Ho Kulisoa ke Chefu ea Loto—Bothata ba Lefatše Lohle
SEHLOPHA sa bahloli ba naha sa Sir John Franklin se neng se na le morero oa ho fumana Phaseje e ka Leboea Bophirimela se ne se le tsietsing. Likepe tsa hae tse peli li ne li pota-potiloe ke leqhoa, ’me mariha a nkang nako e telele a Ntlheng ea Lefatše e ka Leboea a ne a sa tsoa kena. E mong oa basebetsi ba sekepeng o ne a se a shoele ka mokhoa oa mohlolo—o ile a thotofala butle-butle, a hlanya, ’me qetellong o ile a felloa ke matla a shoa. Bohlanya bona e ile ea ba kobo-anela. Banna ba eketsehileng ba shoa. Ka mor’a hore palo ea ba shoeleng e fihle ho 24 lilemong tse peli tse latelang, batho ba ntseng ba phela sehlopheng sena ba ne ba ikemiselitse ho tloha likepeng tsa bona hoo ba ileng ba nka leeto ba leba boroa ba feta sebakeng seo ho seng batho ba ahileng ho sona seo leqhoa le letseng ho sona, ba hula lilei tse khōlō tse tšetseng thepa ea bona e ngata eo e seng ea bohlokoa, esita le thepa e mabotho-botho. Ha ho lea mong sehlopheng sena sa bahloli ba naha ea ileng a pholoha. Sena se etsahetse ka 1848. Ka lilemo tse ka bang 140, sesosa sa bohlanya ba bona e ne e le sephiri. Empa lilemong tse leshome tse fetileng, litlhahlobo tsa moriri le tsa liphatsa tsa masapo li ile tsa senola ntho e ka sehloohong eo e leng sesosa sa bothata bona: loto. Banna bana ba ne ba jele nama e bolokiloeng ka makoti-koting a koetsoeng ka ho bitieloa ka loto. Ba ne ba kulisoa ke chefu ea loto!
Ho kulisoa ke chefu ea loto e bile bothata khale pele ho nako ea sehlopha seo sa bahlōli ba naha se shoeleng, ’me ho totobetse hore e bile bothata bo sokelang bophelo bo botle lefatšeng lohle ho tloha ka nako eo. Lilemong tsa morao tjena meqolo e mengata e ’nile ea ngoloa mabapi le mathata a ho kulisoa ke chefu ea loto. Mekhatlo ea bophelo bo botle ho pota lefatše e thatafalloa ke ho sebetsana le mathata ana ka katleho. Haholo-holo linaheng tse kang Latin America le Europe Bochabela, moo ho se nang melao e mengata ea taolo ea tikoloho, ho kulisoa ke chefu ea loto ke bothata bo ntseng bo tsoela pele. Lichaba tse tsoetseng pele le tsona lia ameha.
Lilemong tse leshome tse fetileng, bahlanka ba bophelo bo botle Australia, Denmark, Jeremane, Mexico, Scotland, le United States ba ile ba qala ho etsa liphuputso e le hore ba ka lekanyetsa hore na litekanyo tse nyenyane tsa loto li kotsi hakae ho batho, haholo-holo bana ka baka la ho tšosoa ke bopaki bo ntseng bo eketseha ba hore ho kulisoa ke chefu ea loto ho fetohile boloetse bo atileng.
E Kotsi Hakae?
Na ho pepeseha tšepeng e pala, e tloaelehileng ho ka hla ha ba kotsi hakaalo? Dr. Richard Wedeen, mongoli oa Poison in the Pot: The Legacy of Lead, o lumela hore loto e ka fela ea silafatsa tšebetso ea lik’hemik’hale ’meleng oa motho. Kahoo o etsa qeto ea hore “loto e ka amahanngoa le khatello ea mali, li-stroke, le lefu la pelo le la liphio.” Wedeen o lumela hore batho ba bang ba baholo ba hlasetsoeng ke chefu e mabifi ea loto ba ka ’na ba fetoha makhoba a tahi ’me ba qetella ba lula litsing tsa batho ba kulang kelellong.
The World Book Encyclopedia e thathamisa matšoao a mang a kang ho fokolloa ke mali, ho otsela, ho honyela mesifa, ho fokola, ho shoa litho, mahlaba ka maleng, le ho hlatsa. Buka ena ea tsebo ea tlaleha: “Ho senyeha ha boko, boemo ba ho se ikutloe, le ho honyela ha methapo li ba teng bathong ba maemong a mabe haholo, ’me boemo bo feteletseng ba ho kulisoa ke chefu ea loto bo feletse ka lefu.” Ngaka e ’ngoe e tsebahalang e bolela hore karolo e khōlō ea ba hlaphoheloang ba se ba le boemong bo bobe haholo, boko ba bona bo senyeha ka nako e telele.
Ha e le hantle, ke eng seo loto e se etsang hore e hlahise matšoao aa? Ha e le hantle, ka phoso ’mele o utloa eka loto ke calcium, kahoo ha o etse boiteko ba ho e ntša. Ha e ntse e solla tsamaisong ea mali, loto e kotsi hohle moo e eang teng. Ha e le maling, e sitisa tlhahiso ea hemoglobin, e leng ho senyang matla a mali a ho tsamaisa oxygen. Ha e le bokong le tsamaisong ea methapo, e khomarela liprotheine tsa sehlooho tse bitsoang li-enzyme ’me e etsa hore li se ke tsa sebetsa. Masapo a bokella loto ’me aa e boloka, ’me ka linako tse ling a e ntša ka mor’a nako e telele haholo e se e entse tšenyo e eketsehileng.
Litšoaneleho tse peli tsa chefu ea loto e kulisang motho li etsa hore e be kotsi ka ho khethehileng. Ea pele, e ka ba boloetse bo mano, bo itlhahisang mohato ka mohato, boo ho leng thata hore bo fumanoe. Ea bobeli, haholo-holo ka baka la phetoho e khōlō e etsahetseng lifemeng tse khōlō loto e batla e le hohle tikolohong ea rōna.
Tšepe e Leng Hohle
Kajeno, melemo ea loto e lekanyelitsoe feela ke monahano oa motho. Ka mohlala, ho tloha lilemong tsa bo-1920 ho fihlela morao tjena, litone tse limillione tsa loto li ’nile tsa tšeloa peteroleng ho ntlafatsa tšebetso ea enjine. Loto e ’nile ea sebelisoa ka ho pharaletseng ferefeng le hoja hona joale linaha tse ling li lekanyelitse tšebeliso e joalo haholo.
Empa le haeba u phela naheng eo ho eona e leng khale batho ba thibetsoe ho sebelisa loto ferefeng kapa peteroleng, e ka ’na eaba ha ua sireletseha ka ho feletseng hore u ka pepesetsoa loto. Ka mohlala mohlomong u lula ntlong kapa kamoreng e ileng e ferefuoa pele melao e joalo e sebetsa. Kapa mohlomong moo u lulang, ho na le likoloi tse ngata tsa khale tse ntseng li sebelisa peterole e nang le loto, tse ntseng li ntša mosi o nang le loto o silafatsang moea le mobu o u potolohileng.
Hape, loto e ’nile ea sebelisoa ka ho pharaletseng lipeiping tsa tsamaiso ea metsi le bakeng sa ho kopanya lipeipi tsena ka ho li bitiela ka eona. Thepa e sireletsang motho lotong e sebelisoa bakeng sa ho sireletsa litheknishiene tsa X-ray le batho ba sebetsanang le matla a nuclear khanyeng e kotsi. Lipompo tsa metsi a ho noa ao litanka tsa oona li bitietsoeng ka loto moo likarolo tsa tsona li kopanang li ntse li sebelisoa, joaloka makoti-koti a lijo ao likarolo tsa oona li kopanngoang ka ho bitieloa ka loto. Kristale ea loto e sa bonahaleng e tloaelehile likhalaseng le libotlolong tsa veine. Esita le libotlolo tse ling tsa bana li entsoe ka kristale ea loto. Ho na le li-plate tsa loto libetering tsa likoloi. Likulo tsa loto le litholoana tse tsoang ha sethunya se thunya li sebelisoa ke batho ba limillione tse ngata. Lethathamo lena le bonahala e le le ke keng la fela.
Le hoja lefapha la bongaka le amehile ka ho tebileng ka chefu ea loto e kulisang batho ba baholo, bahlaseluoa bao ho leng bonolo hore boloetse bona bo ba hlasele ke bana. Hobane’ng ha e le bana? ’Me ke joang u ka itšireletsang ua ba ua sireletsa bana boloetseng boo bo fokolisang ’meleng le kelellong?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Na ho pepeseha tšepeng e tloaelehileng ho ka hla ha ba kotsi hakaalo?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Ka baka la ho solla tsamaisong ea mali ka bolokolohi, loto e baka tšenyo hohle moo e eang teng
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
“Loto e ka ’na ea amahanngoa le khatello ea mali, li-stroke, le lefu la pelo le la liphio”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]
Photo: Painting by Thomas Smith, courtesy of the Maritime Museum, Greenwich, England