesemane) oa August 22, 1991, o ile oa phatlalatsa sehlooho se neng se bua ka ho tšepahala ha Wyndham Cook molaong oa Molimo o laelang Bakreste ho tela mali. (Liketso 15:20; 21:25) Wyndham o ne a ruruhile methapo ea mali e ’metsong, ’me mali a hae a ne a sa khone ho etsa mahloele ka hona o ne a tsoa mali ka nako e telele. Sehlooho seo se ile sa tlaleha hore o ile a pholoha liketsahalo tse ’maloa tsa ho tsoa mali, e ’ngoe ea tsona e ne e le ha tekanyo ea hae ea mali ea hemoglobin e ne e le ka tlaase ho 2. Ka masoabi, ha tokollo eo e ka holimo e il’o hatisoa, Wyndham o ile a shoa ka mor’a ho mamella ketsahalo e ’ngoe ea ho tsoa mali.

Phello ho Bacha ba Bang

Bacha ba bangata United States ba ile ba ngolla Tsoha! ho hlalosa kananelo ea bona bakeng sa sehlooho seo ’me ba hlalosa phello eo se bileng le eona ho bona. Mocha e mong oa Clinton, Iowa, o ile a re: “Ha ke bala kamoo moshemane enoa ea lilemo li 15 a ileng a ikemela pel’a lingaka ka teng ’me a li hlalosetsa ka mamello lebaka la hore a hane mali, ho ile ha etsa hore ke hlahlobe tumelo ea ka ’me ke ipotse hore na nka be ke entse joang. Tumelo ea Wyndham le mamello li ile tsa etsa hore ke ikutloe ke ikemiselitse haholoanyane ho feta leha e le neng pele hore haeba nka ba boemong bo amang bophelo le lefu, ke eme ke tiile kamoo a ileng a etsa ka teng.”

Lengolo le ileng la amoheloa ho tsoa ho mocha ea lilemo li 15 oa Maiden, Carolina Leboea, le ile la re: “Ka mor’a ho bala ka ho utloa bohloko ha Wyndham le ho itšetleha ha hae ka Jehova esita le ho isa lefung, ke ile ka lla. Ke ile ka itlhahloba botebong ba maikutlo a ka, ‘Na tlas’a maemo a tšoanang ke ne ke tla beha bophelo ba ka matsohong a Molimo ’me ke behe tšepo ea ka e felletseng ho eena hore a nkhopole?’

“Ke balile sehlooho seo ka makhetlo a mangata, ’me ke ikemiselitse ho se bala nako le nako ha ke ikutloa ke khathetse matla ke lefatše lena le hatellang. Tumelo ea Wyndham e fana ka khothatso. Ke lebeletse ho kopana le eena lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng la Jehova.”

Mocha e mong oa New York City, o ngotse: “Ke atisa ho ipeha boemong bo tšoanang le ba Wyndham Cook ’me ke ipotse hore na ke ne ke tla re’ng ha ngaka ea ka e mpolella hore ke tla shoa haeba ke sa lumele hore ho enteloe mali methapong ea ka. Ka nako tsohle mehlala e matla, e kang oa Wyndham, e mpha sebete le matla ho etsa sohle se matleng a ka tšebeletsong ea Jehova.”

Mocha e mong oa Kent, Washington, o hlalositse: “Ke ile ka nka makasine ona posong maobane ’me ka o bala ka ba ka o qeta pele ke fihla hae. Ke ile ka letsetsa metsoalle ea ka phuthehong ho e khothalletsa sehlooho sena. Eaba mantsiboeeng ao re se bala thutong ea rōna ea lelapa.” Ha a hlokomela phello eo se bileng le eona ho eena, o ile a re: “Ha sea ipaka se khothatsa se bile se matlafatsa tumelo feela, empa se ile sa etsa hore, ke le lilemo li 17, ke ipotse hore na nka khona ho mamella teko e joalo.”

Mocha e mong oa Berwick Leboea, Maine, o ngotse: “Ke ne ke khona ho utloisisa Wyndham hobane le ’na ke lilemo li 15. Ke sitoa ho bolela kamoo mamello le sebete sa hae li ntšusumelelitseng ka teng ho etsa sohle se matleng a ka tšebeletsong ea Jehova. Haeba a ne a khona ho etsa ho hokaalo ho khahlisa Molimo esita leha a ne a le boemong boo bo fokolang, joale ke lebaka lefe leo nka le behang la ho se etse sohle se matleng a ka?

“Ha ke qeta ho bala sehlooho seo se monate, mahlo a ka a ne a tletse likhapha. E ne eka ke ne ke tsebile Wyndham ka nako e telele. Ekare ho ka be ho le joalo. Eaba ke sheba setšoantšo sa hae le batsoali ba hae ’me ka nahana kamoo ka taba-tabelo ke potlaketseng ho bona pososelo ea hae e ntle hape ka mor’a tsoho a se a ke ke a hlola a utloa bohloko.”

E mong ea lilemo li 15 o ne a batla ho tsebisa batsoali ba Wyndham kamoo a ileng a ikutloa ka teng ka sehlooho sena. O ngotse: “Sebete sa Wyndham se nthusitse hore ke bone hore ke hloka ho ikemisetsa ho emela tumelo ea ka. Ka tšohanyetso nka ba boemong bo tšoanang le ba hae. Ke mpa feela ke tšepa hore ha nako ea ho nka khato eo e ka ea tla, ke be sebete ’me ke tiee joaloka Wyndham ha a ne a latela seo Bibele e se bolelang.

“Ke ne ke sa tsebe Wyndham, hoo ke nahanang hore ke tahlehelo ka bohona, empa ke lebeletse ho mo tseba lefatšeng le lecha. Pale ea hae e ntšusumelelitse ho etsa sohle seo nka se khonang tšebeletsong ea Jehova le ho se etsa ho isa bofelong.”

E Matlafalitse Tumelo ea Bohle

Motsoali e mong oa Newark, New Jersey, o ile a hlalosa: “Ke bile Paki ea Jehova ka lilemo tse 22 empa ke ile ka qala ho ea libokeng pele ho moo. Ka linako tsohle ke ’nile ka bala limakasine tsa ka, empa ha ke e-s’o bale pale e amang le e khothatsang joaloka ea Wyndham Cook.

“Hona joale nka tsoela pele ke phetha karolo ea ka eo ke e filoeng ke Molimo ea botsoali ka ho thusa morali oa ka ea lilemo li leshome ho ema a tiile ’me a sireletse tumelo ea hae joalokaha Wyndham a entse. Ho sa tsotellehe hore na e ka ba taba ea mali, lithethefatsi, likamano tsa botona le botšehali, kapa bobe leha e le bofe boo Satane a ka bo tlisang ho rōna, haholo-holo bacha ba rōna bohle, re tlameha ho tsoela pele ho lula re le matla ka ho aha tumelo ea rōna.”

Paki e ’ngoe ea Cadiz, Kentucky, e ile ea hlalosa maikutlo a tšoanang, ea ngola: “Sehlooho sena ke se seng sa tse amang ka ho fetisisa tseo nkileng ka li bala. Wyndham e ne e le mohlala o motle oo bacha bohle ba ka o latelang. Ke ile ka lla ha ke bala hore na Paki ena e ncha e ile ea tlameha ho mamella eng. Ka hlokomela kamoo kaofela ha rōna, ba bacha le ba baholo, re lokelang ho latela boemo ba hae bo sebete. Mohlala oa Wyndham o entse hore ke boele ke itlhahlobe. O bile o entse hore ke leke haholoanyane ho sebeletsa Jehova ka sephefumolohi sohle, ka linako tsohle ke leka ho beha mohlala o motle, joaloka Wyndham, mabapi le ho halaletsa lebitso la Jehova.”

Paki e ’ngoe ea Palm Springs, California, e ngotse: “Sehlooho sena se amme pelo ea ka ka ho khetheha. Ke na le bana ba bahlano, ’me ke tšepa ebile ke rapela hore haeba ba ka talimana le boemo bo kang bona bo bohloko, ba be le matla a tumelo a kang ao Wyndham a neng a e-na le ’ona. . . . Wyndham ke mohlala o motle ho bacha ba rōna.”

Tumelo ea sebele ke tebello e kholisehileng ea lintho tse lebeletsoeng le hoja motho a e-s’o ka a bona kapa a e-ba le phihlelo ea lintho tseo. (Ba-Heberu 11:1) Wyndham o ne a e-na le tumelo lefatšeng le lecha la Molimo le tsohong ea bafu ka baka la tsebo e nepahetseng litšepisong tsa Bibele. (Liketso 24:15; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) Tumelo e joalo, e bonahalitsoeng esita le lintšing tsa lefu, ka sebele e matlafatsa boena ba lefatše lohle.—1 Petrose 5:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela